Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w13 9/1 leq. 16
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U ka Etsa Joang Hore Lelapa la Hao le Thabe?
    Litaba Tse Molemo Tse Tsoang ho Molimo!
  • Sireletsa Lenyalo la Hao
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
  • Ho Fumana Thabo Mphong ea Lenyalo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Kamoo U ka Hahang Lenyalo le Thabileng
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
w13 9/1 leq. 16

LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA

Ke’ng e etsang hore lenyalo e be le thabileng?

Keletso ea Bibele e thusang banyalani hore e be ba thabileng e ea atleha hobane e tsoa ho Moqapi oa lenyalo, e leng Jehova Molimo. Bibele e re ruta hore re be le litšobotsi tse ntle tse etsang hore banyalani ba thabe ’me e re lemosa ka lintho tse ka qhalang lenyalo. E boetse e re ruta mekhoa e metle ea puisano e leng ho etsang hore banyalani ba thabe haholoanyane.—Bala Bakolose 3:8-10, 12-14.

Monna le mosali ba lokela ho hlomphana. Haeba ka bobeli ba phetha karolo eo Molimo a ba fileng eona lenyalong, ba ka thaba.—Bala Bakolose 3:18, 19.

Ke’ng e etsang hore lenyalo le tšoarelle?

Banyalani ba ka lula hammoho haeba ba ratana. Molimo o re ruta hore na re ka ratana joang. Eena le Mora oa hae, Jesu, ba re behela mohlala o phethahetseng oa lerato le nang le boitelo.—Bala 1 Johanne 4:7, 8, 19.

Ha monna le mosali ba hlompha lenyalo joalokaha e le tokisetso ea Molimo, ba tla lula hammoho. Molimo o thehile lenyalo hore e be kamano e sa feleng pakeng tsa monna le mosali e le hore malapa a ka ikutloa a sireletsehile. Lenyalo le ka tšoarella hobane Molimo o bōpile monna le mosali ka tsela eo ba ka khonang ho tlatsana hantle maikutlong le ’meleng. O boetse o ba bōpile ka setšoantšo sa hae, ba e-na le bokhoni ba ho etsisa lerato la hae.—Bala Genese 1:27; 2:18, 24.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 14 ea buka ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova

U ka ikopiletsa eona Inthaneteng ho www.jw.org/st

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela