KHAOLO EA 1
Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
LEFATŠENG lohle ho na le mekhatlo e mengata ea bolumeli, ea lipolotiki, ea khoebo le ea sechaba e entsoeng ka sepheo le mabaka a fapaneng. Empa ho na le mokhatlo o le mong o sa tšoaneng le eona. Lentsoe la Molimo le bontša ka ho hlaka hore mokhatlo oo ke oa Lipaki Tsa Jehova.
2 Hoa thabisa hore ebe u setho sa mokhatlo ona oa Jehova. U tsoela pele ho etsa thato ea Molimo kaha u se u ithutile eona. (Pes. 143:10; Bar. 12:2) U mosebeletsi ea mafolofolo ea sebetsang hammoho le mokhatlo o lerato oa lefatše lohle oa bara ba motho. (2 Bakor. 6:4; 1 Pet. 2:17; 5:9) Joalokaha Lentsoe la Molimo le tšepisitse, sena se u tlisetsa mahlohonolo a mangata le thabo e khaphatsehang. (Liprov. 10:22; Mar. 10:30) Ha u ntse u tsoela pele ho etsa thato ea Jehova ka botšepehi, u itokisetsa bokamoso bo babatsehang ba ka ho sa feleng.—1 Tim. 6:18, 19; 1 Joh. 2:17.
3 Kaha Jehova ’Mopi oa rona e Moholo ke eena ea laolang lintho tsohle, o na le mokhatlo o ikhethang oa lefatše lohle o laoloang ke eena. Re mo tšepa ka ho feletseng. Ke Moahloli oa rona, Mofani oa Molao le Morena oa rona. (Esa. 33:22) Kaha ke Molimo ea hlophisehileng, o lokiselitse hore re ‘sebetse hammoho le eena,’ e le hore a phethe morero oa hae.—2 Bakor. 6:1, 2.
4 Ha bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo ntse bo atamela, Morena ea khethiloeng, e leng Kreste Jesu o tsoela pele ho re tataisa. (Esa. 55:4; Tšen. 6:2; 11:15) Jesu o ile a bolela esale pele hore balateli ba hae ba ne ba tla etsa mesebetsi e meholo ho feta eo a ileng a e etsa nakong ea tšebeletso ea hae ha a ne a le lefatšeng. (Joh. 14:12) Balateli ba Jesu ba ne ba tla finyella sena hobane ba ne ba tla sebetsa tšimo e kholo ’me ba sebetse ka nako e teletsana ba bile ba le bangata. Ba ne ba tla bolela litaba tse molemo tsa ’Muso lefatšeng lohle.—Mat. 24:14; 28:19, 20; Lik. 1:8.
5 Taba ena e ipakile e le ’nete. Leha ho le joalo, joalokaha Jesu a ile a bolela, mosebetsi oa ho phatlalatsa litaba tse molemo o tla fela ka nako e behiloeng ke Jehova. Lentsoe la Molimo le ile la bolela esale pele hore letsatsi le leholo le le tšosang la Jehova le atametse.—Joele 2:31; Sof. 1:14-18; 2:2, 3; 1 Pet. 4:7.
Re lokela ho ikitlaelletsa ho etsa thato ea Molimo. Kahoo, re tlameha ho tseba hantle hore na mokhatlo oa Molimo o sebetsa joang
6 Nakong ena ea bofelo ha re ntse re leka ho ithuta thato ea Jehova, re lokela ho ikitlaelletsa ho mo khahlisa. Kahoo, re tlameha ho tseba hantle hore na mokhatlo oa Molimo o sebetsa joang ’me re sebelisane le oona ka botlalo. Mokhatlo oa Molimo o etsa lintho ho latela melao-motheo ea Mangolo hammoho le melao le lithuto tse ka Lentsoeng la Molimo le bululetsoeng.—Pes. 19:7-9.
7 Ha batho ba Jehova ba latela tataiso eo e thehiloeng Bibeleng, ba ba bonngoeng ebile ba sebetsa hammoho ka kutloano. (Pes. 133:1; Esa. 60:17; Bar. 14:19) Ke eng e thusang barab’abo rona lefatšeng lohle hore ba phelisane ka khotso? Ke lerato. (Joh. 13:34, 35; Bakol. 3:14) Ha re etsa lintho ka tsela eo Jehova a e amohelang, re tsamaisana le karolo e leholimong ea mokhatlo oa hae.
KAROLO E LEHOLIMONG EA MOKHATLO OA JEHOVA
8 Baprofeta ba Molimo e leng Esaia, Ezekiele le Daniele ba ile ba bontšoa karolo e leholimong ea mokhatlo oa Jehova ponong. (Esa., khao. 6; Ezek., khao. 1; Dan. 7:9, 10) Moapostola Johanne le eena o ile a bona pono ea kamoo mokhatlo oo o leholimong o hlophisitsoeng kateng ’me seo se hlaha lengolong la Tšenolo. O ile a bona Jehova a le teroneng e khanyang a e-na le mangeloi a hae, ’me mangeloi ao a ntse a re: “Oa halalela, oa halalela, oa halalela Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle, ea neng a le teng le ea teng le ea tlang.” (Tšen. 4:8) Hape Johanne o ile a bona “har’a terone . . . ho eme konyana,” e leng Konyana ea Molimo, Jesu Kreste.—Tšen. 5:6, 13, 14; Joh. 1:29.
9 Pono ena eo ho eona Jehova a lutseng teroneng e bontša hore ke Hlooho ea mokhatlo ona. Ha lengolo la 1 Likronike 29:11, 12 le bua ka eena le ka boemo ba hae bo phahameng, le re: “Jehova, boholo le matla le botle le bokhabane bo hlomphehang le ho hlompheha ke tsa hao; kaha ntho e ’ngoe le e ’ngoe e maholimong le e lefatšeng ke ea hao. ’Muso ke oa hao, Jehova, uena eo hape u iphahamisang u le hlooho ka holim’a tsohle. Maruo le khanya li teng ka lebaka la hao, ’me u laola ntho e ’ngoe le e ’ngoe; letsohong la hao ho na le matla le bonatla, ’me letsohong la hao ho na le bokhoni ba ho holisa le ho fana ka matla ho bohle.”
10 Joalokaha Jesu Kreste e le mosebetsi-’moho le Jehova, o boemong bo phahameng maholimong ’me o filoe matla a maholo. Ha e le hantle, Molimo “o behile lintho tsohle ka tlas’a maoto a hae, ’me o mo entse hlooho holim’a lintho tsohle ho phutheho.” (Baef. 1:22) Moapostola Pauluse o ile a re ka Jesu: “Molimo . . . o ile a mo phahamisetsa boemong bo phahameng ’me ka mosa a mo fa lebitso le ka holimo ho mabitso a mang ’ohle, e le hore lengole le leng le le leng la ba leholimong le ba lefatšeng le ba ka tlaase ho mobu le ka khumama ka lebitso la Jesu, ’me leleme le leng le le leng le bolele pepenene hore le ela hloko hore Jesu Kreste ke Morena thorisong ea Molimo Ntate.” (Bafil. 2:9-11) Kahoo, re ka kholiseha ka ho feletseng hore Jesu Kreste e tla ba moeta-pele ea molemo.
11 Moprofeta Daniele o ile a bona Moholo-holo oa Matsatsi teroneng ea Hae e leholimong le mangeloi a ‘likete tse sekete a ntseng a mo sebeletsa, le a likete tse leshome tse iphetileng ka makhetlo a likete tse leshome a ntseng a eme ka pel’a hae.’ (Dan. 7:10) Bibele e re lebotho lena la mangeloi ke “meea bakeng sa tšebeletso ea sechaba, e rometsoeng ho sebeletsa ba tla rua poloko.” (Baheb. 1:14) Libopuoa tsena tsohle tsa moea li hlophisitsoe ka ‘literone, borena, mebuso le bolaoli.’—Bakol. 1:16.
12 Ha re ipha nako ea ho nahanisisa ka litšobotsi tsena tsa karolo e leholimong ea mokhatlo oa Jehova, re ka utloisisa tsela eo Esaia a ileng a ikutloa ka eona ka lebaka la pono eo ho eona a ileng a “bona Jehova, a lutse teroneng e holimo le e phahameng,” ’me ‘lirafime li eme ka holim’a hae.’ Esaia o ile a re: “Ho malimabe ’na! Kaha ho tšoana leha ke khutsisitsoe, kahobane ke motho ea molomo o sa hloekang, ’me ke lula har’a batho ba melomo e sa hloekang; etsoe mahlo a ka a bone Morena, Jehova oa mabotho!” Ka sebele, Esaia o ile a hlolloa a ba a ikutloa a le mosesaane ha a bona kamoo mokhatlo oa Jehova o leng moholo kateng. Pono ena e ile ea ama maikutlo a Esaia haholo hoo ha a ne a utloa lentsoe le tsoang leholimong mabapi le mosebetsi o khethehileng oa ho phatlalatsa likahlolo tsa Jehova, a ileng a re: “Ke ’na enoa! Roma ’na.”—Esa. 6:1-5, 8.
13 Ha batho ba lemoha hore na mokhatlo oa Jehova ke ofe, ba bile ba o ananela, ba susumelletseha hore ba ikutloe joaloka Esaia. Re leka ka matla ho tsamaisana le mokhatlo oa Jehova ha o ntse o hatela pele. Kahoo, re etsa sohle se matleng a rona ho bontša hore re tšepa mokhatlo oa Jehova kajeno.
MOKHATLO OA JEHOVA O HATELA PELE
14 Khaolong ea 1 ea lengolo la Ezekiele, Jehova o tšoantšetsoa a palame koloi e kholohali ea leholimo. Koloi ena e khanyang e tšoantšetsa karolo e leholimong ea mokhatlo oa Jehova. O palame koloi ena ka kutloisiso ea hore o laola mokhatlo oa hae ka tsela e molemo ’me o o sebelisa ho latela morero oa hae.—Pes. 103:20.
15 Lebili ka leng koloing ena le na le lebili le leng ka har’a lona le lekanang le lona ka bophara ’me le kentsoe le tšekaletse. Ke ka lebaka leo ho ka thoeng mabili ao “a tsamaea ka mahlakore a ’ona a mane.” (Ezek. 1:17) Mabili ao a ka thinya ka ho panya ha leihlo. Leha ho le joalo, seo ha se bolele hore koloi ena e itsamaela feela ho se na motho ea e laolang. Jehova ha a lumelle mokhatlo oa hae hore o itaole. Ezekiele 1:20 e re: “Kae kapa kae moo moea o sekamelang ho ea teng, li ne li e-ea teng.” Kahoo, ke Jehova ea etsang hore mokhatlo oa hae o ee kae kapa kae moo moea oa hae o o laelang hore o ee teng. Potso eo re lokelang ho ipotsa eona ke ena, ‘Na ke tsamaisana le oona?’
16 Ho tsamaisana le mokhatlo oa Jehova ha ho bolele feela ho ba teng libokeng le ho ea tšimong. Ho boetse ho bolela ho ithuta ka ho eketsehileng ka Molimo le ho ba le kamano e haufi le eena. Re “nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo” ebile re ithuta lithuto tsa morao-rao tsa Bibele. (Bafil. 1:10; 4:8, 9; Joh. 17:3) Hape, re lokela ho hopola hore tšebelisano-’moho ke ea bohlokoa e le hore lintho li hlophisoe li be li tsamaisoe hantle. Kahoo, re lokela ho sebelisa hamolemo litokisetso tsa moea le tsa nama tseo Jehova a re fileng tsona e le hore re phethe mosebetsi oa hae. Ha re ntse re tsamaisana le koloi ea Jehova ea leholimo, re phela ka tsela e lumellanang le molaetsa oo re o phatlalatsang.
17 Mokhatlo oa Jehova o re thusa hore re tsoele pele ho etsa thato ea Molimo. Hopola hore Jehova ke eena Mokhanni oa koloi ena ea leholimo. Ka lebaka leo, ha re tsamaisana le koloi ea leholimo re bontša hore re hlompha Jehova ’me re tšepa Lefika la rona. (Pes. 18:31) Bibele e tšepisa sena: “Jehova o tla fa batho ba hae matla. Jehova o tla hlohonolofatsa batho ba hae ka khotso.” (Pes. 29:11) Kaha re karolo ea mokhatlo oa Jehova kajeno, Jehova o re fa matla ebile re thabela khotso eo batho ba hae ba nang le eona. Ha ho pelaelo hore re tla tsoela pele re fumana litlhohonolofatso tse ngata ha re ntse re etsa thato ea Jehova hona joale le ka ho sa feleng.