THUTO EA 10
Hopolang Mosali oa Lota
Lota o ne a lula le rangoane oa hae Abrahama naheng ea Kanana. Ha nako e ntse e ea, Abrahama le Lota ba ile ba ba le liphoofolo tse ngata haholo ’me ka lebaka leo makhulo a ne a haella. Abrahama o ile a re ho Lota: ‘Re ke ke ra khona ho lula ’moho. Ke kopa u khethe sebaka seo u batlang ho ea ho sona. ’Na ke tla nka sebaka se setseng.’ Na oa bona hore Abrahama o ne a sa batle hore e be eena ea khethang pele?
Lota o ile a bona sebaka se setle haufi le motse oa Sodoma. Se ne se e-na le metsi a mangata le joang bo botala. O ile a khetha ho ea sebakeng seo ’me a lula ho sona le ba lelapa la hae.
Batho ba Sodoma le ba motseng o mong o haufi le moo oa Gomora, ba ne ba etsa lintho tse mpe. Ba ne ba le babe hoo Jehova a ileng a khetha ho ba felisa. Molimo o ne a batla ho sireletsa Lota le ba lelapa la hae. Kahoo, a romela mangeloi a mabeli hore a re ho bona: ‘Potlakang! Tsoang sebakeng sena. Jehova o tl’o felisa motse ona.’
Lota ha aa ka a tsamaea hang-hang. O ile a lieha. Eaba mangeloi a tšoara Lota, mosali oa hae le barali ba hae ka matsoho a ba ntšetsa ka ntle ho motse, a re: ‘Balehang e le hore le pholohe! Le se ke la hetla, ha le ka hetla le tla shoa.’
Ha ba fihla motseng oa Zooare, Jehova a felisa motse oa Sodoma le oa Gomora ka mollo le sebabole. Mosali oa Lota ha aa ka a mamela Jehova. O ile a hetla eaba o fetoha seemahale sa letsoai. Empa Lota o ile a sireletseha hammoho le barali ba hae, kaha ba ile ba mamela Jehova. Mosali oa Lota ha aa ka a mamela Molimo ’me e tlameha ebe seo se ile sa utloisa Lota le barali ba hae bohloko haholo. Leha ho le joalo, ba ne ba thabisitsoe ke hore ebe bona ba ile ba mamela Jehova.
“Hopolang mosali oa Lota.”—Luka 17:32