Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 2
  • Serapa se Setle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Serapa se Setle
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o Entse Leholimo le Lefatše
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Ea Entseng Lintho Tsohle
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
  • Lebaka Leo ba Ileng ba Lahleheloa ke Lehae la Bona
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lerato la Rōna la Serapa
    Tsoha!—1997
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 2

PALE EA 2

Serapa se Setle

AK’U shebe lefatše mona! Lintho tsohle li ntle hakaakang! Bona joang le lifate, lipalesa le liphoofolo tsohle. Na u ka supa tlou le litau?

Serapa see se setle se bile teng joang? A re boneng hore na Molimo o entse’ng ho re lokisetsa lefatše.

Molimo o qalile ka ho etsa joang bo botala hore bo koahele mobu. A ntan’o etsa limela tsohle tse nyenyane le lihlahla le lifate. Limela tsena li etsa hore lefatše le be letle. Empa ha li etse hoo feela. Tse ngata tsa tsona li re fa le lijo tse monate haholo.

Ka mor’a moo Molimo o ile a etsa litlhapi tse sesang metsing le linonyana tse fofang sebakeng. A etsa lintja, likatse le lipere; liphoofolo tse khōlō le tse nyenyane. Pel’a heno ho na le liphoofolo life? Na ha re thabe hore ebe Molimo o re etselitse lintho tsee tsohle?

Qetellong, Molimo o ile a etsa hore karolo e ’ngoe ea lefatše e be e ikhethang haholo. A e bitsa serapa sa Edene. Se ne se le setle haholo. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho sona e ne e le ntle. Hape Molimo o ne a batla hore lefatše lohle le tšoane le serapa sena se setle seo a se entseng.

Empa ak’u boele u shebe setšoantšo sa serapa sena. Na ua tseba hore na Molimo o ile a bona hore ke eng e sieo? A re bone.

Genese 1:11-25; 2:8, 9.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela