Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • fg thuto 9 lipotso 1-5
  • U ka Etsa Joang Hore Lelapa la Hao le Thabe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka Etsa Joang Hore Lelapa la Hao le Thabe?
  • Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Joang U ka Bang le Lelapa le Thabileng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Kamoo U ka Etsang Hore Bophelo ba Lelapa la Hao e be bo Thabileng
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Matlafatsang Lenyalo la Lōna ’me le Thabe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
fg thuto 9 lipotso 1-5

Thuto 9

U ka Etsa Joang Hore Lelapa la Hao le Thabe?

1. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore batho ba nyalane ka molao e le hore lelapa le thabe?

Banyalani ba tiisa lenyalo

Litaba tse molemo li tsoa ho Jehova, Molimo ea thabileng, ea batlang hore malapa a thabe. (1 Timothea 1:11) Ke eena moqapi oa lenyalo. Ho bohlokoa hore batho ba nyalane ka molao e le hore lelapa le thabe le hore e be sebaka se sireletsehileng seo bana ba ka hōlisetsoang ho sona.

Molimo o talima lenyalo joang? O batla hore e be tlamahano e sa feleng pakeng tsa monna le mosali. Bakreste ba lokela ho hlompha melao ea sebaka seo ba phelang ho sona mabapi le tsela eo manyalo a ngolisoang ka eona. (Luka 2:1, 4, 5) Jehova o batla hore banna le basali ba tšepahale. (Baheberu 13:4) O hloile tlhalo. (Malakia 2:16) Empa o lumella Bakreste ho hlala le ho kena lenyalong hape haeba molekane e mong a febile.​—Bala Matheu 19:3-6, 9.

2. Monna le mosali ba lokela ho tšoarana joang?

Monna le mosali ba thabileng

Jehova o bōpile monna le mosali hore ba thusane lenyalong. (Genese 2:18) Joaloka hlooho, monna o lokela ho hlokomela lelapa ka litlhoko tsa nama, ’me o boetse o lokela ho le etella pele ho le ruta ka Molimo. Lerato la hae le lokela ho mo susumelletsa ho itella mosali oa hae. Banna le basali ba lokela ho hlomphana. Kaha banna le basali ha baa phethahala, ba lokela ho ithuta ho tšoarelana e le hore lenyalo la bona le thabe.​—Bala Baefese 4:31, 32; 5:22-25, 33; 1 Petrose 3:7.

3. Na u lokela ho siea molekane oa hao haeba u sa thaba lenyalong?

Haeba le e-na le mathata lenyalong, le lokela ho sebetsa ka thata e le hore le tšoarane ka lerato. (1 Bakorinthe 13:4, 5) Lentsoe la Molimo ha le khothalletse karohano e le tsela ea ho rarolla mathata a tloaelehileng a lenyalo.​—Bala 1 Bakorinthe 7:10-13.

4. Bana, Molimo o le lakaletsa’ng?

Batsoali ba thusa bana ba bona lapeng

Jehova o lakatsa hore le thabe. O le fa keletso e molemo haholo ea kamoo le ka thabelang bocha ba lōna kateng. O batla hore le ithute bohlaleng le phihlelong ea batsoali ba lōna. (Bakolose 3:20) Jehova o boetse o batla hore le latsoe thabo ea ho sebeletsa ’Mōpi oa lōna le Mora oa hae.​—Bala Moeklesia 11:9–12:1; Matheu 19:13-15; 21:15, 16.

5. Batsoali, le ka etsa joang hore bana ba lōna ba thabe?

Motsoali o buisana le ngoana oa hae

Le lokela ho sebetsa ka thata e le hore le ka fa bana ba lōna lijo, bolulo hammoho le liaparo. (1 Timothea 5:8) Empa e le hore bana ba lōna ba thabe, le boetse le lokela ho ba ruta ho rata Molimo le hore ba ithute ho eena. (Baefese 6:4) Haeba le behela bana ba lōna mohlala oa ho rata Molimo, ba tla susumeletseha ho le etsisa. Haeba taeo eo le ba fang eona e thehiloe Lentsoeng la Molimo, e ka etsa hore ba nahane ka tsela e molemo.​—Bala Deuteronoma 6:4-7; Liproverbia 22:6.

Haeba u khothatsa bana le ho ba babatsa ba ka tsoha molota. Ba boetse ba hloka ho khalemeloa le ho lauoa. Ho ba koetlisa ka tsela eo ho ka ba sireletsa boitšoarong bo ka ba hlokisang thabo. (Liproverbia 22:15) Leha ho le joalo, ha baa lokela ho khalemeloa ka tsela e sehlōhō le e se nang kutloelo-bohloko.​—Bala Bakolose 3:21.

Lipaki Tsa Jehova li hatisa libuka tse ’maloa tseo ka ho khetheha li etselitsoeng ho thusa batsoali le bana. Libuka tsena li thehiloe Bibeleng.​—Bala Pesaleme ea 19:7, 11.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 14 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela