Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 1 leq. 8
  • Molimo o Entse Leholimo le Lefatše

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo o Entse Leholimo le Lefatše
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo O Qala ho Etsa Lintho
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Liphoofolo
    Tsoha!—2015
  • Serapa se Setle
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Ea Entseng Lintho Tsohle
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 1 leq. 8
Serapa sa Edene

THUTO EA 1

Molimo o Entse Leholimo le Lefatše

Jehova Molimo ke ’Mopi oa rona. O entse lintho tsohle. Tse ling rea li bona empa tse ling ha re li bone. Pele a etsa lintho tseo re li bonang, o ile a etsa mangeloi a mangata. Na oa tseba hore mangeloi ke’ng? Mangeloi ke batho ba tšoanang le Jehova, bao a ba bopileng. Re ke ke ra a bona feela joalokaha re ke ke ra bona Molimo. Lengeloi la pele leo Jehova a le entseng le ile la sebetsa le eena, la mo thusa ho etsa linaleli, lipolanete le lintho tse ling kaofela. E ’ngoe ea lipolanete tseo ke lefatše, e leng lehae la rona le letle.

Jehova o ile a lokisa lefatše e le hore batho le liphoofolo ba lule ho lona. A etsa hore khanya ea letsatsi e chabele lefatšeng ’me a etsa lithaba, maoatle le linoka.

Jehova o ile a etsa’ng ka mor’a moo? O ile a re: ‘Ke tl’o etsa joang, limela le lifate.’ Eaba ho hlaha litholoana, meroho le lipalesa tsa mefuta-futa. Ka mor’a moo, Jehova a etsa liphoofolo tse fofang, tse phelang metsing le tse tsamaeang fatše. A etsa tse nyenyane joaloka ’mutlanyane le tse kholo joaloka tlou. Uena u rata phoofolo efe?

Joale Jehova a re ho lengeloi la pele: “A re etse motho.” Batho ha ba tšoane le liphoofolo. Ba tseba ho qapa lintho. Ba tseba ho bua, ho tšeha le ho rapela. Ba ka khona ho hlokomela lefatše le liphoofolo. Na oa tseba hore motho oa pele ke mang? A re bone.

“Qalong Molimo o ile a bopa maholimo le lefatše.”—Genese 1:1

Lipotso: Jehova Molimo ke mang? Jehova o entse’ng?

Genese 1:1-26; Liproverbia 8:30, 31; Jeremia 10:12; Bakolose 1:15-17

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela