KHAOLO EA 4
Kamoo Phutheho e Hlophisitsoeng le ho Tsamaisoa Kateng
MOAPOSTOLA PAULUSE o ile a bua ’nete ea bohlokoa ka Molimo lengolong la hae la pele le eang ho Bakorinthe ha a ne a re: “Molimo hase Molimo oa ho hloka taolo, empa ke oa khotso.” Ha a tsoela pele ’me a bua ka liboka tsa phutheho, o ile a re: “Lintho tsohle li ke li etsahale ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.”—1 Bakor. 14:33, 40.
2 Qalong ea lengolo leo, moapostola o ile a fana ka keletso mabapi le ho hloka kutloano ho neng ho le teng phuthehong ea Korinthe. Pauluse o ile a eletsa barab’abo ba moo hore ba “bue ka tumellano” le hore ba “kopane ka ho loketseng kelellong e tšoanang le mokhoeng o tšoanang oa ho nahana.” (1 Bakor. 1:10, 11) Ka mor’a moo a ba lemosa ka lintho tse sa tšoaneng tse neng li ka senya bonngoe ba phutheho. O ile a etsa papiso ka ’mele oa motho ho bontša hore Bakreste ba lokela ho ba bonngoeng le ho sebelisana ’moho. A ba a khothalletsa bohle ka phuthehong ea Bokreste hore ba hlokomelane ka lerato ho sa tsotellehe karolo eo ba e phethang. (1 Bakor. 12:12-26) Ha bohle ka phuthehong ba sebelisana hammoho, ho totobetse hore phutheho e tla hlophiseha.
3 Empa phutheho ea Bokreste e ne e lokela ho hlophisoa joang? E ne e tla hlophisoa ke mang? Hona e ne e tla tsamaisoa joang? Ke bo-mang bao e neng e tla ba balebeli? Re ka fumana likarabo tse hlakileng tsa lipotso tsena ka Bibeleng.—1 Bakor. 4:6.
E HLOPHISITSOE HO LATELA PUSO EA MOLIMO
4 Phutheho ea Bokreste e ile ea thehoa ka 33 C.E. ka letsatsi la Pentekonta. Re ka ithuta’ng ka phutheho ea mehleng ea baapostola? E ne e hlophisitsoe e bile e tsamaisoa ho latela puso ea Molimo, ke hore ho latela tataiso ea hae. Tlaleho e bululetsoeng ea se ileng sa etsahala Jerusalema lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng e bontša ka ho hlaka hore phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng e ne e thehiloe ke Molimo. (Lik. 2:1-47) E ne e le mohaho oa hae kapa ntlo ea hae. (1 Bakor. 3:9; Baef 2:19) Kajeno phutheho ea Molimo e latela tsela eo phutheho ea mehleng ea baapostola e neng e hlophisitsoe ka eona.
Kajeno phutheho ea Molimo e latela tsela eo phutheho ea mehleng ea baapostola e neng e hlophisitsoe ka eona
5 Phutheho ea pele e ile ea qala ka batho ba ka bang 120. Moea o halalelang o ile oa tšolleloa holim’a bona pele ho phethahatsa Joele 2:28, 29. (Lik. 2:16-18) Empa hona letsatsing leo, ba bang ba ka bang 3 000 ba ile ba kolobetsoa ka metsi ’me eaba e-ba karolo ea phutheho e tsoetsoeng ka moea. Ba ne ba amohetse lentsoe le mabapi le Kreste ’me “ba tsoela pele ho inehela thutong ea baapostola.” Ka mor’a moo, “Jehova a tsoela pele ho ba eketsa letsatsi le letsatsi ka ba ntseng ba pholosoa.”—Lik. 2:41, 42, 47.
6 Phutheho ea batlotsuoa e neng e le Jerusalema e ile ea hola hoo moprista ea phahameng oa Mojuda a ileng a tletleba ka ho re barutuoa ba tlatsitse Jerusalema ka thuto ea bona. Barutuoa ba bacha ba Jerusalema ba ne ba akarelletsa baprista ba bangata ba Bajuda, bao e ileng ea e-ba karolo ea phutheho.—Lik. 5:27, 28; 6:7.
7 Jesu o itse: “Le tla ba lipaki tsa ka Jerusalema le Judea le Samaria kaofela le ho isa karolong e hole-hole ea lefatše.” (Lik. 1:8) Kahoo, ha ho hlaha mahloriso a matla Jerusalema ka mor’a lefu la Setefane, barutuoa ba ile ba balehela Judea le Samaria. Empa hohle moo ba neng ba e-ea teng, ba ile ba tsoela pele ho phatlalatsa litaba tse molemo le ho etsa barutuoa ba eketsehileng, ho kopanyelletsa le ba bang ba tsoang har’a Basamaria. (Lik. 8:1-13) Hamorao, litaba tse molemo li ile tsa bolelloa le Balichaba ba sa bollang, ’me ba bang ba li amohela. (Lik. 10:1-48) Mosebetsi ona oohle o ile oa fella ka hore ho be le barutuoa ba bangata ’me ho thehoe liphutheho libakeng tse ling tse ka thoko ho Jerusalema.—Lik. 11:19-21; 14:21-23.
8 Ho ile ha etsoa litokisetso life ho tiisa hore liphutheho tse sa tsoa thehoa li hlophisoa le ho tsamaisoa ka tsela ea Molimo? Ka tataiso ea moea oa Molimo, ho ile ha etsoa tokisetso ea hore balisa ba boemong bo tlaasana ho ba Kreste ba hlokomele mohlape. Pauluse le Barnabase ba ile ba khetha baholo liphuthehong tseo ba ileng ba li etela leetong la bona la pele la boromuoa. (Lik. 14:23) Mongoli oa Bibele Luka o re bolella ka seboka seo Pauluse a ileng a ba le sona le baholo ba phutheho ea Efese. Pauluse o ile a re ho bona: “Ikeleng hloko ’me le ele hloko le mohlape oohle, oo moea o halalelang o le behileng balebeli har’a oona, hore le lise phutheho ea Molimo, eo a e rekileng ka mali a Mora oa hae.” (Lik. 20:17, 28) Ba ne ba tšoaneleha hore e be baholo hobane ba e-na le litšoaneleho tse hlahang ka Mangolong. (1 Tim. 3:1-7) Tite ea neng a sebetsa ’moho le Pauluse, o ile a fuoa matla a ho khetha baholo liphuthehong tsa Kreta.—Tite 1:5.
9 Ha ho ntse ho thehoa liphutheho tse eketsehileng, baapostola le baholo ba Jerusalema ba ile ba tsoela pele ho sebeletsa e le balebeli ba ka sehloohong ba phutheho eo e ntseng e hola e nang le batho ba mefuta eohle. Ba ne ba sebeletsa e le sehlopha se busang.
10 Ha moapostola Pauluse a ngolla phutheho ea Efese, o ile a hlalosa hore ha phutheho ea Bokreste e sebetsa tumellanong le moea oa Molimo, e ka lula e le bonngoeng ka ho ipeha tlas’a bohlooho ba Jesu Kreste. Moapostola o ile a khothalletsa Bakreste ba moo hore ba hlaolele boikokobetso ’me ba boloke “bonngoe ba moea” ka hore ba sebelisane ka khotso. (Baef 4:1-6) Ka mor’a moo o ile a qotsa Pesaleme ea 68:18 ’me a e sebelisa tokisetsong ea Jehova ea hore banna ba nang le litšoaneleho tsa moea ba hlokomele litlhoko tsa phutheho e le baapostola, baprofeta, baevangeli, balisa le matichere. Kaha banna ba joalo e ne e le limpho tse tsoang ho Jehova, ba ne ba tla thusa phutheho eohle hore e matlafale tumelong ’me seo se ne se tla thabisa Molimo.—Baef. 4:7-16.
LIPHUTHEHO LI LATELA MOHLALA OA BAAPOSTOLA
11 Kajeno liphutheho tsohle tsa Lipaki Tsa Jehova li hlophisitsoe ka tsela e tšoanang. Liphutheho tsena li theha phutheho e le ’ngoe ea lefatše lohle e momahaneng eo tšiea ea eona e leng batlotsuoa. (Zak. 8:23) Jesu Kreste ke eena ea etsang hore sena se phethahale. O ile a phetha tšepiso ea hae ea hore o tla ba le barutuoa ba hae ba tlotsitsoeng “ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” Batho ba tlisoang ka phuthehong ena e holang ba amohela litaba tse molemo tsa Molimo, ba nehela bophelo ba bona ka ho feletseng ho Jehova ’me ba kolobetsoa e le barutuoa ba Jesu. (Mat. 28:19, 20; Mar. 1:14; Lik. 2:41) Ba ela hloko hore Jesu Kreste, “molisa ea khabane,” ke Hlooho ea mohlape kaofela o entsoeng ka Bakreste ba tlotsitsoeng hammoho le “linku tse ling.” (Joh. 10:14, 16; Baef. 1:22, 23) “Mohlape [oo] o le mong” o boloka bonngoe ba oona ka hore ka botšepehi o amohele bohlooho ba Kreste le hore hape o ipehe tlas’a mocha o sebelisoang ke mokhatlo o hlophisitsoeng, e leng “lekhoba le tšepahalang le le masene,” leo Kreste a le khethileng. E se eka re ka tsoela pele ho tšepa mocha ona ka ho feletseng.—Mat. 24:45.
MEKHATLO EA MOLAO E RE THUSA JOANG?
12 E le hore barab’abo rona ba fane ka lijo tsa moea ka nako e tšoanetseng le hore litaba tse molemo tsa ’Muso li boleloe pele bofelo bo fihla, ho thehiloe mekhatlo e itseng ea molao. Mekhatlo ena e lumeletsoe ka molao linaheng tse fapa-fapaneng ebile ea sebelisana. E etsa hore ho be bonolo ho bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle.
TSELA EO LEKALA LE HLOPHISITSOENG KA EONA
13 Ha ho thehoa ofisi ea lekala, ho khethoa Komiti ea Lekala ea baholo ba bararo kapa ho feta e tla hlokomela mosebetsi naheng eo kapa linaheng tse tlas’a lekala leo. Setho se le seng sa komiti se sebeletsa e le mohokahanyi oa Komiti ea Lekala.
14 Liphutheho tse tlas’a lekala ka leng li hlophisitsoe ka lipotoloho. Lipotoloho tsena li fetana ka boholo ho itšetlehile ka libaka tseo li leng ho tsona le lipuo tse buuoang moo haesita le palo ea liphutheho tse tšimong ea lekala. Ho khethoa molebeli oa potoloho hore a hlokomele liphutheho tse potolohong ka ’ngoe. Ofisi ea lekala e fa molebeli oa potoloho litaelo tse mabapi le hore na a etse mosebetsi oa hae joang.
15 Liphutheho li tšehetsa litokisetso tsa mokhatlo ’me seo se tsoela bohle molemo. Li hlompha le ho ananela baholo ba okamelang mosebetsi makaleng, lipotolohong le liphuthehong. Li itšetlehile ka lekhoba le tšepahalang le le masene bakeng sa ho fumana lijo tsa moea ka nako e loketseng. Lekhoba le tšepahalang le lona le tšehetsa bohlooho ba Kreste, le khomarela melao-motheo ea Bibele ’me le latela tataiso ea moea o halalelang. Ha re sebetsa hammoho ka kutloano, re tla rua molemo oo Bibele e reng Bakreste ba mehleng ea baapostola ba ile ba o fumana ha e re: “Ka sebele, liphutheho tsa tsoela pele ho tiisoa tumelong le ho eketseha ka palo letsatsi le letsatsi.”—Lik. 16:5.