THUTO EA 24
Ha ba Etse Seo ba se Tšepisitseng
Jehova o ile a re ho Moshe: ‘Nyoloha u tle thabeng. Ke tla u ngolla melao ea ka matlapeng ao ke tla u fa ’ona.’ Moshe o ile a hloa thaba ’me a qeta matsatsi a 40 le masiu a 40 moo. Ha a ntse a le moo, Jehova o ile a ngola Melao e Leshome matlapeng a mabeli ’me a a fa Moshe.
Ha nako e ntse e ea, Baiseraele ba ile ba nahana hore Moshe o ba siile. Kahoo, ba re ho Arone: ‘Re batla motho ea tla re etella pele. Re etsetse molimo.’ Eaba Arone o re: ‘Mpheng khauta ea lona.’ A qhibilihisa khauta eo eaba o etsa namane ka eona. Baiseraele ba re: ‘Namane ena ke Molimo oa rona ea re ntšitseng Egepeta.’ Ba qala ho e rapela ’me ba etsa mokete. Na ho etsa joalo ho ne ho fosahetse? E, ho ne ho fosahetse hobane ba ne ba tšepisitse hore ba tla rapela Jehova feela. Empa joale ba ne ba se ba sa etse seo ba se tšepisitseng.
Jehova o ile a bona seo ba se etsang ’me a re ho Moshe: ‘Theoha u ee ho Baiseraele. Ha ba etse seo ke itseng ba se etse, ba rapela molimo oa bohata.’ Kahoo, Moshe a theoha thabeng a nkile matlapa a mabeli.
Ha Moshe a atamela litenteng, o ile a utloa batho ba bina. A bona hore ba ntse ba tantša le ho inamela namane ea khauta. Moshe o ile a halefa haholo. Eaba o lahlela matlapa ao fatše ’me a pshatleha. Ka mor’a moo, a senya namane eo ea khauta ’me a botsa Arone a re: ‘Ho tlile joang hore sechaba se u susumeletse hore u etse ntho e mpe tjee?’ Arone a re: ‘U se ke oa halefa. Oa tseba hore na batho bana ba joang. Ba ne ba batla molimo eaba ke lahlela khauta ea bona ka mollong ’me ha tsoa namane ena!’ Arone o ne a sa lokela ho etsa joalo. Kahoo Moshe a boela a nyolohela thabeng, a e’o kopa Jehova hore a tšoarele Baiseraele.
Jehova o ile a tšoarela Baiseraele ba neng ba ikemiselitse ho mo mamela. Na oa bona hore na ke hobane’ng ha e ne e le habohlokoa hore Baiseraele ba mamele Moshe?
“Neng kapa neng ha u etsa boitlamo ho Molimo, u se ke oa lieha ho bo phetha etsoe ha a thabele batho ba hlokang kelello. U phethe boitlamo boo u bo entseng.”—Moeklesia 5:4