KHAOLO EA 15
Rua Molemo ka ho Ikokobelletsa Puso ea Molimo
KE HABOHLOKOA hore re ikokobeletse bolaoli ba Jehova, ’Musi oa popo eohle e le hore re hlophisetsoe ho etsa thato ea hae. Re ikokobelletsa Mora oa hae kaha ke hlooho ea phutheho. Hape ke habohlokoa hore re mamele molao-motheo oa bohlooho le likarolong tse ling tsa bophelo. Kaofela re rua molemo ha re ikokobelletsa bolaoli ba Molimo.
2 Serapeng sa Edene batho ba ile ba laeloa ho ikokobelletsa bolaoli. Taelo ena e totobatsoa ke mantsoe a Molimo a ho Genese 1:28 le 2:16, 17. Liphoofolo li ne li lokela ho laoloa ke batho ’me Adama le Eva ba ne ba lokela ho mamela Molimo le ho ikokobelletsa bolaoli ba hae. Ha ba etsa joalo, ho ne ho tla ba le khotso ’me lintho tsohle li ne li tla laoleha. Molao-motheo oa bohlooho o boetse o totobatsoa ho 1 Bakorinthe 11:3. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ke batla hore le tsebe hore hlooho ea monna e mong le e mong ke Kreste; hape hlooho ea mosali ke monna; hape hlooho ea Kreste ke Molimo.” Sena se bolela hore ke Jehova feela eo ho sa hlokahaleng hore a ikokobelletse tokisetso ena ea bohlooho.
3 Kajeno batho ba bangata ha ba ikokobeletse tokisetso ea bohlooho. Hobane’ng? Bothata bo ile ba qala Edene ha batsoali ba rona ba pele ba se ba sa batle ho ba tlas’a bohlooho ba Molimo. (Gen. 3:4, 5) Leha ho le joalo, ha baa ka ba e-ba le bolokolohi boo ba neng ba bo batla. Ho e-na le hoo, ba ile ba laoloa ke Satane Diabolose, sebopuoa se khopo sa moea. Bofetoheli boo bo ile ba arohanya batho le Molimo. (Bakol. 1:21) Ka lebaka leo, kajeno batho ba bangata ba laoloa ke Satane.—1 Joh. 5:19.
4 Ha re ithuta Lentsoe la Molimo ’me re boloka melao ea hae, re ke ke ra hlola re e-ba tlas’a tšusumetso ea Satane. Kaha re Lipaki tse inehetseng, tse kolobelitsoeng, re lumella Jehova hore e be eena ea laolang bophelo ba rona. Re lumellana le Morena Davida ea ileng a re Jehova ke “hlooho ka holim’a tsohle.” (1 Likron. 29:11) Re boetse re lumela hore “Jehova ke Molimo. Ke eena ea re entseng, eseng rona. Re batho ba hae le linku tsa lekhulo la hae.” (Pes. 100:3) Rea hlokomela hore Jehova o moholo le hore re lokela ho ikokobelletsa eena hobane o bopile lintho tsohle. (Tšen. 4:11) Kaha re sebeletsa Molimo oa ’nete, re latela Jesu Kreste ea ileng a re behela mohlala o phethahetseng oa ho ikokobelletsa Molimo.
5 Jesu o ile a ithuta’ng linthong tse ileng tsa mo utloisa bohloko ha a ntse a le lefatšeng? Baheberu 5:8 e re: “Le hoja e ne e le Mora, o ile a ithuta ho mamela linthong tseo a ileng a utloisoa bohloko ke tsona.” Ka sebele Jesu o ile a ikokobelletsa Ntate oa hae ea leholimong ka botšepehi le har’a mahlomola. Ho feta moo, ha aa ka a etsa ntho leha e le efe e itsoelang ho eena. O ne a sa bue lintho tseo a iqapelang tsona, ebile a sa ipatlele thoriso. (Joh. 5:19, 30; 6:38; 7:16-18) Nakong ea tšebeletso ea hae, o ne a thabisoa ke ho etsa thato ea Ntate oa hae, le hoja sena se ile sa etsa hore a hanyetsoe le ho hlorisoa. (Joh. 15:20) Ho sa tsotellehe sena, Jesu o ile a ikokobelletsa Molimo. O ile a “ikokobetsa” ho isa ‘lefung thupeng ea tlhokofatso.’ Ka hona, o ile a putsoa ka litsela tse ngata tse kang hore e be mopholosi oa batho, a phahamisoe le hore Ntate oa hae a rorisoe.—Bafil. 2:5-11; Baheb. 5:9.
KAMOO RE KA IKOKOBELLETSANG BOLAOLI BA MOLIMO
6 Ha re ikokobelletsa Molimo ka ho etsa thato ea hae, re qoba matšoenyeho le mathata a mangata a hlahelang ba hanang ho ikokobelletsa bobusi ba Jehova. Mohanyetsi oa rona, Diabolose, o lula a batla ho re tšoasa le ho re harola. Re tla lopolloa ho eena haeba re mo hanyetsa ’me re ikokobelletsa Jehova ka ho rata.—Mat. 6:10, 13; 1 Pet. 5:6-9.
7 Ka phuthehong ea Bokreste, re hlompha bohlooho ba Kreste le bolaoli boo a bo fileng sehlopha sa “lekhoba le tšepahalang le le masene.” Sena se ama tsela eo re ikutloang ka eona ka balumeli-’moho le rona le eo re ba tšoarang ka eona. Ho ikokobetsa ka tsela e nepahetseng ka phuthehong ho tla re susumelletsa hore re mamele Lentsoe la Molimo likarolong tsohle tsa borapeli ba rona. Boikokobetso bona bo ama tšebeletso ea rona, ho ba teng libokeng, ho nka karolo ho tsona, kamano ea rona le baholo le ho ikokobelletsa litokisetso tsa mokhatlo.—Mat. 24:45-47; 28:19, 20; Baheb. 10:24, 25; 13:7, 17.
8 Ha re ikokobelletsa Molimo re tla ba le khotso re be re ikutloe re sireletsehile ka phuthehong ea hae. Tsela eo barapeli ba Jehova ba itšoarang ka eona e bontša hore na ke Molimo ea joang. (1 Bakor. 14:33, 40) Nako eo re e qetileng re le ka phuthehong ea Jehova e etsa hore re ikutloe joaloka Morena Davida. Ka mor’a ho bona phapang pakeng tsa bahlanka ba Jehova le batho ba khopo, o ile a re: “Ho thaba batho bao Molimo oa bona e leng Jehova!”—Pes. 144:15.
9 “Hlooho ea mosali ke monna.” Leha ho le joalo, banna ba lokela ho ikokobelletsa Kreste, eo hlooho ea hae e leng Molimo. (1 Bakor. 11:3) Basali ba lokela ho ikokobelletsa banna ba bona ’me bana ba lokela ho ikokobelletsa batsoali. (Baef. 5:22-24; 6:1) Khotso e ba teng ha setho se seng le se seng sa lelapa se latela molao-motheo oa bohlooho.
10 Monna o lokela ho etsisa Kreste ka hore a sebelise bohlooho ka tsela e lerato. (Baef. 5:25-29) Ha monna a tšoara mosali oa hae le bana hantle, ho tla ba bonolo hore ba ikokobeletse bohlooho ba hae. Mosali ke mothusi kapa motlatsi oa monna oa hae. (Gen. 2:18) Ha a tšehetsa monna oa hae ka mamello le ka tlhompho, monna oa hae o tla mo rata ’me seo se isa thoriso ho Molimo. (1 Pet. 3:1-4) Ha banna le basali ba latela keletso ea Bibele ea bohlooho, ba behela bana ba bona mohlala oa ho ikokobelletsa Molimo.
Ho ikokobelletsa puso ea Molimo ho ama likarolo tsohle tsa bophelo
11 Ho ikokobelletsa Molimo ho boetse ho ama tsela eo re ikutloang ka eona ka “balaoli ba phahameng,” ba ‘behiloeng ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng.’ (Bar. 13:1-7) Kaha Bakreste ba boloka molao, ba lefa makhetho; ba lefa “Cesare lintho tsa Cesare, empa [ba lefa] Molimo lintho tsa Molimo.” (Mat. 22:21) Ho phaella moo, litlhophiso tsa ho koahela tšimo li lokela ho lumellana le melao ea naha ea ho sireletsa boitsebiso ba batho. Ha re ikokobelletsa balaoli ebile re ba mamela linthong tsohle tse seng khahlanong le melao ea Jehova, re tla qoba mathata a tla re sitisa ho sebelisa nako ea rona le matla mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo.—Mar. 13:10; Lik. 5:29.
12 Ho ikokobelletsa puso ea Molimo ho ama likarolo tsohle tsa bophelo. Re lebeletse letsatsi leo ka lona batho bohle ba tla ikokobelletsa Jehova Molimo. (1 Bakor. 15:27, 28) Ba amohelang bobusi ba Jehova ka thabo ’me ba tsoela pele ho ikokobelletsa eena ka ho sa feleng ba tla hlohonolofatsoa haholo!