Bo Thusa Malapa
1. Sabatha ea beke le beke e ne e tsoela malapa a Baiseraele molemo joang?
1 Taelo ea ho boloka Sabatha e ne e le tokisetso e lerato ea Jehova ’me e ne e tsoela malapa molemo. Baiseraele ba ne ba phomola mesebetsing ea bona ea kamehla ’me ba e-ba le nako ea ho nahana ka molemo oa Jehova le ka kamano ea bona le eena. Batsoali ba ne ba ka sebelisa nako ena hamolemo hore ba rute bana ba bona Molao ka ho pheta-pheta e le hore o ka teba lipelong tsa bona. (Deut. 6:6, 7) Sabatha e ne e fa batho ba Jehova nako ea hore beke le beke ba tsepamise maikutlo borapeling.
2. Molao oa Sabatha o re ruta’ng ka Jehova?
2 Kajeno Jehova ha a sa laela malapa hore a boloke Sabatha. Empa molao oo o re ruta ho hong ka Molimo oa rōna. Haesale a e-na le tjantjello ea hore batho ba hae ba be le kamano e haufi le eena ’me sena se molemong oa bona. (Esa. 48:17, 18) Kajeno, tsela e ’ngoe eo Jehova a bontšang tjantjello ena e lerato ka eona ke ka tokisetso ea Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea.
3. Morero oa Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea ke ofe?
3 Morero oa Borapeli ba Lelapa ba Mantsiboea ke Ofe? Ka January 2009, Thuto ea Buka ea Phutheho e ile ea qala ho tšoaroa mantsiboeeng a le mang le Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le Seboka sa Tšebeletso. Lebaka le leng la sena e ne e le ho fa malapa nako ea ho matlafatsa kamano ea ’ona le Jehova ka hore a khethe mantsiboea a itseng hore e be a borapeli ba lelapa beke le beke. Lelapa le leng le le leng le ile la khothalletsoa hore haeba ho khoneha, le tšoare thuto ea lona ea lelapa mantsiboeeng ao le neng le e-ea thutong ea buka ka ’ona ’me le sebelise nako ena ho tšohla Bibele le iketlile le ho etsa hore thuto ena e sebetsane le litlhoko tsa lelapa.
4. Na thuto ea lelapa e lokela ho nka hora feela? Hlalosa.
4 E le hore re be teng Thutong ea Buka ea Phutheho, re ne re lokela ho ba le nako ea ho apara, ho tsamaea, joalo-joalo. Ho itokisetsa seboka sena se nkang hora, ho ne ho nka nako e telele ho feta eo re neng re e-ba ho sona ka eona. Kaha kemiso ea liboka tsa rōna e fetotsoe, mantsiboea ana ke a hore re rapele Jehova re le malapa ka bomong. Kahoo, ha ho hlokahale hore nako ea Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea e be hora feela. Ho e-na le hoo, re lokela ho nahana ka lintho tseo malapa a rōna a li hlokang le moo matla a litho tsa lelapa a fellang teng, ebe re beha nako eo re tla e qeta re itšetlehile ka maemo ao.
5. Na puisano ea lelapa e lokela ho nka nako kaofela? Hlalosa.
5 Na Nako ee Kaofela e Lokela ho ba ea Puisano? Nakong eo ho buisanoang ka litaba tsa Bibele, banyalani baa khothatsana ’me ho joalo le ka malapa a nang le bana. (Bar. 1:12) Lelapa lea momahana. Kahoo, ho buisana ka Bibele e lokela ho ba karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa ea Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea. Leha ho le joalo, setho se seng le se seng sa lelapa se ka boetse sa ipha nako ea thuto ea botho. Ka mohlala, ka mor’a hore lelapa le buisane le le hammoho, le ka ’na la tsoela pele le lutse hammoho ha e mong le e mong a ithuta a le mong, mohlomong a qetela ho lokisetsa liboka kapa ho bala limakasine. Malapa a mang a etsa qeto ea hore a time thelevishene mantsiboeeng ao.
6. Puisano e ka tsamaisoa joang?
6 Puisano e ka Tsamaisoa Joang? Ha ho hlokahale hore kamehla e be puisano ea lipotso le likarabo. E le hore Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea bo be monate, malapa a mangata a bo tšoara ka tsela e tšoanang le ea liboka tsa har’a beke. A arola puisano ka likarolo tse ’maloa ebe a li beha ka litsela tse sa tšoaneng. Ka mohlala, a ka ’na a bala Bibele hammoho, a lokisetsa karolo e itseng ea liboka le ho ikoetlisetsa tšebeletso. Leqepheng la 6 ho na le litlhahiso tsa kamoo sena se ka etsoang kateng.
7. Batsoali ba lokela ho loanela hore ho rene moea ofe?
7 Batsoali ba Lokela ho Loanela Hore ho Rene Moea Ofe? Lelapa la hao le tla ithuta hamolemo ha ho rena lerato ’me litho tsa lelapa li phutholohile. Ka linako tse ling le ka ithuta le lutse ka ntle ha boemo ba leholimo bo lumela. Ha ho hlokahala, le ka etsa khefu. Malapa a mang a ja lijo tse bobebe ka mor’a thuto. Le hoja batsoali ba tla qoba ho omanya bana kapa ho ba khalemela nakong ea Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea, ho ka ’na ha hlokahala hore ba sebelise nako e ’ngoe bakeng sa ho sebetsana le mokhoa o itseng oo ba o hlokometseng kapa bothata. Leha ho le joalo, ho ka ba hotle hore litaba tse ka hlabisang ngoana lihlong li buuoe le eena moo a leng mong har’a beke e le hore a se ke a tlotlolloa ka pel’a bana ba bang. Nakong ea Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea, litho tsa lelapa ha lia lokela ho tsitsipana le ho hlonama empa li lokela ho thaba joaloka Molimo ea thabileng eo li mo rapelang.—1 Tim. 1:11.
8, 9. Lihlooho tsa malapa li lokela ho lokisetsa’ng?
8 Hlooho ea Lelapa e ka Lokisetsa Joang? Lelapa le tla rua molemo haholo ha hlooho ea lelapa e lokisetsa lenaneo le leng le le leng la Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea esale pele ka hore e etse qeto ea hore na ho tla buisanoa ka eng le hore na tsela e molemo ea ho buisana ka eona ke efe. (Liprov. 21:5) Ke hantle hore monna a buisane le mosali oa hae ka taba ena. (Liprov. 15:22) Lihlooho tsa malapa, ho ka ba hotle hore ka linako tse ling le fumane maikutlo a bana ba lōna. Ha le etsa joalo, le tla lemoha hore na ba thahasella eng le hore na ba tšoenyehile ka eng.
9 Makhetlong a mangata ho ke ke ha hlokahala hore hlooho ea lelapa e nke nako e telele e lokisetsa. Ho ka etsahala hore ho be le lintho tseo lelapa le thabelang ho li etsa beke le beke, kahoo ho ke ke ha hlokahala hore hlooho ea lelapa e lule e etsa lenaneo le lecha. E ka ’na ea bona ho le molemo hore e lokisetse ka mor’a lenaneo ka leng la Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea ha e sa ntse e hopola hantle hore na lelapa la eona le hloka lintho life. Lihlooho tse ling tsa malapa li ngola kemiso e khutšoanyane ea seo ho tla buisanoa ka sona ebe li e beha moo litho tsa lelapa li tla e bona habonolo, mohlomong sehatsetsing. Sena se etsa hore li thabe li be li lebelle hore na ho tla ba joang lenaneong le latelang ’me se li fa nako ea ho lokisetsa haeba ho hlokahala.
10. Ba lulang ba le bang ba ka etsa joang mantsiboeeng a Borapeli ba Lelapa?
10 Nka Etsa Joang ha ke sa Lule le Barapeli-’moho le ’Na? Ba lulang ba le bang ba ka ba le thuto ea botho nakong ea Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea. Lenaneo le letle la thuto ea botho le lokela ho akarelletsa ho bala Bibele, ho lokisetsa liboka le ho bala Molula-Qhooa le Tsoha! Ho phaella moo, bahoeletsi ba bang ba iketsetsa lenaneo la ho batlisisa taba e itseng. Makhetlong a mang, ba ka ’na ba mema mohoeletsi e mong kapa lelapa hore ba matlafatsane tumelong.
11, 12. Melemo e meng ea ho ba le Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea kamehla ke efe?
11 Melemo ea Lenaneo la Kamehla la Borapeli ba Lelapa ba Mantsiboea ke Efe? Ba ikakhelang ka setotsoana borapeling ba ’nete ba atamela ho Jehova. Ho phaella moo, malapa a rapelang hammoho aa momahana. Banyalani ba bang ba ngotse ka melemo eo ba e fumaneng ba re: “Kaha re banyalani ba bo-pula-maliboho ’me ha re na bana, ka sebele re lebella mantsiboea ao re bang le Borapeli ba Lelapa ka ’ona. Re ikutloa re ratana haholo re bile re e-na le kamano e matla le Ntate oa rōna ea leholimong. Joale, ha re tsoha letsatsing leo re le lokiselitseng ho ithuta hammoho, e mong o re ho e mong: ‘Ua tseba hore na mantsiboeeng aa re tlil’o etsa’ng! Ke mantsiboea a Borapeli ba Lelapa!’”
12 Tokisetso ea mantsiboea ea borapeli ba lelapa e thusa le malapa a phathahaneng. ’Mè e mong ea se nang molekane ea hōlisang bara ba babeli e bile e le pula-maliboho, o re: “Nakong e fetileng, re ne re sa tšoare thuto ea rōna ea lelapa kamehla hobane ke ne ke khathala. Ke ne ke sa bone hore na re ka e tšoara neng. Kahoo, ke le ngolla hore ke le lebohe haholo ka Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea. Re atlehile ho ba le thuto ea lelapa ea kamehla ’me re rua melemo.”
13. Hore na lelapa la hao le tla rua molemo tokisetso ee ho itšetlehile ka eng?
13 Joaloka Sabatha, Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea ke mpho e tsoang ho Ntate oa rōna ea leholimong ’me bo ka thusa malapa. (Jak. 1:17) Seo malapa a Baiseraele a neng a se etsa ka Sabatha se ne se susumetsa tsela eo kamano ea ’ona le Jehova e ntlafalang ka eona. Ka tsela e tšoanang, malapa a rōna a tla rua molemo haholo ho itšetlehile ka hore na re etsa’ng ka mantsiboea ao re a filoeng hore re be le borapeli ba lelapa. (2 Bakor. 9:6; Bagal. 6:7, 8; Bakol. 3:23, 24) Ha lelapa la hao le sebelisa tokisetso ena hamolemo, le ka bua joaloka mopesaleme ea ileng a re: “Empa ha e le ’na, ho atamela ho Molimo ho molemo ho ’na. Ke behile setšabelo sa ka ho ’Musi Morena Jehova.”—Pes. 73:28.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
Nakong ea Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea, litho tsa lelapa ha lia lokela ho tsitsipana le ho hlonama empa li lokela ho thaba joaloka Molimo ea thabileng eo li mo rapelang
[Lebokose le leqepheng la 6]
E BOLOKE
Litlhahiso Tsa se ka Etsoang Borapeling ba Lelapa ba Mantsiboea
Bibele:
• Balang hammoho karolo e itseng ea ’malo oa Bibele oa beke le beke. Litlaleho tse ling tsa Bibele li ngotsoe ka tsela eo motho a le mong a ka balang e le mohlalosi, ’me ba bang ba bala mantsoe a batho ba fapa-fapaneng.
• Etsang tšoantšiso ea karolo eo le e balang ka Bibeleng.
• Abela setho se seng le se seng sa lelapa hore se bale esale pele likhaolo tse tlil’o baloa tsa Bibele le hore se ngole potso e le ’ngoe kapa tse peli tseo se tla li botsa tlalehong eo. Ka mor’a moo, etsang lipatlisiso ka lipotso tsa e mong le e mong le le hammoho.
• Beke e ’ngoe le e ’ngoe u lokisetse karete e ngotsoeng temana ea Bibele ebe u leka ho e tšoara ka hlooho le ho e hlalosa. Bokella likarete tsena, ’me u li hlahlobe beke le beke ho bona hore na u hopola litemana tse kae.
• Mamela Bibele k’haseteng ha u ntse u bala Bibeleng ea hao.
Liboka:
• Lokisetsang karolo e ’ngoe ea liboka hammoho.
• Binang lipina tsa ’Muso tse tla binoa bekeng e latelang.
• Haeba e mong a e-na le puo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo kapa a e-na le pontšo Sebokeng sa Tšebeletso, mo feng malebela, kapa a bontše lelapa hore na o tla e beha joang.
Litlhoko Tsa Lelapa:
• Hlahlobang boitsebiso bo bukeng ea Bacha Baa Botsa kapa ea Ithute ho Mosuoe e Moholo.
• Etsang pontšo ea kamoo le ka sebetsanang le boemo bo ka ’nang ba hlaha sekolong.
• Etsang pontšo eo ho eona bana ba iketsang eka ke batsoali. Bana ba batlisisa taba ebe ba e tšohla le batsoali.
Tšebeletso:
• Etsang lipontšo tsa ho itokisetsa seo le tla se bua mafelong a beke.
• Tšohlang hore na lelapa le ka beha lipakane life tseo le ka khonang ho li finyella e le hore le eketse nako eo le e qetang tšebeletsong nakong ea Sehopotso kapa ea phomolo.
• U fe setho se seng le se seng sa lelapa metsotso e seng mekae ea ho batlisisa kamoo se ka arabang lipotso tse fapa-fapaneng tse ka ’nang tsa hlaha tšebeletsong, ebe le etsa lipontšo tsa hore na le ka araba lipotso tseo joang.
Litlhahiso Tse Ling:
• Balang hammoho sehlooho makasineng e ncha.
• E-re setho se seng le se seng sa lelapa se bale esale pele sehlooho se se khahlileng haholo makasineng ea morao-rao, ebe u se fa nako ea hore se fane ka tlaleho.
• Ka linako tse ling u ka memela mohoeletsi kapa banyalani Borapeling ba lōna ba Lelapa ba mantsiboea ’me mohlomong u ba kōpe hore ba phete liphihlelo tseo ba bileng le tsona tšebeletsong kapa hore ba phete tsela eo ba keneng ka phuthehong ka eona.
• Shebellang e ’ngoe ea livideo tsa rōna le be le buisane ka eona.
• Tšohlang hammoho sehlooho sa “Bacha Baa Botsa” kapa sa “Se ka Tšohloang ke Lelapa” tse hlahang Tsoheng!
• Tšohlang hammoho sehlooho sa “Ruta Bana ba Hao” kapa sa “Tsa Bacha” se hlahang Molula-Qhooeng.
• Balang le be le tšohle karolo e ’ngoe Bukeng ea Selemo e ncha kapa ea sengoliloeng se secha se lokolotsoeng kopanong e fetileng ea setereke.
• Ka mor’a kopano e khōlō kapa e nyenyane, tšohlang lintlha tsa sehlooho.
• Shebang pōpo ea Jehova ebe le tšohla seo e re rutang sona ka eena.
• Kopanelang mosebetsi o kang ho haha ntho e itseng e nyenyane e tšoantšetsang ntho e ka Bibeleng, ’mapa, kapa chate.