THUTO EA 42
Jonathane o ne a le Sebete Ebile a Tšepahala
Mora e moholo oa Morena Saule ea bitsoang Jonathane, e ne e le lesole le sebete. Davida o ile a re Jonathane o lebelo ho feta ntsu, ebile o matla ho feta tau. Ka letsatsi le leng, Jonathane o ile a bona masole a 20 a Bafilista leralleng. Eaba o re ho motho ea mo nkelang libetsa: ‘Re tla ba hlasela hafeela Jehova a ka re fa letšoao. Ha Bafilista ba ka re re nyolohele ho bona, re tla tseba hore re lokela ho ba loantša.’ Bafilista ba hoeletsa, ba re: ‘Nyolohang re tl’o loana!’ Kahoo, banna bao ba babeli ba nyoloha, ’me ba hlola masole ao a Bafilista.
Kaha Jonathane e ne e le mora e moholo oa Saule, e ne e lokela ho ba eena morena ea latelang. Empa Jonathane o ne a tseba hore Jehova o khethile Davida hore e be morena ea latelang oa Iseraele, ’me sena ha sea ka sa mo koatisa. Jonathane le Davida e ile ea e-ba metsoalle e meholo. Ba tšepisana hore ba tla sireletsana. Jonathane a fa Davida seaparo sa hae, sabole, seqha le lebanta ho bontša hore ke metsoalle.
Ha Davida a ntse a baleha Saule, Jonathane o ile a ea ho eena ’me a re: ‘E-ba sebete ’me u be matla. Jehova o khethile uena hore u be morena. Le Ntate o tseba seo.’ Na u ka rata ho ba le motsoalle ea joaloka Jonathane?
Jonathane o ile a beha bophelo ba hae kotsing ka makhetlo a mangata, e le hore a thuse motsoalle oa hae. Kaha o ne a tseba hore ntate oa hae o batla ho bolaea Davida, o ile a re ho eena: ‘U tla be u etsa sebe ha u ka bolaea Davida, hobane ha a etsa letho le phoso.’ Saule o ile a koatela Jonathane. Lilemo hamorao Saule le Jonathane ba ile ba bolaeloa ntoeng.
Ka mor’a lefu la Jonathane, Davida o ile a batla mora oa Jonathane ea bitsoang Mefiboshethe. Ha a mo fumana, a re ho eena: ‘Kaha ntate oa hao e ne e le motsoalle oa ka, ke tla u hlokomela bophelo bohle ba hao. U tla lula ntlong ea ka ea borena ’me u tla ja le ’na tafoleng.’ Davida ha aa ka a lebala motsoalle oa hae Jonathane.
“Le ratane joalokaha ke le ratile. Ha ho ea nang le lerato le fetang la motho ea telang bophelo ba hae bakeng sa metsoalle ea hae.”—Johanne 15:12, 13