Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb21 January leq. 5
  • Sireletsa Lenyalo la Hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sireletsa Lenyalo la Hao
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se ka Atlehisang Manyalo a Bakreste
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Haeba Lenyalo le le Mothating oa ho Qhalana
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Ho Fumana Thabo Mphong ea Lenyalo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
mwb21 January leq. 5
Monna le mosali ba lutse fatše ba ntse ba hlatsoa liphahlo ba thabile.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Sireletsa Lenyalo la Hao

Jehova o nka kano ea lenyalo e le ntho ea bohlokoa haholo. O ile a re monna le mosali ba tla khomarelana. (Mat 19:​5, 6) Ho na le bahlanka ba Molimo ba bangata ba thabileng manyalong a bona. Leha ho le joalo, kaha ha rea phethahala ho tla ba le mathata lenyalong. Batho ba bang ba nahana hore ho hlala kapa ho arohana ke tharollo ea mathata lenyalong, empa rona ha rea lokela ho ikutloa joalo. Joale Bakreste ba ka sireletsa manyalo a bona joang?

U ka etsa lintho tsena tse hlano tsa bohlokoa:

  1. Sireletsa pelo ea hao ka hore u qobe lintho tse ka etsang hore motho e mong ntle le molekane oa hao a nahane hore oa mo rata. Hape qoba le boithabiso bo fosahetseng kaha bo ka senya lenyalo la hao.​—Mat 5:​28; 2Pe 2:14.

  2. Matlafatsa kamano ea hao le Molimo ’me o ikemisetse ho etsa hore lenyalo la hao le thabise Jehova.​—Pes 97:10.

  3. Tsoela pele ho apara botho bo bocha ka ho etsa lintho tse tla thabisa molekane oa hao, esita le lintho tseo ho bonahalang eka li nyane.​—Kol 3:​8-10, 12-14.

  4. Buisanang ka tlhompho kamehla.​—Kol 4:6.

  5. Bontša molekane oa hao lerato ka ho mo fa tokelo ea hae ea lenyalo.​—1Ko 7:​3, 4; 10:24.

Ha Bakreste ba hlompha lenyalo la bona, ba bontša hore ba hlompha Moqapi oa lenyalo e leng Jehova.

SHEBELLANG VIDEO EA RE LOKELA HO “MATHA KA MAMELLO”​—MAMELA MELAO EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Setšoantšo se hlahang videong ea ‘Re Lokela ho “Matha ka Mamello”​—Mamela Melao.’ Mora le morali oa bo rona Bereng baa bososela lechatong la bona Holong ea ’Muso.

    Le hoja ho ka qala ho le monate lenyalong ke mathata afe a ka hlahang?

  • Setšoantšo se hlahang videong ea ‘Re Lokela ho “Matha ka Mamello”​—Mamela Melao.’ Mora le morali oa bo rona Bereng ba buisana ka mathata a bona ba khobile matšoafo. Ba behile Bibele tafoleng.

    Ke joang melao-motheo ea Bibele e ka thusang banyalani ba utloang eka ha hona lerato lenyalong la bona?

  • Setšoantšo se hlahang videong ea ‘Re Lokela ho “Matha ka Mamello”​—Mamela Melao.’ Mora oa bo rona Bereng o balla mosali le barali ba hae ba babeli buka ea ‘Buka eaka ea Lipale Tsa Bibele.’

    Sebelisang melao-motheo ea Bibele hore le thabe lenyalong la lona

    Jehova o file banyalani melao efe?

  • Banyalani ba lokela ho etsa’ng e le hore lenyalo la bona le atlehe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela