Sehlomathiso
Molaetsa o Eang ho Batsoali ba Bakreste:
Kaha le batsoali, le rata ho thusa bana ba lona hore ba rate Jehova ’me ba inehele ho eena. Le ka etsa’ng ho ba thusa hore ba itokisetse ho kolobetsoa? Ba lokela ho nka bohato boo ba bohlokoa neng?
Jesu o ile a laela balateli ba hae a re: “Le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse.” (Mat. 28:19) E le hore motho a kolobetsoe e lokela ho ba morutuoa, e leng motho ea utloisisang lithuto tsa Kreste a li lumela a bile a phela tumellanong le tsona. Seo se ka etsoa le ke ngoana ea tlaase lilemong.
Behelang bana ba lona mohlala o motle ’me le ba rute mantsoe a Jehova ka ho pheta-pheta. (Deut. 6:6-9) Sena se akarelletsa ho sebelisa lintlha tse bukeng ea Re ka Ithuta Eng Bibeleng? le ea “Le Ipoloke Leratong la Molimo” ho ba ruta linnete tsa motheo tsa Bibele le ho ba ruta ho emela seo ba se lumelang ba sebelisa melao-motheo ea Bibele le ho sebelisa seo maphelong a bona. Thusang bana ba lona hore ba tsebe ho hlalosa seo ba se lumelang. (1 Pet. 3:15) Ba tla hatela pele ho fihlela ba kolobetsoa ka lebaka la thuto le khothatso eo ba e fumanang ho lona, borapeling ba lelapa, ho bara le barali babo rona libokeng, ho batho ba mekhoa e metle bao ba tloaelaneng le bona le ha ba ithuta boinotšing. Ba thuse hore ba lule ba nahana hore na ke joang ba ka bang le kamano e ntle le Jehova.
Liproverbia 20:11 e re: “Esita le ka liketso tsa hae moshanyana o iketsa hore a hlokomeloe mabapi le hore na mosebetsi oa hae o hloekile ’me o lokile.” Ke liketso life tse ka bontšang hore ngoana, ebang ke moshanyana kapa ngoanana, ke morutuoa oa Jesu Kreste le hore o loketse ho kolobetsoa?
Ngoana ea batlang ho kolobetsoa e lokela ho ba ea mamelang batsoali ba hae. (Lik. 5:29; Bakol. 3:20) Bibele e bua se latelang ka Jesu ha a ne a le lilemo tse 12: “A tsoela pele ho ipeha tlas’a [batsoali ba hae].” (Luka 2:51) Leha ho le joalo, le se ke la lebella hore ngoana oa lona a ke ke a etsa liphoso. Empa ea batlang ho kolobetsoa o tla loanela ho latela mohlala oa Jesu ’me ho hlake hore o ikokobelletsa batsoali ba hae.
Ho feta moo, o tla bontša hore o rata ho ithuta Bibele. (Luka 2:46) Na ngoana oa hao o batla ho ea libokeng le ho nka karolo ho tsona? (Pes. 122:1) Na o rata ho bala Bibele kamehla le ho ithuta boinotšing?—Mat. 4:4.
Ngoana ea batlang ho kolobetsoa o leka ka matla ho chesehela lintho tse amanang le ’Muso. (Mat. 6:33) O hlokomela boikarabelo boo a nang le bona ba ho bolella batho ba bang seo a se lumelang. O bolela litaba tse molemo ka litsela tse sa tšoaneng ’me ha a lihlong ho tsebisa matichere a hae le bana bao a kenang sekolo le bona hore ke Paki ea Jehova. Ha a nke likabelo tseo a li fuoang Sebokeng sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona habobebe.
O boetse o loanela ho lula a itšoere hantle ka hore a qobe metsoalle e mebe. (Liprov. 13:20; 1 Bakor. 15:33) Sena se tla bonahala boikhathollong boo a bo khethang bo kang, ’mino, libaesekopo, mananeo a thelevishene, lipapali tsa video le tseleng eo a sebelisang Inthanete ka eona.
Ba bangata ba ile ba phela tumellanong le lithuto tsa Bibele ha batsoali ba bona ba ba koetlisa kahoo ba tšoaneleha hore ba kolobetsoe ba sa le bacha. E se eka Jehova a ka le hlohonolofatsa ha le ntse le thusa bana ba lona hore ba nke bohato bona ba bohlokoa e le hore ba be le kamano e ntle le eena.
Molaetsa o Eang ho Mohoeletsi ea sa Kolobetsoang:
Ke tlotla ho sebetsa le phutheho u le mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Rea u babatsa ka tsoelo-pele eo u e entseng tšebeletsong ea hao ho Jehova. U se u tseba Molimo ka lebaka la ho ithuta Lentsoe la hae le ka ho lumela litšepiso tsa hae.—Joh. 17:3; Baheb. 11:6.
Ho ka etsahala hore ebe pele u ithuta le Lipaki Tsa Jehova, u ne u le bolumeling bo bong kapa u se molumeli ho hang. Mohlomong u ne u etsa lintho tse sa lumellaneng le melao-motheo ea Bibele. Empa joale u bontšitse hore u na le tumelo ka ho baka, e leng ho ikoahlaela liphoso tsa hao. U boetse u e bontšitse ka ho sokoloha, e leng ho furalla tsela e fosahetseng le ho ikemisetsa ho etsa se nepahetseng mahlong a Molimo.—Lik. 3:19.
Ka lehlakoreng le leng, ho ka etsahala hore ebe, “ho tloha boseeng u tsebile lingoliloeng tse halalelang,” kahoo oa sireletseha boitšoarong boo e seng ba Bokreste le liphosong tse tebileng. (2 Tim. 3:15) U ithutile ho hana khatello ea lithaka le lintho tse ling tse ka u susumelletsang hore u siteloe Jehova. U bontšitse hore u na le tumelo ka ho emela borapeli ba ’nete le ka ho bolella ba bang seo u se lumelang. U koetliselitsoe ho etsa mosebetsi oa boboleli ’me hona joale u entse qeto ea ho sebeletsa Jehova u le mohoeletsi ea sa kolobetsoang.
Ebang u ithutile litsela tsa Jehova u sa le ngoana kapa u se u holile, ho ka etsahala hore ebe hona joale u nahana ka ho inehela le ho kolobetsoa, e leng mehato e ’meli e bontšang hore u se u utloisisa lithuto tsa Bibele hantle. U inehela ho Jehova ka hore u rapele ’me u mo tsebise hore u entse qeto ea ho mo sebeletsa ka ho sa feleng. (Mat. 16:24) Ebe oa kolobetsoa. (Mat. 28:19, 20) Ha u se u kolobelitsoe u ba mohlanka oa Jehova Molimo. Ruri eo ke tlotla e kholo.
Leha ho le joalo, joalokaha u hlokometse ha u ntse u ithuta Bibele, u ka ’na oa tobana le mathata a fapa-fapaneng. Hopola hore ha Jesu a qeta ho kolobetsoa, o ile “a isoa ke moea lefeelleng ho ea lekoa ke Diabolose.” (Mat. 4:1) Ha u qeta ho kolobetsoa u le morutuoa oa Kreste, u ka lebella liteko tse ngata. (Joh. 15:20) Li tla tla ka mekhoa e sa tšoaneng. U ka ’na oa hanyetsoa ka lapeng. (Mat. 10:36) U ka ’na oa songoa ke bao u sebetsang le bona le bao u neng u tloaelane le bona. Kamehla u hopole mantsoe a Jesu a ho Mareka 10:29, 30, a reng: “Kannete ke re ho lona, ha ho ea siileng ntlo kapa barab’abo kapa baralib’abo kapa ’mè kapa ntate kapa bana kapa masimo ka lebaka la ka le ka lebaka la litaba tse molemo ea ke keng a fumana halekholo hona joale nakong ena, matlo le barab’abo le baralib’abo le bo-’mè le bana le masimo, hammoho le mahloriso, ’me tsamaisong ea lintho e tlang a fumane bophelo bo sa feleng.” Kahoo, tsoela pele u sebetsa ka thata hore u lule haufi le Jehova le hore u boloke melao ea hae.
Ha u batla ho kolobetsoa, tsebisa mohokahanyi oa sehlopha sa baholo. Lipotso tse tlas’a molaetsa ona ke tsona tseo baholo ba tla buisana le uena ka tsona e le hore ba bone hore na oa tšoaneleha hore u kolobetsoe kapa che. U ka ’na oa qala ho hlahloba lipotso tsena thutong ea hao ea boinotšing.
Ha u lokisetsa lipuisano tsena, iphe nako ea ho bala le ho nahanisisa ka Mangolo a hlahang moo.U ka ingolla lintlha bukeng ena kapa nthong e ’ngoe ea ho ngolla. Ha u ntse u buisana le baholo, u ka sheba lintlha tseo hammoho le tse bukeng ena. Haeba u sa utloisise potso leha e le efe, lokoloha ho kopa thuso ho motho ea ithutang Bibele le uena kapa ho baholo.
Ha u ntse u buisana le baholo, u se ke oa nahana hore u lokela ho fana ka likarabo tse telele kapa tse rarahaneng. Hangata, ho tla be ho lekane hore u arabe ka tsela e bonolo, ka ho toba le ka mantsoe a hao. Ha u araba lipotso ho boetse ho molemo ho bolela temana e le ’ngoe kapa tse peli tsa Bibele tse bontšang hore na karabo ea hao e thehiloe Mangolong afe.
Haeba ha u e-s’o tsebe lithuto tsa motheo tsa Bibele hantle, baholo ba tla lokisetsa hore u thusoe e le hore u hlalose Mangolo ka tsela e nepahetseng ebe u khona ho kolobetsoa.
[Tlhokomeliso ho baholo ba phutheho: Litaelo tsa ho buisana le ba eang kolobetsong li hlaha leqepheng la 208-212.]