Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w10 5/15 leq. 21
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha ba Etse Seo ba se Tšepisitseng
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Moshe le Aarone—Baboleli ba Sebete ba Lentsoe la Molimo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Moshe le Arone ba Ile ba Bontša Sebete se Tsotehang
    Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
  • Moshe o Otla Lefika
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
w10 5/15 leq. 21

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Kaha Jehova ha a lumelle borapeli ba litšoantšo, ke hobane’ng ha a sa ka a otla Arone ha a ne a entse namane ea khauta?

Ha Arone a ne a etsa namane ea khauta, joalokaha ho tlalehiloe ho Exoda khaolo ea 32, o ile a tlōla molao oa Molimo mabapi le borapeli ba litšoantšo. (Ex. 20:3-5) Ka lebaka leo, ‘Jehova a tukela Arone ka bohale ho fihlela boemong ba ho mo felisa; empa Moshe a etsa thapeli molemong oa Arone ka nako eo.’ (Deut. 9:19, 20) Na thapeli ea Moshe ea lokileng e ile ea e-ba le “matla a maholo” tabeng ea Arone? (Jak. 5:16) E. Ka lebaka la thapeli eo le ka lebaka la mabaka a mang a mabeli, ho bonahala hore Jehova o ile a araba thapelo ea Moshe ’me ha aa ka a otla Arone.

Ho bonahala lebaka le leng e ne e le hobane Arone o ne a tšepahetse ka nako e telele. Ha Moshe a ne a laeloa hore a hlahe ka pel’a Faro le hore a ntše Baiseraele Egepeta, Jehova o ile a khetha Arone hore a tsamaee le Moshe le hore e be ’muelli oa hae. (Ex. 4:10-16) Banna bana ba babeli ba ile ba hlaha ka makhetlo a mangata ka pel’a morena oa Egepeta, ’me ba mamella Faro ea pelo e thata. Kahoo, ha a sa ntse a le Egepeta, Arone o ile a iketsetsa tlaleho ea hore o ne a sebeletsa Jehova ka botšepehi le ka tieo.—Ex. 4:21.

Hape, nahana ka se ileng sa etsa hore Arone a etse namane ea khauta. Moshe o ne a qetile matsatsi a 40 a le Thabeng ea Sinai. Ha “sechaba [se] bona hore Moshe o nka nako e telele ho theoha thabeng,” se ile sa phehella Arone hore a se etsetse setšoantšo se rapeloang. Arone o ile a lumela eaba o etsa seemahale sa namane ea khauta. (Ex. 32:1-6) Leha ho le joalo, lintho tseo Arone a ileng a li etsa ka mor’a moo li bontša hore o ne a hlile a sa lumellane le borapeli boo ba litšoantšo. Ho totobetse hore o ile a inehela ha a hatelloa. Ka mohlala, ha Moshe a ne a khaola khang ea borapeli ba litšoantšo, bara bohle ba Levi—ho akarelletsa le Arone—ba ile ba ema le Jehova ka tieo. Barapeli ba litšoantšo ba likete li tharo ba neng ba ikarabella haholo ka ketso eo ea borapeli ba litšoantšo, ba ile ba bolaoa.—Ex. 32:25-29.

Ka mor’a moo, Moshe o ile a re ho sechaba: “Le entse sebe se seholo.” (Ex. 32:30) Kahoo, hase Arone feela ea neng a le molato ka phoso eo. Eena le sechaba ba ile ba rua molemo mohaung o moholo oa Jehova.

Ka mor’a ketsahalo ena e amanang le namane ea khauta, Jehova o ile a laela hore Arone a behoe setulong e le moprista ea phahameng. Molimo o ile a re ho Moshe: “U apese Arone liaparo tse halalelang u mo tlotse ’me u mo halaletse, kahoo o tla sebetsa e le moprista oa ka.” (Ex. 40:12, 13) Ho hlakile hore Jehova o ile a tšoarela Arone bofokoli ba hae. Botebong ba pelo, Arone o ne a tšehetsa borapeli ba ’nete ka botšepehi; e ne e se morapeli oa litšoantšo oa lerabele.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela