Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • hf karolo 3 maq. 9-11
  • Kamoo le ka Rarollang Mathata

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kamoo le ka Rarollang Mathata
  • Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • 1 BUISANANG KA BOTHATA
  • 2 MAMELA ’ME U UTLOISISE
  • 3 PHETHAHATSANG SEO LE LUMELLANENG KA SONA
  • Ho Lokisa Mathata
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Ho Tšoara Molekane oa Hao ka Tlhompho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Tšepahala ho Molekane oa Hao
    Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
  • Kōpa Thuso ho Molimo Hore U Thabe Lenyalong
    Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
Bala Tse Ling
Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
hf karolo 3 maq. 9-11
Monna o mametse mosali oa hae ha a ntša maikutlo a hae

KAROLO EA 3

Ho Rarolla Mathata

“Le bontšane lerato le matla haholo, hobane lerato le koahela libe tse ngata haholo.”—1 Petrose 4:8

Ha u qala ho lula ’moho le molekane oa hao, ho tla hlaha mathata a sa tšoaneng. A ka ’na a bakoa ke phapang e teng mabapi le kamoo le nahanang kateng, le ikutloang kateng le kamoo le shebang lintho kateng bophelong. Kapa mathata a ka ’na a hlaha mohloling o ka thōko le liketsahalong tseo le neng le sa li lebella.

Le ka ’na la lekeha hore le qobe ho rarolla bothata bo teng, empa ka Bibeleng re eletsoa hore re tobane le mathata a rōna. (Matheu 5:23, 24) Ha u sebelisa melao-motheo ea Bibele, u tla fumana tharollo e molemo ka ho fetisisa mathateng a hao.

1 BUISANANG KA BOTHATA

SEO BIBELE E SE BUANG: “Ho na le . . . nako ea ho bua.” (Moeklesia 3:1, 7) Etsang bonnete ba hore le ipha nako ea ho buisana ka bothata boo. Ka botšepehi tsebisa molekane oa hao hore na u ikutloa joang le hore u nahana eng ka taba eo. Kamehla u “bue ’nete” ho molekane oa hao. (Baefese 4:25) Esita le ha u e-na le maikutlo a matla ka taba e itseng, hanela tšusumetso ea hore u loane. Karabo e fanoang ka bonolo e ka etsa hore puisano e bonolo e se ke ea fetoha ntoa.—Liproverbia 15:4; 26:20.

Esita le haeba le sa lumellane, lula u le mosa, u se ke ua lebala ho bontša lerato le tlhompho ho molekane oa hao. (Bakolose 4:6) Lekang ho rarolla bothata kapele kamoo ho ka khonehang, ’me le se ke la khaotsa ho buisana.—Baefese 4:26.

Banyalani ba buisana ka bothata boo ba nang le bona

SEO U KA SE ETSANG:

  • Beha nako e loketseng ea ho buisana ka bothata boo

  • Ha e le nako ea hao ea hore u mamele, hanela tšekamelo ea ho batla ho kena molekane oa hao hanong. Le uena u tla ba le monyetla oa hore u bue

2 MAMELA ’ME U UTLOISISE

SEO BIBELE E SE BUANG: “Le bontšane lerato le mofuthu. Etellang pele ho bontšaneng tlhompho.” (Baroma 12:10) Tsela eo u mamelang ka eona ke ea bohlokoa haholo. Leka ho utloisisa ntlha eo molekane oa hao a e buang ka hore u bontše ‘kutloelo-bohloko le boikokobetso.’ (1 Petrose 3:8; Jakobo 1:19) U se ke ua etsa eka u mametse feela. Ha ho khoneha, tlohella seo u ntseng u se etsa ’me u shebe molekane oa hao ka ho feletseng kapa u mo kōpe hore na le ka buisana ka taba eo hamorao. Haeba u nka molekane oa hao e le sebapali-’moho le uena ho fapana le ho ba oa lireng, u ‘ke ke ua potlakela hore u khopehe.’—Moeklesia 7:9.

SEO U KA SE ETSANG:

  • U ’ne u mamele ka kelello e bulehileng, esita le haeba u khopisoa ke seo u se utloang

  • Mamela molaetsa o fetisoang ke mantsoe a molekane oa hao. Hlokomela tsela eo molekane oa hao a shebahalang ka eona le molumo oa lentsoe la hae

3 PHETHAHATSANG SEO LE LUMELLANENG KA SONA

SEO BIBELE E SE BUANG: “Ka mofuta o mong le o mong oa ho sehla ho ba le molemo, empa lentsoe feela la molomo le isa ho hlokeng.” (Liproverbia 14:23) Ha hoa lekana hore feela le lumellane ka tharollo e molemo. Le lokela ho phethahatsa seo le se etselitseng qeto le le babeli. Sena se ka ’na sa hloka hore le ikitlaetse ka matla le ho sebetsa ka thata, empa se tla le tsoela molemo. (Liproverbia 10:4) Haeba le sebetsa hammoho joaloka thimi, le tla ba “le moputso o molemo” bakeng sa mosebetsi oa lōna o boima.—Moeklesia 4:9.

SEO U KA SE ETSANG:

  • Etsang qeto ea hore na ka bomong le tla nka mehato efe e sebetsang hore le rarolle bothata ba lōna

  • Nako le nako le ’ne le hlahlobe khatelo-pele ea lōna

SEBETSANANG LE MATHATA HAMMOHO

Ha le sebetsa ’moho, le ka etsa bonnete ba hore lenyalo la lōna le ba matla ebile ho ba le thabo ho lona, ho e-na le hore e be le fokolang le tletseng mahlomola. (Liproverbia 24:3) Talima pele nakong e tlang, u se ke ua hulanya mathata a nakong e fetileng. (Liproverbia 17:9) Ha le sebelisana hantle ’me le sebelisa melao-motheo ea Bibele, le ka atleha ho rarolla bothata leha e le bofe.

IPOTSE . . .

  • Ke bothata bofe bo potlakileng boo ke batlang ho bua le molekane oa ka ka bona?

  • Nka etsa’ng hore ke utloisise kamoo a ikutloang kateng ka bona?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela