A re Bolokeng Sebaka sa Rōna sa Borapeli se le Boemong bo Botle
1. Holo ea ’Muso e phetha morero ofe?
1 Lefatšeng ka bophara ho na le liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova tse fetang 94 000. Liphutheho tse ngata li kopanela Holong ea ’Muso, e sebeletsang e le setsi sa borapeli ba ’nete, bakeng sa thuto ea Bibele le setsoalle sa Bokreste. Leha ho le joalo, tse ling li ntse li kopanela mehahong e hiriloeng, e kang likolo le mehaho ea nakoana.
2. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho boloka Holo ea ’Muso e hloekile ’me e boheha?
2 Ho Hloekisa ho Lokisetsoang Kamehla: Mosebetsi o etsoang oa ho hlokomela Holo ea ’Muso ke karolo ea bohlokoa ea tšebeletso ea rōna e halalelang. Buka ea Tšebeletso ea Rōna e re leqepheng la 61-2: “[Barab’abo rōna] ha baa lokela ho nka feela e le tokelo ho tšehetsa Holo ea ’Muso ka lichelete empa hape le ho ithaopela ho e hloekisa, ho e boloka e boheha, e lokisitsoe hantle. Ka ntle le ka hare, Holo ea ’Muso e emele phutheho ea Jehova hantle.” Kaha Holo ea ’Muso e sebelisoa hangata beke le beke, ho hlokahala hore e hloekisoe le ho hlokomeloa kamehla. Hangata baithaopi ba (li)phutheho e kopanelang Holong ea ’Muso ke bona ba hlokomelang lintho tsena. Joaloka mehleng ea Bibele, kajeno bahlanka ba Jehova ba lokela ho ba mafolofolo ha ba “nchafatsa le ho lokisa” sebaka sa rōna sa borapeli.—2 Likron. 34:10.
3. Ho hloekisoa ha Holo ea ’Muso ho hlophisoa joang, hona ke bo-mang ba ka kopanelang tokelong ee?
3 Kemiso ea ho hloekisa Holo ea ’Muso beke le beke e lokela ho manehoa lematjaneng la litsebiso. Lihlopha tsohle tsa thuto ea buka li lokela ho chenchana ka ho hloekisa holo beke le beke, li latele lethathamo la lintho tse lokelang ho etsoa. Bohle ba khonang ba lokela ho kopanela tokelong ena ea beke le beke ea ho boloka Holo ea ’Muso e hloekile ’me e boheha. Bana ba leng tlhokomelong ea batsoali ba ka akarelletsoa e le hore ba ka rutoa ho ananela tokelo ena. Haholo-holo ha Holo ea ’Muso e sebelisoa ke liphutheho tse ’maloa, ho hlokahala tšebelisano-’moho e ntle e le hore ho se ke ha imetsoa batho ba seng bakae hore ba hlokomele karolo ena ea bohlokoa ea borapeli ba rōna. Sena se boetse se sebetsa le liphuthehong tse sebelisang mehaho e hiriloeng kapa mehaho ea nakoana.
4. Ho lokela hore ho etsoe’ng e le hore phutheho e tsebe seo e lokelang ho se etsa ha e hloekisa Holo ea ’Muso?
4 Mohlomong lethathamo la lintho tse lokelang ho etsoa le ka manehoa moo thepa e behoang teng. Lethathamo lena le lokela ho hlalosa mesebetsi e lokelang ho etsoa beke le beke, ho akarelletsa ho fiela, ho hloekisa lifensetere, ho phumola lerōle litafoleng, ho qhala meqomo ea lithōle, ho koropa fatše le ho hloekisa liipone. Mesebetsi e meng e ka ’na ea se ke ea etsoa hangata, joaloka ho polesha fenishara le ho hlatsoa litulo, likharetene le mabone. Lik’hemik’hale tsohle tse sebelisoang ha ho hloekisoa li lokela ho behoa moo bana ba sa fihleleng ’me li lokela ho ngoloa mabitso a hlakileng. Ho lokela ho fanoe ka tlhaloso e khutšoanyane ea kamoo k’hemik’hale ka ’ngoe e lokelang ho sebelisoa kateng.
5. Polokeho ke ea bohlokoa hakae, hona ke lintho life tse lokelang ho hlahlojoa nako le nako? (Bona lebokose le leqepheng la 4.)
5 Polokeho Holong ea ’Muso ke ea bohlokoa ka ho fetisisa. (Deut. 22:8) Tabeng ena, lebokose le leqepheng la 4 le thathamisa lintho tse ling, tseo haeba li le teng, ho hlokahalang hore li hlahlojoe nako le nako e le hore ho ka thibeloa likotsi.
6. Mosebetsi oa ho hlokomela Holo ea ’Muso o hlophisoa joang?
6 Ho Hlokomela Holo ea ’Muso: Sehlopha sa baholo se na le boikarabelo ba ho bona hore Holo ea ’Muso e hlokomeloa hantle. Ka tloaelo, ho khethoa moholo kapa mohlanka ea sebeletsang hore a hlophise mosebetsi. O hlophisa tsamaiso ea letsatsi le letsatsi ea Holo ea ’Muso, o tiisa hore e bolokoa e hloekile ’me e le boemong bo botle le hore ho na le thepa e lekaneng ea ho hloekisa. Ke habohlokoa hore ho se ke ha e-ba le maemo a kotsi ka har’a holo kapa jareteng. Haeba holo e le ’ngoe e sebelisoa ke liphutheho tse peli kapa ho feta, lihlopha tsa baholo li khetha komiti ea tšebetso hore e hlophise litokisetso tsa ho hlokomela mohaho le thepa. Komiti ena e sebetsa tlas’a tataiso ea lihlopha tsa baholo.
7. (a) Ho etsoa’ng selemo le selemo e le ho tiisa hore Holo ea ’Muso e bolokoa e le boemong bo botle? (b) Ke lintho life tse hlokang ho hlokomeloa nako le nako? (Bona lebokose le leqepheng la 5.)
7 Selemo le selemo Holo ea ’Muso e hlahlojoa ka ho feletseng. Baholo ba tiisa hore ba etsa litokisetso tsa hore lintho leha e le life tse hlokang ho eloa hloko li hlokomeloa hantle. Bahoeletsi ba ka ’na ba mengoa hore ba thuse ka mosebetsi o hlokahalang oa ho lokisa le ho hlokomela holo. Bohle ba lokela ho ela ntho e ’ngoe le e ’ngoe hloko ’me ba potlakele ho lokisa lintho tse hlokang ho hlokomeloa. Mohaho oa nakoana oo ho kopaneloang ho oona o lokela ho hlokomeloa hantle.
8. Baholo ba ka ikopanya le Komiti ea Kaho ea Libaka neng mabapi le litaba tsa ho hlokomela holo?
8 Haeba baholo ba nahana hore ba hloka keletso kapa thuso mabapi le ho hlokomela Holo ea ’Muso, ba ka ikopanya le Komiti ea Kaho ea Libaka. Sena se ka ’na sa akarelletsa lintho tse kang ho hlokomela k’hapete le ho loantša mongobo mohahong.
9. Ho lokela hore ho lateloe mehato efe haeba ho hlokahala hore ho hiroe k’hamphani?
9 Ho Sebelisa Lichelete Tsa Phutheho ka Bohlale: Bongata ba mosebetsi Holong ea ’Muso le jareteng o etsoa ke baithaopi. Boitelo ba bona ke pontšo e khabane ea hore ba rata ho thusa ho boloka litšenyehelo li le tlaase haholo. Haeba ho hlokahala ho hira k’hamphani hore e etse mosebetsi o itseng, joaloka ho loantša likokoanyana tse senyang kapa ho lokisa thepa ea motlakase, baholo ba lokela ho fumana likhakanyetso tsa litšenyehelo lik’hamphaning tse sa tšoaneng bakeng sa mosebetsi o joalo. Tabeng ea pele ba ngola lethathamo le qaqileng la mosebetsi o lokelang ho etsoa le thepa e lokelang ho rekoa. Kopi ea lethathamo lena e fuoa lik’hamphani tse sa tšoaneng e le hore kaofela li ka fana ka likhakanyetso li tseba hantle hore na ho hlokahala’ng. Ka mor’a ho fumana likhakanyetso tse ngotsoeng tse tsoang lik’hamphaning tse ’maloa, joale baholo ba ka khetha k’hamphani e molemohali. Mehato ena e lokela ho lateloa esita le haeba mor’abo rōna a ithaopela ho etsa mosebetsi oo kapa ho fana ka thepa e hlokahalang ka chelete e tobileng.
10. Ho etsoa’ng ho tiisa hore lichelete tsa phutheho li sebelisoa hantle?
10 Baholo ba boetse ba nka mehato e loketseng ea ho kōpa hore thepa e se ke ea lefisoa lekhetho, haeba tokisetso e joalo e le teng. Haeba Holo ea ’Muso e sebelisoa ke liphutheho tse ’maloa, komiti ea tšebetso e boloka liak’haonte tse fapaneng tsa banka ’me e fa sehlopha se seng le se seng sa baholo litlaleho tse ngotsoeng tsa lichelete tsa khoeli le khoeli, e le hore baholo ba lule ba tseba hore na lichelete li sebelisoa joang. Baholo ke bona ba ikarabellang ho tiisa hore lichelete tsa phutheho li sebelisoa hantle.
11. Ho lokela hore ho etsoe’ng haeba ho hlokahala mosebetsi o moholo oa tlhokomelo le nchafatso?
11 Mosebetsi o Moholo oa Tlhokomelo le Nchafatso: Ha komiti ea tšebetso e nahana hore ho na le mosebetsi o moholo o lokelang ho etsoa mabapi le tšebetso kapa tlhokomelo ea Holo ea ’Muso, komiti e fetisetsa taba ena lihlopheng tsa baholo bakeng sa tataiso. Haeba ho hlokomeloa hore ho hlokahala mosebetsi o moholo oa tlhokomelo kapa oa nchafatso kapa hore ho tla hlokahala thuso e tsoang ka ntle ho (li)phutheho e kopanelang Holong eo ea ’Muso, baholo ba iteanya le Komiti ea Kaho ea Libaka. Bara bana babo rōna ba tšoanelehang, ba nang le phihlelo ba fana ka litlhahiso le tlhokomelo e molemo mabapi le ho tsamaisa mosebetsi. Haeba ho ameha litšenyehelo tse phahameng, ho tla hlokahala hore ho fumanoe likhakanyetso tse nepahetseng tsa litšenyehelo ’me ho lokisetsoe qeto e tla amoheloa ke phutheho.—Bona Lebokose la Lipotso Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea February 1994.
12. Re ka bontša joang hore re ananela tokelo ea ho ba teng libokeng Holong ea ’Muso?
12 Re ananela hakaakang tokelo ea rōna ea ho kopana hammoho Holong ea ’Muso! Le ka mohla ha re batle ho hlokomoloha liboka tsa rōna kapa ho li khella fatše. Bohle ba ka tlatsetsa katlehong ea tokisetso ena e etselitsoeng ho re khothatsa ka ho kopanela ka botlalo tlhokomelong ea Holo ea rōna ea ’Muso. Sena se phahamisa borapeli bo hloekileng ’me se tlotlisa lebitso la Jehova. A re ikemisetseng ho boloka sebaka sa rōna sa borapeli se le boemong bo botle.
[Lebokose le leqepheng la 4]
Lethathamo la Polokeho
◻ Litima-mollo, haeba li le teng, li lokela ho ba moo li ka finyelloang habonolo ’me li hlahlojoe selemo le selemo.
◻ Menyako ea ho tsoa le litepisi li lokela ho tšoauoa ka ho hlaka, li be le khanya e lekaneng, ho be bonolo ho fihla ho tsona ’me litšepe tsa ho itšoarella litepising e lokela ho ba tse sireletsehileng.
◻ Libaka tsa polokelo le matloana li lokela ho hloeka, li hlophisehe ’me li se ke tsa e-ba le thepa e chang habonolo, lintho tsa botho le lithōle.
◻ Marulelo le litselana tsa metsi li lokela ho hlahlojoa le ho hloekisoa kamehla.
◻ Litselana tse katiloeng le libaka tsa ho emisa likoloi li lokela ho khantšoa ’me ho tlosoe lintho tse ka ’nang tsa etsa hore motho a thelle kapa a oe.
◻ Tsamaiso ea motlakase, e futhumatsang le e kenyang moea e lokela ho hlahlojoa hantle.
◻ Libaka leha e le life tse nelang li lokela ho lokisoa kapele e le hore ho qojoe mathata a bakoang ke mongobo.
◻ Haeba ho se na motho jareteng mohaho o lokela ho notleloa.
[Lebokose le leqepheng la 5]
Ho Hlokomela Mohaho le Thepa
◻ Ka ntle: Na marulelo, mabota, pente, lifensetere le letšoao la Holo ea ’Muso li boemong bo botle?
◻ Jarete: Na jarete e hlokometsoe hantle? Na litselana tse katiloeng, fense le libaka tsa ho emisa likoloi li boemong bo botle?
◻ Ka hare: Na lik’hapete, likharetene, litulo, lipeipi tsa metsi le motlakase, pente, lik’habote tsa libuka li boheha hantle?
◻ Thepa: Na mabone, tsamaiso ea molumo, thepa e futhumatsang le e kenyang moea e sebetsa hantle?
◻ Matloana: Na a hloekile ’me a sebetsa hantle? Na lithaole li hlatsuoa kamehla?
◻ Litokomane tsa phutheho: Na boitsebiso ba batho ba ikarabellang bo nakong ’me bo nepahetse? Ha ho hlokahala, na liforomo tsa ho kōpa hore thepa e se ke ea lefisoa lekhetho li kenngoa faeleng selemo le selemo?