LIPOTSO TSA BA BATLANG HO KOLOBETSOA
Puisano ea ho Qetela le ba Eang Kolobetsong
Hangata batho ba kolobetsoa likopanong tse nyenyane le tse kholo tsa Lipaki Tsa Jehova. Qetellong ea puo ea kolobetso, sebui se tla kopa ba eang kolobetsong hore ba eme ’me ba arabe lipotso tse latelang tse peli ka lentsoe le phahameng le le utloahalang:
1. Na u baketse libe tsa hao le ho inehela ho Jehova, ’me u amohetse tsela ea hae ea poloko ka Jesu Kreste?
2. Na oa utloisisa hore boinehelo ba hao le kolobetso li u khetholla u le e mong oa Lipaki Tsa Jehova tseo e leng karolo ea mokhatlo o tataisoang ke Molimo?
Haeba ba eang kolobetsong ba araba lipotso tsena ka ho re “e,” ba ‘bolela phatlalatsa’ hore ba lumela thekollong le hore ba inehetse ho Jehova ba sa itšiele letho. (Bar. 10:9, 10) Ba lokela hore ba nahane ka ho teba ka lipotso tsena esale pele e le hore likarabo tsa bona li ka lumellana le seo ba se lumelang.
Na u se u inehetse ho Jehova ka thapelo, oa mo tšepisa hore u tla rapela eena feela le hore ho etsa thato ea hae e tla ba eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hao?
Na u kholisehile ka ho feletseng hore u se u loketse ho kolobetsoa hang feela ha monyetla oa pele o hlaha?
Ba eang kolobetsong ba lokela ho apara joang? (1 Tim. 2:9, 10: Joh. 15:19; Bafil. 1:10)
Ba lokela ho apara ka “boitlhompho le ho hlaphoheloa kelellong” e le hore ba bontše hore ba fa “Molimo tlhompho ea borapeli.” Kahoo, ba eang kolobetsong ha baa lokela ho apara liaparo tsa ho sesa tse sa hlompheheng kapa liphahlo tse ngotsoeng kapa tse nang le mapetjo a itseng. Ba lokela ho apara ka tsela e hloekileng le e bontšang hore ba hlompha ketsahalo eo ba leng ho eona.
Motho o lokela ho itšoara joang ha a kolobetsoa? (Luka 3:21, 22)
Kolobetso ea Jesu e ile ea behela Bakreste ba kolobetsoang kajeno mohlala. O ne a utloisisa hore kolobetso ke bohato ba bohlokoa, ’me sena se ile sa bonahala tseleng eo a neng a itšoere ka eona le liketso tsa hae. Kahoo, batho ba tlileng sebakeng sa kolobetso ha baa lokela ho etsa metlae e mebe, ho bapala, ho sesa, kapa ho etsa ntho leha e le efe e bontšang ho se hlomphe ketsahalo ena; hape Mokreste e mocha a ke ke a thaba ka ho feteletseng joalokaha eka o hapile moputso o moholohali. Le hoja kolobetso e le ketsahalo e thabisang, thabo eo e lokela ho bontšoa ka tsela e hlomphehang.
Ho ba teng kamehla libokeng le ho tloaelana le ba bang ka phuthehong ho tla u thusa joang hore u phelele boinehelo ba hao ho Jehova?
Ka mor’a hore u kolobetsoe, ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore u lule u e-na le lenaneo la ho ithuta boinotšing le ho ea tšimong khoeli le khoeli?
LITAELO TSE EANG HO BAHOLO
Ha mohoeletsi ea sa kolobetsoang a bolela hore o batla ho kolobetsoa, o lokela ho khothalletsoa ho hlahloba ka hloko “Lipotso Tsa ba Batlang ho Kolobetsoa” tse hlahang maqepheng 185-207 a buka ena. O lokela ho bontšoa “Molaetsa o Eang ho Mohoeletsi ea sa Kolobetsoang” o hlahang leqepheng la 182, o hlalosang kamoo a ka lokisetsang puisano ea hae le baholo kateng. Joalokaha ho boletsoe moo, nakong ea lipuisano tsena, motho ea batlang ho kolobetsoa a ka sebelisa lintlha tseo a ingoletseng tsona bukaneng e ka thoko, hape o ntse a lumelloa ho araba a ntse a butse buka ena. Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore a hlahlobe lipotso tsena le motho e mong pele a kopana le baholo.
Bohle ba batlang ho kolobetsoa ba lokela ho tsebisa mohokahanyi oa sehlopha sa baholo. Ka mor’a hore motho ea batlang ho kolobetsoa a be le nako ea ho bala “Lipotso Tsa ba Batlang ho Kolobetsoa”,mohokahanyi oa sehlopha sa baholo o tla mo botsa hore na o se a inehetse ho Jehova ka thapelo le hore o ikemiselitse ho phetha thato ea hae. Haeba a se a entse joalo, mohokahanyi oa sehlopha sa baholo o tla etsa litlhophiso tsa hore baholo ba babeli ba tšohle le eena “Lipotso Tsa ba Batlang ho Kolobetsoa”. Moholo ka mong o tla abeloa hore a buisane le eena ka karolo e le ’ngoe ho tse peli tseo. Ha ho hlokahale hore ho emeloe tsebiso ea hore na kopano e neng pele ho ka tšoaroa lipuisano tsena.
Likarolo tsena tse peli li ka tšohloa ka makhetlo a mabeli, ’me lekhetlo ka leng ha qetoa nako e ka etsang hora, le hoja ho se phoso ho qeta nako e fetang ena haeba ho hlokahala. Puisano ka ’ngoe e lokela ho qaloa le ho koala ka thapelo. Moholo le motho ea batlang ho kolobetsoa ha baa lokela ho potlakisoa ha ba hlahloba lipotso tsena. Baholo ba abetsoeng mosebetsi ona ba lokela ho behella nako e lakaneng ka thoko hore ba o phethe.
Hangata ho molemo hore motho ea batlang ho kolobetsoa a hlahlojoe a le mong, e seng e le sehlopha. Ha moholo a mo fa monyetla oa hore a arabe potso e ’ngoe le e ’ngoe e hlahang, o tla khona ho bona hantle hore na motho eo ea batlang ho kolobetsoa o utloisisa Bibele hantle hakae, e leng se tla kholisa moholo eo hore na oa tšoaneleha hore a ka kolobetsoa kapa che. Ho phaella moo, motho ea batlang ho kolobetsoa a ka phutholoha haholoanyane ha a hlahlojoa a le mong. Monna le mosali bona ba ka ’na ba hlahlojoa hammoho.
Ha motho ea batlang ho kolobetsoa e le morali’abo rona, moholo o lokela ho mo hlahloba moo batho ba ntseng ba ba bona empa ba sa ba utloe. Haeba ho hlokahala hore moholo a tsamaee le motho e mong, e lokela ho ba moholo e mong kapa mohlanka ea sebeletsang, ho itšetlehile ka hore na ho hlahlojoa karolo efe joalokaha re tla bona serapeng se latelang.
Liphuthehong tse nang le baholo ba seng bakae, bahlanka ba sebeletsang ba tšoanelehang ba ka tšohla lipotso tse mabapi le kolobetso tse hlahang tlas’a “Karolo ea 1−Lithuto Tseo Bakretse ba li Lumelang.” Ke baholo feela ba ka tšohlang “Karolo ea 2−Bophelo ba Mokretse.” Haeba phutheho e se na barabab’o rona ba lekaneng ba tšoanelehang, ho ka letsetsoa molebeli oa potoloho e le hore a kope thuso liphuthehong tse haufi.
Haeba motho ea kolobetsoang ke motho ea tlaase lilemong, batsoali ba hae ka bobeli kapa a le mong ba lokela ho ba teng nakong eo a hlahlojoang haeba e le Bakreste. Haeba batsoali ba hae ka bobeli kapa a le mong ba sitoa ho ba teng, o lokela ho hlahlojoa ke baholo ba babeli (kapa moholo le mohlanka ea sebeletsang, ho itšetlehile ka hore na ho hlahlojoa karolo efe).
Baholo ba tla etsa bonnete ba hore motho ea batlang ho kolobetsoa o utloisisa lithuto tsa motheo tsa Bibele hantle. Ho phaella moo, ba tlameha ho kholiseha hore motho eo o lumela lithuto tsa Bibele le hore o hlompha mokhatlo oa Jehova. Haeba motho a sa utloisise lithuto tsa motheo tsa Bibele, baholo ba tla hlophisa hore a thusoe e le hore a ka tšoaneleha hore a kolobetsoe nakong e tlang. Ho ka ’na ha hlokahala hore ba bang ba fuoe nako e eketsehileng ea ho bontša hore ba ananela tšebeletso ea tšimo kapa ho ikokobelletsa tsela eo mokhatlo o tsamaisang lintho ka eona. Baholo ba lokela ho sebelisa temoho ha ba etsa qeto ea hore na ba tla nka hora kapa ho feta ha ba hlahloba motho, e le hore ba ka bona hore na o loketse ho kolobetsoa kapa che. Le hoja ba ka ’na ba qeta nako e ngata lipotsong tse itseng le e nyenyane ho tse ling, ba lokela ho botsa lipotso kaofela.
Baholo ba abetsoeng ho hlahloba motho ba lokela ho kopana ka mor’a ho hlahloba karolo ea bobeli ’me ba etse qeto ea hore na motho eo o lokela ho kolobetsoa kapa che. Ba tla nahanela matla, maemo le bokhoni ba motho ea batlang ho kolobetsoa. Baholo ba amehile haholo ka hore na motho eo o ikemiselitse ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle le hore na o utloisisa lithuto tsa motheo tsa Bibele. Haeba ka lerato le thusa batho ba eang kolobetsong, ba tla tšoaneleha hore ba phethe mosebetsi oa bohlokoa oa ho bolela litaba tse molemo.
Ka mor’a moo, moholo a le mong kapa ka bobeli ba neng ba abetsoe ho hlahloba motho ea batlang ho kolobetsoa, ba lokela ho kopana le motho eo ’me ba mo tsebise hore na oa tšoaneleha hore a kolobetsoe kapa che. Haeba a tšoaneleha, baholo ba lokela ho tšohla le eena karolo e reng, “Puisano ea ho Qetela le ba Eang Kolobetsong,” e hlahang leqepheng la 206-207. Haeba motho ea batlang ho kolobetsoa a e-s’o qete ho ithuta buka ea Re ka Ithuta Eng Bibeleng le ea “Le Ipoloke Leratong la Molimo,” baholo ba lokela ho mo khothalletsa hore a etse joalo ka mor’a ho kolobetsoa. Tsebisang motho ea eang kolobetsong hore letsatsi la hae la kolobetso le tla ngoloa kareteng ea hae ea Tlaleho ea Mohoeletsi ea Phutheho. Mo hopotseng hore baholo ba ngola boitsebiso bona e le ho thusa mokhatlo hore o tsoele pele ho hlokomela mosebetsi oa Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara le hore a tle a khone ho tsoela pele a kenya letsoho mesebetsing e hlophisitsoeng ke phutheho, hape a tle a ’ne a khone ho khothatsoa le ho tataisoa ke baholo. Ho phaella moo, baholo ba ka mo hopotsa hore boitsebiso ba hae bo sebelisoa ho ipapisitsoe le melao ea Leano la Mokhatlo e fumanehang ho jw.org. Hangata puisano ena e lokela ho nka metsotso e leshome kapa ka tlaase ho moo.
Ka mor’a selemo mohoeletsi a kolobelitsoe, baholo ba babeli ba lokela ho kopana le eena e le hore ba mo khothatse le ho mo thusa. E mong oa baholo bao e lokela ho ba molebeli oa sehlopha seo a leng ho sona. Haeba mohoeletsi eo a ntse a le tlaase lilemong, batsoali ba hae ka bobeli kapa a le mong ba lokela ho ba teng haeba e le Bakreste. Seboka seo e lokela ho ba se mofuthu le se khothatsang. Baholo ba tla bua le eena ka tsoelo-pele ea hae ’me ba mo thuse hore a itloaetse ho ithuta boinotšing, ho tšoara borapeli ba lelapa, ho bala Bibele letsatsi le letsatsi, ho ba teng libokeng kamehla, ho nka karolo ho tsona le ho ea tšimong beke le beke. (Baef. 5:15, 16) Haeba a e-s’o qete ho ithuta buka ea Re ka Ithuta Eng Bibeleng le ea “Ipoloke Leratong la Molimo,” baholo ba lokela ho hlophisa hore ho be le motho ea mo thusang ho li qetela. Baholo ba lokela ho lula ba mo babatsa. Hangata ho mo eletsa ntlheng e le ’ngoe kapa tse peli ho tla be ho lekane.