THUTO EA 38
Jehova o fa Samsone Matla
Baiseraele ba bangata ba ile ba boela ba rapela melimo ea litšoantšo, kahoo Jehova a lumella Bafilista hore ba nke naha ea bona. Empa ho ne ho ntse ho e-na le Baiseraele ba ratang Jehova. E mong oa bona e ne e le Manooa. Eena le mosali oa hae ba ne ba se na bana. Ka letsatsi le leng Jehova a romela lengeloi ho mosali oa Manooa. La re ho eena: ‘U tla ba le mora ea tla pholosa Baiseraele ho Bafilista. E tla ba Monazari.’ Na oa tseba hore na Banazari ke bo-mang? Banazari ba ne ba sebeletsa Jehova ka tsela e khethehileng. Ba ne ba sa lumelloa ho kuta moriri.
Ha nako e ntse e ea, Manooa o ile a ba le mora ’me a mo reha Samsone. Ha Samsone a ntse a hola, Jehova o ile a etsa hore a be matla haholo. O ile a bolaea tau ka matsoho a hae. Ka letsatsi le leng, Samsone o ile a bolaea Bafilista ba 30 a le mong. Bafilista ba ne ba sa mo rate, ba lula ba batla ho mo bolaea. Ka le leng, Samsone o ne a robetse Gaza eaba ba mo emela keiting e le hore hoseng ha a feta ba tle ba mo bolaee. Empa a tsoha har’a bosiu a ntša keiti lerakong la motse a tsamaea ka eona. A hloella thabeng e pel’a Hebrone a jere keiti eo!
Hamorao Bafilista ba ea ho kharebe ea hae e leng Delila, eaba ba re: ‘Re tla u patala likotoana tse sekete tsa silevera ha u ka re fumanela hore na monna enoa o nka matla a hae hokae. Re batla ho mo tšoara re mo kenye teronkong.’ Kaha Delila o ne a batla chelete eo, o ile a lumela. Qalong Samsone o ile a hana ho mo bolella hore na o nka matla a hae hokae. Empa Delila a mo emella ho fihlela a mo bolella. A re ho eena: ‘Ha ke e-s’o kute moriri kaha ke Monazari. Ha nka o kuta ke tla felloa ke matla.’ Na oa bona hore na Samsone o ne a entse phoso e kholo hakaakang ka ho mo bolella?
Eaba Delila o re ho Bafilista: ‘Kea tseba hore na o nka matla a hae hokae!’ Kahoo, a robatsa Samsone liropeng tsa hae ’me a re motho e mong a mo kute. Delila a hoeletsa a re: ‘Samsone Bafilista ke bao!’ Ha Samsone a tsoha, matla a hae a ne a se a felile. Bafilista ba mo tšoara, ba mo ntša mahlo eaba ba mo kenya teronkong.
Ka letsatsi le leng, ha Bafilista ba le tempeleng ea molimo oa bona ea bitsoang Dagone, ba hoeletsa ba re: ‘Molimo oa rona o re file Samsone! Mo ntšeng re bapaleng ka eena.’ Ba mo emisa pel’a lipalo tse peli ’me ba mo soma. Samsone a hoeletsa a re: ‘Jehova, ke kopa u boele u mphe matla.’ Moriri oa Samsone o ne o se o holile. Eaba o sutumetsa lipalo tseo ka matla a hae kaofela. Mohaho oo oa oela batho kaofela, eaba ba shoa hammoho le Samsone.
“Ke na le matla a ho etsa lintho tsohle ka lebaka la ea mphang matla.”—Bafilipi 4:13