Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jy khao. 129 leq. 294-leq. 295 ser. 3
  • Pilato o re: “Bonang! Monna!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pilato o re: “Bonang! Monna!”
  • Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Bonang, Motho ke Enoa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • “Bonang, Motho ke Enoa”
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Ponse Pilato e ne e le Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
  • Ho Tloha ho Pilato ho ea ho Heroda le ho Khutlela Morao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
jy khao. 129 leq. 294-leq. 295 ser. 3
Jesu o tlisoa ka ntle ke Pilato a roetse moqhaka o meutloa ’me a apere seaparo se pherese

KHAOLO EA 129

Pilato o re: “Bonang! Monna!”

MATHEU 27:​15-17, 20-30 MAREKA 15:​6-19 LUKA 23:​18-25 JOHANNE 18:​39–19:5

  • PILATO O LEKA HO LOKOLLA JESU

  • BAJUDA BA RE HO LOKOLLOE BARABASE

  • JESU OA SONNGOA EBILE O TŠOAROA HAMPE

Pilato o joetsitse batho ba batlang hore Jesu a bolaoe sena: “Ha kea fumana ho monna enoa lebaka la liqoso tseo le mo qosang ka tsona. Ha e le hantle, le Heroda ha aa ka a le fumana.” (Luka 23:​14, 15) Joale o leka ho sireletsa Jesu, kahoo o leka leoa le leng o re: “Le na le tloaelo ea hore ke le lokollele motho ka Paseka. Ka hona, na le lakatsa hore ke le lokollele Morena oa Bajuda?”​—Johanne 18:39.

Pilato oa tseba hore ho na le motšoaruoa ea bitsoang Barabase eo e leng lesholu, ea susumetsang bofetoheli khahlanong le ’muso ebile e le ’molai. Kahoo Pilato o re: “Ke ofe eo le batlang hore ke le lokollele eena, Barabase kapa Jesu eo ho thoeng ke Kreste?” Ba rotelletsoa ke baprista ba ka sehloohong, batho ba re ho lokolloe Barabase eseng Jesu. Pilato o botsa hape o re: “Ke ofe ho ba babeli baa eo le batlang hore ke le lokollele eena?” Letšoele lea hooa le re: “Barabase!”​—Matheu 27:​17, 21.

Ka ho khathala matla hohle, Pilato oa ba botsa o re: “Joale, ke tla etsa’ng ka Jesu eo ho thoeng ke Kreste?” Baa tleroha ba re: “A ke a khokhotheloe thupeng!” (Matheu 27:​22) Ba etsa ntho e hlabisang lihlong ka ho batla hore motho ea seng molato a bolaoe. Pilato o leka ho ba ea ka liboko o re: “Hobane’ng, ke ntho efe e mpe eo monna enoa a e entseng? Ha kea ka ka fumana letho le tšoaneloang ke lefu ho eena, ka hona ke tla mo shapa ’me ke mo lokolle.”​—Luka 23:22.

Ho sa tsotellehe boiteko ba hae ka makhetlo, letšoele lena le tukang ke bohale le araba le hoelelitse le re: “A ke a khokhotheloe thupeng!” (Matheu 27:​23) Baeta-pele ba bolumeli ba rotellelitse letšoele lena hoo le ipatlelang feela hore ho tšolloe mali! Motho eo ba batlang hore a bolaoe ha se senokoane kapa ’molai. Ba batla ho bolaoe monna ea lokileng eo matsatsing a mahlano a fetileng, a ileng a amoheloa Jerusalema e le Morena. Haeba barutuoa ba Jesu ba teng mona, ba le nyaile ebile ha ba batle hore batho ba ba hlokomele.

Pilato oa bona hore o hobella letlapeng. Ho se ho le morusu, kahoo o nka metsi ’me o hlapa matsoho moo bohle ba ntseng ba mo bona. O joetsa letšoele o re: “Ke hloka molato maling a motho enoa. Le tla iponela.” Esita le sena ha se fetole maikutlo a bona. Ho e-na le hoo ba re: “Mali a hae a be holim’a rona le holim’a bana ba rona.”​—Matheu 27:​24, 25.

Le hoja Pilato a batla ho etsa se nepahetseng, o utloa ho le molemo hore a khotsofatse batho bana. Kahoo, tumellanong le kopo ea bona, o lokollela mokhopi ona Barabase. Joale o re Jesu a hlobolisoe ’me a shapuoe.

Ka mor’a ho mo hlokofatsa habohloko, masole a isa Jesu ka ntlong ea borena ea ’musisi. Sehlopha sa masole se phaella ka ho mo hlekefetsa ho ea pele. Masole ana a loha moqhaka o meutloa ’me ba o peteletsa hloohong ea hae. Ba boetse ba mo tšoarisa lehlaka ka letsohong le letona ’me ba mo apesa seaparo se ’mala o sekareleta, sa mofuta o aparoang ke marena. Ba bua ka ho soma ba re: “Lumela, uena Morena oa Bajuda!” (Matheu 27:​28, 29) Ho feta moo, ba mo tšoela ka mathe ’me ba lula ba mo jabela sefahlehong. Ba nka lehlaka leo le letenya leo ba mo fileng lona ’me ba mo otla ka lona hloohong ’me sena se etsa hore metsu ea “moqhaka” ona o tlotlollang o meutloa e kenelle letlalong la hlooho.

Tsela eo Jesu a itšoereng ka seriti ka eona, le mamello eo a e bontšang e susumetsa Pilato hore a leke hape ho intša tšotso linaleng ’me o re: “Bonang! Ke mo tlisa ho lona ka ntle e le hore le tsebe hore ha ke fumane molato ho eena.” Ho ka etsahala hore ebe Pilato o nahana hore ha a ka ba bontša Jesu nakong eo a leng matetetso a bileng a tsoang ’mali, ba tla ameha lipelo. Nakong eo Jesu a emeng ka pel’a mokhopi ona o lipelo li makoebeta, Pilato oa hoeletsa o re: “Bonang! Monna!”​—Johanne 19:​4, 5.

Le hoja Jesu a tetekiloe a le maqeba, o bonahala a le seriti a bile a khobile matšoafo hoo le Pilato a ho bonang, ’me sena se utloahala mantsoeng a hae a nang le tlhompho le khauho.

HO SHAPA

Sephali se sebelisetsoang ho otla batho

Dr. William D. Edwards ho The Journal of the American Medical Association o hlalosa tsela eo Baroma ba neng ba shapa batho ka eona ka ho re:

“Ntho eo ba neng ba e sebelisa ka ho fetisisa ke sephali se sekhutšoanyane (flagrum kapa flagellum) se nang le lerapo le le leng kapa a ’maloa a letlalo a lohuoeng a sa lekaneng ka bolelele. Lerapong ka leng, ho ne ho faselelitsoe libolo tsa tšepe tse nyenyane kapa masapo a motsu a nku.  . . Nakong eo masole a Roma a neng a otla motho ka sefutho sohle sa ’ona ka makhetlo-khetlo, libolo tseo tsa tšepe li ne li baka matetetso a tebileng ’me marapo a matlalo le masapo a nku a ne a seha letlalo le linama tse ka tlas’a letlalo. Ha motho a ntse a shapuoa ho ea pele, maqeba a ne hlenhlana ho ea fihla mesifeng ea lesapo ’me letlalo le ne thothomela joaloka lelente ’me le lutla mali.”

  • Pilato o leka maoa afe moo a lekang ho lokolla Jesu, e leng se neng se tla mo thusa hore a intše tšotso linaleng?

  • Ho etsahala’ng ha motho a shapuoa?

  • Ka mor’a hore Jesu a shapuoe, ba boetse ba mo etsa’ng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela