Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 56 leq. 134
  • Josiase o ne a Rata Molao oa Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Josiase o ne a Rata Molao oa Molimo
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Josiase o ne a E-na le Metsoalle e Lokileng
    Ruta Bana ba Hao
  • Josiase ea Ikokobelitseng o Ile a Ratoa ke Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Morena oa ho Qetela ea Molemo oa Iseraele
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Josiase o Ile a Khetha ho Etsa se Nepahetseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 56 leq. 134
Shafane o balla Morena Josiase moqolo

THUTO EA 56

Josiase o ne a Rata Molao oa Molimo

Josiase e ile ea e-ba morena oa Juda ha a le lilemo li robeli. Ka nako eo, batho ba ne ba sebelisa boloi ba bile ba rapela litšoantšo. Ha Josiase a le lilemo li 16, o ile a ithuta ho rapela Jehova ka tsela e nepahetseng. Ha a le lilemo li 20, a felisa melimo ea litšoantšo naheng eohle. Eitse ha a le lilemo li 26, a lokisetsa hore tempele ea Jehova e tsosolosoe.

Moprista ea Phahameng Hilkia o ile a fumana moqolo o ngotseng Molao oa Jehova, mohlomong o ngotsoeng ke Moshe. Mongoli oa morena ea bitsoang Shafane o ile a isetsa Josiase moqolo oo ’me a qala ho mo balla oona. Ha Josiase a ntse a mametse, a hlokomela hore ke khale batho ba tlola Molao oa Jehova. Morena Josiase a re ho Hilkia: ‘Jehova o re halefetse haholo. Tsamaea u il’o bua le eena. Jehova o tla re bolella hore na re lokela ho etsa’ng.’ Jehova o ile a ba araba a sebelisa moprofeta ea bitsoang Hulda, a re: ‘Batho ba Juda ba mphuraletse. Ke tla ba fa kotlo empa eseng ha Josiase e ntse e le morena, hobane o ile a ikokobetsa.’

Hilkia o fumana moqolo o ngotseng Molao oa Jehova

Ha Morena Josiase a utloa ka sena, a bitsetsa Bajuda tempeleng. A ba balla Molao oa Jehova. Josiase le Bajuda ba tšepisa Jehova hore ba tla mo mamela ka lipelo tsohle tsa bona.

Bajuda ba ne ba qetile lilemo tse ngata ba sa etse mokete oa Paseka. Josiase o ile a bala Molaong hore Paseka e lokela ho ketekoa selemo le selemo, kahoo a re: ‘Re tla tšoarela Jehova Paseka.’ Eaba Josiase o lokisa mahlabelo a mangata ’me a hlophisa hore ho be le libini ka tempeleng. Kahoo, Bajuda ba tšoara Paseka e neng e lateloa ke Mokete oa Mahobe a se Nang Tomoso o nkang matsatsi a supileng. Ho ne ho e-s’o ka ho e-ba le Paseka e kang eo, haesale ho tloha matsatsing a Samuele. Josiase o ne a rata Molao oa Molimo e le kannete. Na le uena u thabela ho ithuta ka Jehova joaloka Josiase?

“Lentsoe la hao ke lebone le khantšang moo ke hatang teng hape ke leseli le bonesang tsela ea ka.”—Pesaleme ea 119:105

Lipotso: Morena Josiase o ile a etsa’ng ha a utloa Molao oa Molimo? Jehova o ile a ikutloa joang ka Josiase?

2 Marena 21:26; 22:1–23:30; 2 Likronike 34:1–35:25

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela