Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • hf karolo 9 maq. 29-31
  • Thabela Borapeli ba Lelapa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thabela Borapeli ba Lelapa
  • Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • 1 MATLAFATSA KAMANO EA HAO LE JEHOVA
  • 2 THABELANG BORAPELI BA LELAPA
  • Bo Thusa Malapa
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Borapeli ba Lelapa Ke’ng?
    Ke Bo-mang ba Etsang Thato ea Jehova Kajeno?
  • Borapeli ba Lelapa​—⁠Na U ka Etsa Hore bo Natefele Lelapa la Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • “Atamelang ho Molimo ’me o Tla Atamela ho Lona”
    Atamela ho Jehova
Bala Tse Ling
Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
hf karolo 9 maq. 29-31
Banyalani ba ithuta Bibele hammoho

KAROLO EA 9

Rapelang Jehova le le Lelapa

“Le rapele Ea entseng leholimo le lefatše.”—Tšenolo 14:7

Joalokaha le ithutile bukaneng ena, Bibele e na le melao-motheo e mengata e tla le thusa le le lelapa. Jehova o batla hore le thabe. O le tšepisa hore haeba le etelletsa borapeli ba hae pele, “lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.” (Matheu 6:33) Ruri o batla hore le be metsoalle ea hae. Kahoo, etsang sohle seo le ka se khonang ho matlafatsa setsoalle sa lōna le Molimo. Ena ke tlotla e khōlō ka ho fetisisa eo le ka bang le eona.—Matheu 22:37, 38.

1 MATLAFATSA KAMANO EA HAO LE JEHOVA

Monna le mosali ba sebetsa hammoho tšimong

SEO BIBELE E SE BUANG: “‘Ke tla ba ntat’a lōna, ’me le tla ba bara le barali ba ka,’ ho bolela Jehova.” (2 Bakorinthe 6:18) Molimo o batla hore u be motsoalle oa hae oa sebele. E ’ngoe ea lintho tse ka u thusang ho etsa seo ke thapelo. Jehova o u mema hore u ‘rapele u sa phetse.’ (1 Bathesalonika 5:17) O labalabela ho utloa maikutlo a hao a tebileng le lintho tse u tšoenyang. (Bafilipi 4:6) Ha u rapela hammoho le ba lelapa la hao, ba tla hlokomela hore ruri Molimo ke motho oa sebele ho uena.

Ho phaella tabeng ea ho buisana le Molimo, u lokela ho mo mamela. U ka etsa sena ka ho bala Lentsoe la hae le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng. (Pesaleme ea 1:1, 2) Thuisa ka seo u ithutang sona. (Pesaleme ea 77:11, 12) Ho mamela Molimo ho boetse ho akarelletsa hore u ee libokeng tsa Bokreste kamehla.—Pesaleme ea 122:1-4.

Tsela e ’ngoe ea bohlokoa eo ka eona u ka matlafatsang kamano ea hao le Jehova ke ka ho bolella ba bang ka eena. Ha u bua ka eena kamehla, u tla ba le kamano e haufi-ufi le eena.—Matheu 28:19, 20.

SEO LE KA SE ETSANG:

  • Ipheng nako ea ho rapela le ho bala Bibele letsatsi le letsatsi

  • Le le lelapa, etsang hore mesebetsi e amanang le borapeli e tle pele ho boithabiso le boikhathollo

2 THABELANG BORAPELI BA LELAPA

Ntate o lokisetsa ho ithuta le lelapa la hae ’me hamorao ba thabela borapeli ba lelapa

SEO BIBELE E SE BUANG: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.” (Jakobo 4:8) Le lokela ho ba le kemiso ea kamehla ea borapeli ba lelapa ’me le e khomarele. (Genese 18:19) Empa ho hlokahala ho fetang hoo. Le lokela ho ameha ka Molimo bophelong ba lōna kamehla. Matlafatsang kamano ea ba lelapa la lōna le Molimo ka hore le bue ka eena ‘ha le lutse ka tlung le ha le tsamaea tseleng le ha le robala le ha le tsoha.’ (Deuteronoma 6:6, 7) E-bang le sepheo se tšoanang le sa Joshua ea ileng a re: “Ha e le ’na le ba ntlo ea ka, re tla sebeletsa Jehova.”—Joshua 24:15.

SEO LE KA SE ETSANG:

  • E-bang le lenaneo la ka mehla la ho ithuta le finyellang litlhoko tsa setho ka seng sa lelapa

’Mè o balla mora oa hae; lelapa le etsa tšoantšiso ea tlaleho e hlahang ka Bibeleng; ntate o ithuta le morali oa hae

BAHLANKA BA JEHOVA BA THABILENG

Ha ho letho le molemo ho feta ho rapela Jehova Molimo. O thabela ho bona le ikitlaelletsa ho mo sebeletsa le le lelapa. Ha le ntse le etsa sena, le tla rata Jehova ’me le mo etsise haholoanyane. (Mareka 12:30; Baefese 5:1) Ha le tlotlisa Molimo lenyalong la lōna, kamano ea hao le molekane oa hao e tla ba matla haholo. (Moeklesia 4:12; Esaia 48:17) Uena le ba lelapa la hao le ka thaba ka ho sa feleng, le tseba hore “Jehova Molimo oa lōna o le hlohonolofalitse.”—Deuteronoma 12:7.

IPOTSE . . .

  • Re qetetse neng ho rapela hammoho re le banyalani?

  • Ke eng eo nka ithutang eona le ba lelapa la ka e ka matlafatsang tumelo ea rōna ho Jehova?

MOLAETSA HO LIHLOOHO TSA MALAPA

  • Le se ke la lumella ntho leha e le efe ho sitisa borapeli ba lōna ba lelapa

  • Tsebisang ba lelapa la lōna esale pele seo le tla se tšohla e le hore ba ka lokisetsa

  • Tiisang hore bohle ba ba teng borapeling ba lelapa

  • Etsang hore ho rene moea oa khotso e le hore bohle ba thabele borapeli ba lelapa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela