KHAOLO EA 11
Litokisetso Tsa ho ba le Libaka Tsa Borapeli
BARAPELI ba Jehova ba laeloa hore ba bokane e le hore ba rupeloe ba be ba khothatsane. (Baheb. 10:23-25) Sebaka sa pele sa borapeli sa Baiseraele, e leng sechaba seo Molimo a neng a se khethile e ne e le “tabernakele,” kapa “tente ea pokano.” (Ex. 39:32, 40) Hamorao, mora oa Davida, Solomone, o ile a haha ntlo kapa tempele, e leng moo ho neng ho tla rorisoa Molimo. (1 Mar. 9:3) Ka mor’a hore tempele eo e ripitloe ka 607 B.C.E., Bajuda ba ne ba bokana lisynagogeng e le hore ba rapele Molimo. Hamorao tempele e ile ea hahoa bocha ’me ba boela ba bokana ho eona. Jesu o ne a ruta lisynagogeng le tempeleng. (Luka 4:16; Joh. 18:20) Ka lekhetlo le leng o ile a ruta a le thabeng.—Mat. 5:1–7:29.
2 Ka mor’a lefu la Jesu, Bakreste ba ne ba bokana libakeng tsa sechaba le malapeng e le hore ba buisane ka Mangolo le ka lintho tse ling. (Lik. 19:8, 9; Bar. 16:3, 5; Bakol. 4:15; Filem. 2) Ka linako tse ling, Bakreste ba pele ba ne ba tlameha ho bokana libakeng tse ka thoko e le hore batho ba ba hlorisang ba se ke ba ba fumana. Ka sebele, nakong e fetileng bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba ne ba lakatsa ho bokana libakeng tsa borapeli e le hore ‘ba rutoe ke Jehova.’—Esa. 54:13.
3 Le kajeno liboka li ntse li tšoareloa malapeng le libakeng tsa sechaba. Hangata liboka tsa tšebeletso ea tšimo li tšoareloa malapeng. Ba lumelang hore malapa a bona a sebelisetsoe liboka tse joalo, ba nka sena e le tlotla. Ba bangata ba bolela hore ba ruile molemo ka ho lumela hore malapa a bona a sebelisoe ka tsela ena.
HOLO EA ’MUSO
4 Ka tloaelo Lipaki Tsa Jehova li tšoarela liboka Holong ea ’Muso. Hangata ho rekoa setša ebe ho hahoa Holo ea ’Muso kapa ho ntlafatsoa e seng e ntse e le teng. Haeba maemo a lumela, liphutheho tse ling li ka sebelisa Holo e le ’ngoe ea ’Muso e le hore li fokotse litšenyehelo. Libakeng tse ling phutheho e lokela ho hira holo. Haeba ho hahoa Liholo Tsa ’Muso kapa li nchafatsoa, li lokela ho neheloa. Leha ho le joalo, haeba ho lokisoa lintho tse seng kae feela Holong ea ’Muso ha ho hlokahale hore e neheloe.
5 Holo ea ’Muso ha ea lokela ho ba mohaho o majabajaba o etselitsoeng ho khahla batho. Le hoja lipolane tsa eona li fapana ho ea ka libaka, e ntse e phetha mosebetsi oa eona. (Lik. 17:24) E lokela ho ba mohaho o itekanetseng ho latela sebaka seo e leng ho sona ’me e be maemong a matle e le hore liboka li tšoaroe ntle ho tšitiso.
6 Liphutheho tsohle tsa Lipaki Tsa Jehova li ntša monehelo oa ho sebelisa Holo ea tsona ea ’Muso le ho e hlokomela. Ha ho ntšoe koleke ebile ha ho qeloe chelete. Leha ho le joalo, ho na le lebokose leo ho lona ba tlileng libokeng ba ka ithaopelang ho kenya monehelo oa ho lefella litšenyehelo tse kang motlakase le metsi. Ba etsa sena ka ho rata.—2 Bakor. 9:7.
7 Bohle ba ka phuthehong ba thabela ho fana ka menehelo ’me ba ithaopela ho hloekisa Holo ea ’Muso le ho e hlokomela. Hangata moholo kapa mohlanka ea sebeletsang ke eena ea hlophisang mosebetsi ona. Lihlopha tsa tšebeletso ea tšimo ke tsona tse hloekisang ’me molebeli oa setsi kapa mothusi oa hae e ba eena ea etellang pele. Holo ea ’Muso e lokela ho hloeka e le hore e se ke ea tlisa thohako lebitsong la Jehova le mokhatlong oa hae.
Bohle ba ka phuthehong ba thabela ho fana ka menehelo ’me ba ithaopela ho hloekisa Holo ea ’Muso le ho e hlokomela
8 Haeba liphutheho tse ’maloa li kopanela holong e le ’ngoe, baholo ba liphutheho tseo ba tla theha Komiti ea Tšebetso ea Holo ea ’Muso eo mosebetsi oa eona e leng ho bona hore holo ea hlokomeloa. Lihlopha tsa baholo li khetha moholo e mong hore e be mohokahanyi oa komiti eo. Komiti ena e sebetsa tlas’a tataiso ea lihlopha tsa baholo ’me e etsa bonnete ba hore holo ea hloekisoa, e hlokometsoe hantle le hore ho lula ho e-na le lisebelisoa (sesepa, mafielo le tse ling) tse lekaneng. Sena se hloka hore liphutheho tse amehang li sebelisane hammoho.
9 Ha liphutheho tse ’maloa li sebelisa Holo e le ’ngoe ea ’Muso, li lokela hore li lule li fetola linako tsa liboka selemo le selemo. Baholo ba lokela ho etsa liphetoho tseo ka tsela e bontšang hore ba rata barab’abo bona le hore baa ba nahanela. (Bafil. 2:2-4; 1 Pet. 3:8) Ha ho phutheho e lokelang ho etsetsa liphutheho tse ling liqeto. Ha molebeli oa potoloho a etela phutheho e ’ngoe ho tse sebelisang holo eo, liphutheho tse ling li tla fetola nako tsa liboka.
10 Holo ea ’Muso e ka sebelisetsoa machato le mapato ka tumello ea Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho. Baholo ba lokela ho hlahloba kopo e ’ngoe le e ’ngoe ka hloko ebe ba etsa qeto ba itšetlehile ka tataiso eo ofisi ea lekala e faneng ka eona.
11 Batho ba lumeletsoeng ho sebelisa Holo ea ’Muso e le hore ba phethe merero e joalo, ba lebeletsoe hore ba itšoare ka tsela e tšoanelang Bakreste ba ’nete. Ha baa lokela ho etsa eng kapa eng e ka khopisang phutheho kapa ea tlisa thohako lebitsong la Jehova le ho senya botumo ba phutheho. (Bafil. 2:14, 15) Ka linako tse ling, ofisi ea lekala e ka lumela hore Holo ea ’Muso e sebelisetsoe lintho tse ling tse amanang le borapeli tse kang Sekolo sa Tšebeletso sa ’Muso le Sekolo sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho.
12 Bohle ka phuthehong ba lokela ho hlompha sebaka seo liboka li tšoareloang ho sona. Li apare le ho itokisa ka tsela e hlomphehileng e tšoanelang barapeli ba Jehova. (Moek. 5:1; 1 Tim. 2:9, 10) Re bontša hore re ananela liboka tsa rona ha re mamela keletso ena.
13 Ke habohlokoa hore batho ba laolehe libokeng. Ho khothalletsoa hore bana ba lule le batsoali ba bona. Batsoali ba nang le bana ba banyenyane ba khothalletsoa ho lula moo ba ke keng ba sitisa ba bang ha ba ba isa ka ntle e le hore ba ba khalemele kapa ba ba hlokomele ka tsela e itseng.
14 Barab’abo rona ba tšoanelehang ba abeloa ho ba bahlokomeli Holong ea ’Muso. Ba lokela ho falimeha, ba be botsoalle ’me ba be le kahlolo e molemo. Boikarabelo ba bona bo akarelletsa ho lumelisa ba qalang ho tla libokeng le ho etsa hore ba phutholohe, ho thusa ba fihlang ka mor’a nako hore ba fumane litulo, ho bala ba bileng teng le ho hlokomela hore holo e futhumetse hantle le hore e na le moea o lekaneng. Haeba ho hlokahala, bahlokomeli ba lokela ho hopotsa batsoali hore ba behe bana leihlo e le hore ba se ke ba bapalla holong pele le ka mor’a liboka. Ka tsela e mosa le e nahanelang, mohlokomeli a ka ’na a kopa motsoali oa ngoana ea sokolisang hore a mo ntšetse ka ntle e le hore a se ke a sitisa ba bang ho mamela. Tšebeletso e etsoang ke bahlokomeli e etsa hore bohle ba thabele liboka. Ho molemo hore bahlokomeli e be bahlanka ba sebeletsang le baholo.
KAHO EA LIHOLO TSA ’MUSO
15 Mehleng ea baapostola, Bakreste ba bang ba ne ba ruile ho feta ba bang, ke kahoo moapostola Pauluse a ileng a ngola a re: “Ka ho leka-lekanya botlallo ba lona hona joale bo ka koala khaello ea bona, e le hore botlallo ba bona le bona bo ka koala khaello ea lona, e le hore ho leka-lekanya ho ka ba teng.” (2 Bakor. 8:14) Le kajeno “ho leka-lekanya” ho teng. Monehelo oo liphutheho lefatšeng ka bophara li fanang ka oona o sebelisetsoa ho haha Liholo Tsa ’Muso le ho li ntlafatsa. Mokhatlo le liphutheho tse haheloang liholo ka menehelo ena li ananela tšehetso ea barab’abo rona.
16 Sebakeng se seng le se seng ofisi ea lekala ke eona e rerang hore na liphutheho li tla kopanela Liholong life tsa ’Muso. Hape, ofisi ea lekala ke eona e etsang qeto ea hore na Liholo Tsa ’Muso li lokela ho hahoa libakeng life hona neng le hore ke life tse lokelang ho ntlafatsoa. Ha likoluoa li hlaha, ho etsoa litokisetso tsa hore ho lokisoe Liholo Tsa ’Muso tse senyehileng ’me ka linako tse ling ho lokisoa matlo a barab’abo rona.
17 Ofisi ea lekala e hlophisa baithaopi ba tla thusa ho batla litša, ho etsa lipolane tsa Liholo Tsa ’Muso, ho fumana mangolo a tumello ea ho li haha, ho li haha le ho li lokisa. Kaha ho hlokahala Liholo Tsa ’Muso linaheng tse ngata, ho hlokahala baithaopi ba bangata. Bahoeletsi bohle ba kolobelitsoeng ba tšoanelehang ’me ba lakatsa ho ithaopela ho etsa mosebetsi ona ba ka tlatsa foromo e loketseng ebe ba e fa Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho. Bahoeletsi ba sa kolobetsoang le bona ba ka thusa mosebetsing oa ho haha kapa oa ho lokisa Holo ea phutheho ea habo bona.
LIHOLO TSA KOPANO
18 Hangata Bakreste ba pele ba ne ba bokana ka lihlopha tse nyenyane. Leha ho le joalo, ka linako tse ling ho ne ho bokana “bongata bo boholo.” (Lik. 11:26) Ka ho tšoanang, batho ba Jehova kajeno ba bokana ka bongata likopanong tsa potoloho le tsa setereke. Hangata likopano tsena li tšoareloa mehahong e hirisoang, empa haeba e se boemong bo botle kapa e sa fumanehe, ho ka sebelisoa Holo ea Kopano.
19 Ka linako tse ling ho rekoa mohaho ebe oa nchafatsoa ’me o sebelisoa e le Holo ea Kopano. Leha ho le joalo, hangata ho batloa setša ebe ho hahoa holo. Liholo Tsa Kopano lia fapana ka boholo, ho itšetlehile ka litlhoko tsa sebaka ka seng. Ka mor’a hore ofisi ea lekala e hlahlobe hore na ho tla hlokahala chelete e kae le hore na mohaho o tla sebelisoa hakae ka selemo, e tla etsa qeto ea hore na hoa hlokahala hore ho rekoe mohaho oa Holo ea Kopano kapa e hahoe.
20 Ofisi ea lekala e khetha barab’abo rona ba tla hlokomela Holo ea Likopano e le hore e lule e le boemong bo botle. Lipotoloho li koptjoa ho thusa ho hloekisa Holo ea Kopano ha li qeta ho e sebelisa le ho thusa tokisetsong ea ho e hloekisa habeli ka selemo le ea ho e boloka e le boemong bo botle. Ho ka ba molemo hore barab’abo rona e be bona ba ithaopelang ho etsa mosebetsi ona. Kahoo, liphutheho li khothalletsoa hore li tšehetse litokisetso tsena ka pelo eohle.—Pes. 110:3; Mal. 1:10.
21 Ka linako tse ling, Holo ea Kopano e ka boela ea sebelisetsoa liketsahalo tse amanang le borapeli ba rona, tse kang likolo tsa Bibele le liboka tse khethehileng tsa balebeli ba tsamaeang. Holo ea Kopano ke sebaka sa borapeli se nehetsoeng ho Jehova. Ha re bokane Holong ea Kopano, re lokela ho itšoara, ho apara le ho itokisa ka tsela e bontšang tlhompho joalokaha re le Holong ea ’Muso.
22 Matsatsing ana a ho qetela, batho ba bangata ba phallela phuthehong ea Molimo. Sena se bontša hore Jehova oa e hlohonolofatsa. (Esa. 60:8, 10, 11, 22) Kahoo, re lokela ho tšehetsa litokisetso tsa ho ba le libaka tsa borapeli le ho li boloka li le boemong bo botle. Ha re etsa joalo, re bontša hore re ananela ho ba le libaka tsena tseo ha re le ho tsona re khothatsanang haholo kaha re bona letsatsi la Jehova le ntse le atamela.