Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/13 leq. 7
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Puisano ea ho Qetela le ba Eang Kolobetsong
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Ho Thusa ba Bang ho Rapela Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Baboleli ba Molaetsa oa ’Muso oa Molimo
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
  • Sehlomathiso
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
km 7/13 leq. 7

Lebokose la Lipotso

◼ Pele mohoeletsi ea sa kolobetsoang a tšoaneleha ho kolobetsoa, o lokela a be a kopanela libokeng le tšebeletsong ea tšimo hakae?

Ho kolobetsoa ke qeto ea bohlokoa ka ho fetisisa eo motho a ka e etsang. Kahoo, pele motho a ka tšoaneleha ho kolobetsoa, o lokela a be a utloisisa ka ho lekaneng seo Molimo a se hlokang ho eena. Ho feta moo, o lokela hore ebe hona joale o se a ntse a bontša boikemisetso ba ho phela ka litaelo tsa Molimo.

Bakreste ba laeloa hore ba se ke ba tlohela ho bokana ha bona, ka hona mohoeletsi ea sa kolobetsoang o lokela hore ebe o se a ntse a khothalletse ho kopanela libokeng tsa phutheho. (Baheb. 10:24, 25) O boetse o lokela hore ebe o se a ntse a fana ka likarabo libokeng. Hape o lokela ho ingolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, le hoja e se tlamo.

Ho feta moo, kaha Bakreste ba filoe boikarabelo ba ho bolela litaba tse molemo le ho etsa barutuoa, mohoeletsi ea sa kolobetsoang o lokela ho kopanela tšebeletsong ea tšimo kamehla pele a ka kolobetsoa. (Mat. 24:14; 28:19, 20) O lokela a be a kopanela tšebeletsong ea tšimo ka likhoeli tse kae pele a ka kolobetsoa? Ka ho utloahalang, o lokela ho fuoa nako e lekaneng hore a bontše hore o ikemiselitse e le kannete hore a kopanele ka cheseho tšebeletsong khoeli le khoeli. (Pes. 78:37) Leha ho le joalo, ho tloha ha a qala ho ba mohoeletsi, ha ho hlokahale hore ho fete nako e telele haholo hore a tšoanelehe ho kolobetsoa, mohlomong ekaba likhoeli tse ’maloa. O lokela hore ebe o tlaleha lihora tse kae tsa tšebeletso ea tšimo? Re ke ke ra beha molao o thata-thata. Baholo ba lokela ho nahanela maemo a mohoeletsi ka mong ’me ba bontše ho leka-lekana.—Luka 21:1-4.

Baholo (kapa bahlanka ba sebeletsang liphuthehong tse nang le baholo ba fokolang ka palo) ba hlahlobelang mohoeletsi kolobetso, ba lokela ho hopola hore batho ha ba tšoane, kahoo ba lokela ho ahlola hantle hore na o oa tšoaneleha kapa che. Ba lebeletse hore a bontše takatso e matla ea ho ba Paki ea Jehova le hore a be le kananelo bakeng sa tokelo ea ho kopanela le mokhatlo oa Jehova le ho kopanela tšebeletsong ea tšimo. Baholo baa utloisisa hore ha a e-s’o hōle ka ho feletseng moeeng le hore ha a e-s’o be le phihlelo e tšoanang le ea mohoeletsi ea kolobelitsoeng. Haeba baholo ba nka hore ha a tšoanelehe, ba lokela ho mo bolella ka mosa mabaka a Mangolo ao ba fihletseng qeto eo ka ’ona ’me ba mo thuse hore a hatele pele moeeng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela