Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yc thuto 8 maq. 18-19
  • Josiase o ne a E-na le Metsoalle e Lokileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Josiase o ne a E-na le Metsoalle e Lokileng
  • Ruta Bana ba Hao
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Josiase o Ile a Khetha ho Etsa se Nepahetseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Josiase o ne a Rata Molao oa Molimo
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Josiase ea Ikokobelitseng o Ile a Ratoa ke Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Morena oa ho Qetela ea Molemo oa Iseraele
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Ruta Bana ba Hao
yc thuto 8 maq. 18-19
Morena Josiase o mametse motsoalle oa hae Jeremia

Thuto ea 8

Josiase o ne a E-na le Metsoalle e Lokileng

Na u nahana hore ho thata ho etsa lintho tse lokileng?— Batho ba bangata ba nahana joalo. Bibele e re bolella ka moshanyana e mong ea bitsoang Josiase eo ho ileng ha e-ba thata hore a etse lintho tse lokileng. Empa o ne a e-na le metsoalle e lokileng e neng e mo thusa. A re ke re ithute ka Josiase le metsoalle ea hae.

Ntate oa Josiase e ne e le Amone, morena oa Juda. Amone o ne a etsa lintho tse mpe ’me a rapela litšoantšo. Ha ntate oa Josiase a shoa, Josiase e ile ea e-ba morena oa Juda. Empa o ne a le lilemo li robeli feela! Na u nahana hore o ne a etsa lintho tse mpe joaloka ntate oa hae?— Che!

Moprofeta Sofonia o bolella sechaba sa Juda molaetsa oa Jehova

Sofonia o ile a bolella batho hore ba se ke ba rapela litšoantšo

Leha a ne a le monyenyane haholo, Josiase o ne a batla ho mamela Jehova. Kahoo o ile a khetha feela metsoalle e ratang Jehova. Metsoalle eo e ile ea thusa Josiase hore a etse lintho tse lokileng. Metsoalle e meng ea Josiase e ne e le bo-mang?

E mong oa metsoalle ea hae e ne e le Sofonia. Sofonia e ne e le moprofeta ea neng a bolella batho ba Juda hore ha ba rapela litšoantšo ba ne ba tla hlaheloa ke lintho tse mpe. Josiase o ile a mamela Sofonia ’me a rapela Jehova, eseng litšoantšo.

E mong hape e ne e le Jeremia. E ne e ka ba lithaka ’me ba hōtse hammoho. E ne e le metsoalle e ratanang haholo ’me ha Josiase a shoa, Jeremia o ile a ngola pina e khethehileng e neng e bua ka hore o hopola Josiase. Jeremia le Josiase ba ne ba thusana hore ba etse lintho tse lokileng le hore ba mamele Jehova.

Josiase le Jeremia ba ile ba thusana hore ba etse lintho tse lokileng

U ka ithuta eng mohlaleng oa Josiase?— Le hoja Josiase e ne e sa le moshanyana feela, o ne a batla ho etsa lintho tse lokileng. O ne a tseba hore o lokela ho ba le metsoalle e ratang Jehova. U lokela ho etsa bonnete ba hore u khetha metsoalle e ratang Jehova le e tla u thusa ho etsa lintho tse lokileng!

BIBELENG EA HAO BALA

  • 2 Likronike 33:21-25; 34:1, 2; 35:25

LIPOTSO:

  • Ntate oa Josiase e ne e le mang? Na o ile a etsa lintho tse lokileng?

  • Josiase o ne a batla ho etsa eng le hoja e ne e sa le moshanyana feela?

  • Metsoalle e ’meli ea Josiase e ne e le bo-mang?

  • U ka ithuta eng mohlaleng oa Josiase?

Josiase le Jeremia ba ile ba thusana hore ba etse lintho tse lokileng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela