Thuto ea 12
Mochana oa Pauluse o ne a le Sebete
A re ke re ithute ka mohlankana ea ileng a pholosa bophelo ba malome oa hae. Malome oa hae e ne e le moapostola Pauluse. Ha re tsebe lebitso la mohlankana eo empa rea tseba hore o ile a etsa ntho e ileng ea bontša hore o sebete. Na u ka rata ho utloa hore na o ile a etsa eng?—
Pauluse o ne a le teronkong Jerusalema. O ne a tšoeroe hobane o ne a bolella batho ka Jesu. Ho ne ho e-na le banna ba khopo ba neng ba hloile Pauluse ’me ba ile ba buisana hore na ba tla mo bolaea joang. Ba ile ba re: ‘A re kōpeng molaoli oa masole hore a laele masole a hae hore a tlise Pauluse khotla. Re tla ipata tseleng ’me ha Pauluse a feta moo, re tla mo bolaea!’
Mochana oa Pauluse o ile a bolella Pauluse le molaoli oa masole ka seo banna ba khopo ba neng ba batla ho se etsa
Mochana oa Pauluse o ile a utloa ka taba eo. O ne a tla etsa eng? O ile a ea teronkong ’me a bolella Pauluse. Hang-hang Pauluse o ile a mo bolella hore a bolelle molaoli oa masole ka taba eo. Na u nahana hore ho ne ho le bonolo hore mochana oa Pauluse a bue le molaoli oa masole?— Che, hobane molaoli oa masole e ne e le motho ea hlomphehang. Empa mochana oa Pauluse o ne a le sebete ’me o ile a bua le eena.
Molaoli o ne a tseba seo a lokelang ho se etsa. O ile a batla masole a ka bang 500 e le hore a sireletse Pauluse! O ile a bolella masole ao hore a ise Pauluse Cesarea bosiung boo. Na banna bao ba ile ba bolaea Pauluse?— Che, ha baa ka ba khona ho mo hlasela.
U ithuta eng paleng ee?— Le uena u ka tšoana le mochana oa Pauluse ka hore u be sebete. Re lokela hore re be sebete ha re bua le batho ba bang ka Jehova. Na u tla tšaba ha u bua le batho ka Jehova?— Haeba u ke ke ua tšaba, u ka ’na ua pholosa bophelo ba motho e mong.