Ruta Bana ba Hao
Samuele o Ile a Khomarela se Nepahetseng
NA U kile ua bona batho ba etsang lintho tse mpe?—aSamuele o ile a ba bona. O ne a lula moo u neng u ke ke ua lebella hore lintho tse joalo li etsahale. O ne a lula tabernakeleng ea Molimo, kapa sebakeng sa borapeli, motseng oa Shilo. A re boneng hore na ho ile ha tla joang hore Samuele a lule tabernakeleng lilemong tse fetang 3 000 tse fetileng.
Pele Samuele a hlaha, ’mè oa hae, Anna, o ne a labalabela ho ba le ngoana. Ha Anna a ile tabernakeleng o ile a rapella taba ena ho Molimo. A rapela ka tieo hoo molomo oa hae o neng o thothomela. Sena se ile sa etsa hore moprista ea phahameng, Eli, a nahane hore o tahiloe. Empa ha Eli a hlokomela hore ha aa tahoa o mpa a tšoenyehile haholo, o ile a mo hlohonolofatsa, a re: “E se eka Molimo oa Iseraele a ka phethahatsa kōpo ea hao e matla.”—1 Samuele 1:17.
Hamorao, Samuele o ile a hlaha, ’me Anna a thaba hoo a ileng a re ho monna oa hae, Elkana: ‘Hang ha ke tlosa Samuele letsoeleng, ke tla mo isa tabernakeleng hore a e’o sebeletsa Molimo.’ O ile a fela a etsa joalo! Ka nako eo, e ka ’na eaba Samuele o ne a se a le lilemo li ’nè kapa li hlano.
Eli o ne a se a tsofetse, ’me bara ba hae, Hofni le Finease, ba ne ba sa sebeletse Jehova ka tsela e nepahetseng. Ba ne ba bile ba etsa boitšoaro bo bobe le basali ba tlileng tabernakeleng! U nahana hore ntate oa bona o ne a lokela ho etsa’ng?— Kannete, o ne a lokela ho ba khalemela ’me a se ke a ba lumella ho etsa lintho tseo tse mpe.
Samuele e monyenyane o hōletse moo tabernakeleng, ’me e ka ’na eaba o ne a tseba hore bara ba Eli ba etsa boitšoaro bo bobe. Na Samuele o ile a etsisa mohlala oa bona o mobe?— Che, o ile a tsoela pele ho etsa se nepahetseng, joalokaha batsoali ba hae ba ne ba mo rutile. Leha ho le joalo, ha ho makatse hore ebe Jehova o ne a halefetse Eli. O bile a romela moprofeta ho Eli hore a mo bolelle kamoo A tla otla lelapa la hae kateng, haholo-holo bara ba hae ba tsoileng tseleng.—1 Samuele 2:22-36.
Samuele o ile a tsoela pele ho sebeletsa tabernakeleng le Eli. Eaba ka bosiu bo bong ha Samuele a robetse o utloa lentsoe le mo bitsa. Samuele a mathela ho Eli, empa Eli a re hase eena ea mo bitsitseng. A boela a utloa lentsoe le mo bitsa. Ka mor’a hore lentsoe le mo bitse ka lekhetlo la boraro, Eli a bolella Samuele hore a re: “Bua, Jehova, etsoe mohlanka oa hao o mametse.” Ha Samuele a rialo, Jehova a bua le eena. Na ua tseba hore Jehova o ile a re’ng ho Samuele?—
Molimo o ile a bolella Samuele morero oa hae oa hore o tla ahlola lelapa la Eli. Hoseng ho latelang Samuele o ne a tšaba ho bolella Eli seo Jehova a se buileng. Empa Eli a kōpa Samuele ka tieo, a re: “Ka kōpo, u se ke ua mpatela.” Eaba Samuele o qetella a boleletse Eli tsohle tseo Jehova a itseng O tla li etsa—joalokaha moprofeta oa Hae a ne a boleletse Eli pejana. Eli a araba ka ho re: “[Jehova] a ke a etse se molemo mahlong a hae.” Qetellong, Hofni le Finease ba ile ba bolaoa, ’me Eli le eena a shoa.—1 Samuele 3:1-18.
Ka nako e tšoanang, “Samuele a ’na a hōla, ’me Jehova a ba le eena.” Mohlomong ka nako eo Samuele e ne e se e le mohlankana, e leng nako ea bohlokoa bophelong ba bacha. Na u nahana hore ho ne ho le bonolo hore Samuele a tsoele pele ho etsa se nepahetseng leha ba bang ba sa se etse?— Le hoja ho ne ho se bonolo, Samuele o ile a sebeletsa Jehova ka botšepehi bophelo bohle ba hae.—1 Samuele 3:19-21.
Uena? Na u tla tšoana le Samuele, ha u ntse u hōla? Na u tla khomarela se nepahetseng? Na u tla tšoarella ka tieo lithutong tsa Bibele le ho seo batsoali ba hao ba u rutileng sona? Haeba u etsa joalo, u tla thabisa Jehova hammoho le batsoali ba hao.
a Haeba u bala sehlooho sena le bana, u lokela ho ema moo ho nang le motoa ’me u tobise potso ho bona.