Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • my pale 1
  • Molimo O Qala ho Etsa Lintho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Molimo O Qala ho Etsa Lintho
  • Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o Entse Leholimo le Lefatše
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Kamoo ho Bileng le Setsi sa Rōna se Ikhethang sa Potoloho ea Lipolanete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Molimo o Qalile ho Bopa Maholimo le Lefatše Neng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Ea Entseng Lintho Tsohle
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
Bala Tse Ling
Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
my pale 1

PALE EA 1

Molimo O Qala ho Etsa Lintho

LINTHO tsohle tse ntle tseo re nang le tsona li tsoa ho Molimo. O re file letsatsi hore le re bonesetse motšehare ’me bosiu re bona ka khoeli le linaleli. Molimo o re etselitse lefatše e le hore re phele ho lona.

Empa Molimo ha aa qala ka ho etsa letsatsi, khoeli le linaleli. Na ua tseba hore na o qalile ka eng? Molimo o qalile ka ho etsa batho ba tšoanang le eena. Batho bana ha re khone ho ba bona, feela joalokaha re ke ke ra bona Molimo. Batho bana ba bitsoa mangeloi ka Bibeleng. Molimo o etselitse mangeloi hore a phele le eena leholimong.

Lengeloi la pele leo Molimo a le entseng e bile le ikhethang haholo. Ke Mora oa Molimo oa letsibolo, ’me o ne a sebetsa le Ntate oa hae. O ile a thusa Molimo ho etsa lintho tse ling tsohle. O thusitse Molimo ho etsa letsatsi, khoeli, linaleli le lefatše la rōna.

Lefatše le ne le le joang ka nako eo? Qalong ho ne ho se na motho ea ka phelang lefatšeng. Le ne le koahetsoe ke metsi hohle. Empa Molimo o ne a batla hore batho ba phele lefatšeng. Eaba o qala ho re lokisetsa lona. O ile a etsa’ng?

Pele ho tsohle ho ne ho hlokahala leseli lefatšeng. Eaba Molimo o etsa hore khanya ea letsatsi e bonese lefatšeng. A etsa hore ho be teng bosiu le motšehare. Ka mor’a moo Molimo a nyolla lefatše metsing a leoatle.

Qalong ho ne ho se na mobu. Ho ne ho tšoana le moo setšoantšong. Ho ne ho se na lipalesa kapa lifate kapa liphoofolo. Ho se na le litlhapi leoatleng. Molimo o ile a lokela ho etsa mosebetsi o mongata e le hore a ntlafatse lefatše e le hore batho le liphoofolo ba phele ho lona.

Jeremia 10:12; Bakolose 1:15-17; Genese 1:1-10.

Lipotso Tsa Thuto

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela