Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 37 leq. 90-leq. 91 ser. 1
  • Jehova o Bua le Samuele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova o Bua le Samuele
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Samuele o Ile a Khomarela se Nepahetseng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • O Ile “a Tsoela Pele ho Hōlela ho Jehova”
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • O Ile “a Tsoela Pele ho Hōlela ho Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Samuele o Ile a Lula a Etsa Lintho Tse Lokileng
    Ruta Bana ba Hao
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 37 leq. 90-leq. 91 ser. 1
Samuele o bula mamati a tabernakele

THUTO EA 37

Jehova o Bua le Samuele

Moprista ea Phahameng Eli o ne a e-na le bara ba babeli ba neng ba sebeletsa tabernakeleng e le baprista. Mabitso a bona e ne e le Hofni le Finease. Ba ne ba sa hlomphe melao ea Jehova ebile ba tšoara batho ba bang hampe. Ha Baiseraele ba etsetsa Jehova sehlabelo, Hofni le Finease ba ne ba inkela nama e ntle. Eli o ne a utloa hore na bara ba hae ba etsa’ng empa a sa ba khalemele. Jehova o ile a etsa’ng?

Samuele ha aa ka a etsisa Hofni le Finease le hoja a ne a le monyenyane haholo ho bona. Seo sa etsa hore Jehova a mo rate. Ka le leng bosiu ha Samuele a robetse, a utloa motho a mo bitsa. Eaba oa tsoha o mathela ho Eli o re: ‘Ke ’na enoa!’ Empa Eli a re: ‘Ha kea u bitsa. Tsamaea u e’o robala.’ Kahoo, Samuele a khutlela likobong. Eaba o utloa motho a mo bitsa hape. Ha sena se etsahala ka lekhetlo la boraro, Eli a hlokomela hore Samuele o ntse a bitsoa ke Jehova. Eli a bolella Samuele hore ha a utloa motho a mo bitsa hape, a re: ‘Bua Jehova. Mohlanka oa hao o mametse.’

Samuele o bolella Eli hore na Jehova o itse’ng

Samuele a khutlela likobong. Eaba o utloa motho a mo bitsa a re: ‘Samuele! Samuele!’ A araba a re: ‘Bua, mohlanka oa hao o mametse.’ Jehova a re ho eena: ‘Bolella Eli hore ke tl’o mo fa kotlo, eena le ba lelapa la hae. Oa tseba hore bara ba hae ba etsa lintho tse mpe tabernakeleng empa ha a ba khalemele.’ Hoseng ka le hlahlamang, Samuele a bula mamati a tabernakele joalokaha a tloaetse. O ne a tšaba ho bolella moprista ea phahameng hore na Jehova o itse’ng. Empa Eli a mo bitsa ’me a re: ‘Mora oa ka, Jehova o itse’ng ho uena? Mpolelle.’ Kahoo, Samuele a bolella Eli ntho e ’ngoe le e ’ngoe.

Ha Samuele a ntse a hola, Jehova a tsoela pele ho mo rata. Baiseraele bohle ba tseba hore Jehova o khethile Samuele hore e be moprofeta le moahloli.

“U hopole ’Mopi oa hao e Moholo u sa le mocha.”—Moeklesia 12:1

Lipotso: Samuele o ne a fapane joang le Hofni le Finease? Jehova o ile a re’ng ho Samuele?

1 Samuele 2:12-17, 22-26; 3:1-21; 7:6

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela