Jonathane “o Sebelitse le Molimo”
MORA oa morena oa pele oa Iseraele o etela ’malehi. O re ho ’malehi eo: “U se ke ua tšoha; etsoe letsoho la Ntate Saule le ke ke la u fumana, ’me u tla ba morena oa Iseraele, ’me ke tla ba oa bobeli ho uena.”—1 Samuele 23:17.
Moeti enoa ke Jonathane; ’malehi ke Davida. Haeba Jonathane a ne a sa shoa nakoana ka mor’a moo, mohlomong e ka be e ile ea e-ba motšepuoa e moholo oa Davida.
Setsoalle sa Jonathane le Davida se ne se ikhetha. Bonneteng, Jonathane e ne e le motho ea tsotehang. Esita le batho ba mehleng ea hae ba ne ba nahana joalo, kaha ba ile ba bua tjena ka eena: “O sebelitse le Molimo.” (1 Samuele 14:45) Ke hobane’ng ha ba ile ba rialo? Jonathane o ne a e-na le litšobotsi life? Hona pale ea bophelo ba hae e u ama joang?
Baiseraele “ba Mahlomoleng”
Bibele e qalile ho bua ka Jonathane ha Baiseraele ‘ba le mahlomoleng.’ Bafilista ba ne ba tlatlapile naha ea bona ’me ba ba sitisitse ho itoanela.—1 Samuele 13:5, 6, 17-19.
Leha ho le joalo, Jehova o ile a bolela hore o ne a ke ke a lahla batho ba hae, ’me Jonathane o ne a kholisehile hore ho tla ba joalo. Molimo o ne a ile a bua tjena ka ntat’ae Saule: “O tla pholosa sechaba sa ka matsohong a Bafilista.” Jonathane o ile a tšepa hore mantsoe ao a tla phethahala. Eena ka boeena o ne a se a kile a etella pele Baiseraele ba sa hlomelang hakaalo ba 1 000 ha ba ne ba hlōla Bafilista. Joale o ne a batla ho felisa tšokelo ea Bafilista ka ho feletseng.—1 Samuele 9:16; 12:22; 13:2, 3, 22.
Ho Futuha ka Sebete
Morero oa Jonathane e ne e le ho hlasela setsi se ka thōko sa sesole sa Bafilista se neng se le haufi le lekhalo la Mikmashe. (1 Samuele 13:23) Hore a fihle moo, o ne a tla lokela ho “nyoloha a khasa.” Seo ha sea ka sa mo nyahamisa. Jonathane o ile a etsa qeto ea ho hlasela a e-na le mojari oa lihlomo tsa hae feela ’me a re ho eena: “Mohlomong Jehova o tla re sebeletsa, etsoe ha ho se ka sitisang Jehova ho pholosa ka ba bangata kapa ka ba seng bakae.”—1 Samuele 14:6, 13.
Baiseraele bao ba babeli ba ile ba batla pontšo e tsoang ho Jehova. Ba ne ba tla ipepesetsa banna ba setsing seo se ka thōko sa sesole. Haeba Bafilista ba ne ba ka re: “Emang ho fihlela re kopana le lōna!” Jonathane le mojari oa lihlomo tsa hae ba ne ba ke ke ba ea ho bona. Empa haeba ba lireng ba ne ba ka re: “Re futuheleng!” seo se ne se tla bolela hore Jehova o ne a tla etsa hore Jonathane le mojari oa lihlomo tsa hae ba hlōle. Jonathane o ne a ikemiselitse ho nyolohela setsing se ka thōko sa sesole ho ea loana hafeela a ne a kholisehile hore Molimo o tla mo tšehetsa.—1 Samuele 14:8-10.
Na banna ba babeli ba ne ba ka hla ba o besa o tuke khahlanong le masole ’ohle a setsi se ka thōko? Na Jehova ha aa ka a thusa Moahloli Ehude ha a ne a eteletse Baiseraele pele ha ba hlasela Bamoabe? Na Molimo ha aa ka a tšehetsa Shamgare, a mo thusa ho bolaea Bafilista ba 600 ka tsenene ea likhomo? Hona na Jehova ha aa ka a fa Samsone matla a ho bolaea Bafilista a le mong too! ka monoana? Jonathane o ne a tšepile hore le eena Molimo o ne a tla mo thusa.—Baahloli 3:12-31; 15:6-8, 15; 16:29, 30.
Ha Bafilista ba bona Baiseraele bao ba babeli, ba ile ba hooa ba re: “Nyolohelang ho rōna, ’me re tla le ruta thuto!” Jonathane o ile a nyoloha a e-na le mojari oa lihlomo tsa hae. Ba ile ba futuha ka sebete ’me ba bolaea masole a lireng a ka bang 20, hoo masole a setsing seo se ka thōko a ileng a tlala pherekano. Mohlomong Bafilista ba ne ba nahana hore ho na le bahlabani ba bangata ba Baiseraele ba neng ba latela bao ba babeli. Tlaleho ena e re ka mor’a moo “ho thothomela ha e-ba teng . . . har’a batho bohle ba setsing se ka thōko sa sesole, . . . le lefatše la qala ho sisinyeha, ’me ea e-ba ho thothomela ho tsoang ho Molimo.” Ka lebaka la tšisinyeho ea lefatše e bakiloeng ke Molimo, ha e-ba le morusu har’a Bafilista, hoo “e mong le e mong [a ileng a] futuhela oa habo ka sabole.” Ha mabotho a Baiseraele a bona sena, a ile a iteta sebete. Baiseraele ba neng ba ipatile le ba neng ba oetse ka lehlakoreng la Bafilista ba ile ba ba thusa, “ba ’na ba bolaea Bafilista ho tloha Mikmashe ho ea Ajalone.”—1 Samuele 14:11-23, 31.
O Lopolloa ke Batho
Ka booatla, Morena Saule o ile a re ho rohakoe lesole leha e le lefe la hae le neng le ka ja pele ntoa e hlōloa. Ka lebaka le itseng, Jonathane o ne a sa tsebe taba ena. Jonathane o ile a ja. A qopetsa khekheng ea linotši ka molamu oa hae eaba o ja mahe a linotši. Ho bonahala seo se ile sa mo matlafatsa ho fihlela ntoa e felile.—1 Samuele 14:24-27.
Ha Saule a utloa hore Jonathane o ne a jele, a etsa qeto ea hore o lokela ho shoa. Jonathane ha aa ka a tšaba ho shoa. O ile a re: “Ke ’na enoa! E-re ke shoe! . . . Empa batho ba re ho Saule: ‘Na Jonathane o lokela ho shoa, ea tlisitseng poloko ee e khōlō Iseraele? Ke ho sa utloahaleng! Ka Jehova ea phelang, ha ho qoba leha e le ’ngoe ea moriri oa hae e tla oela fatše; etsoe o sebelitse le Molimo letsatsing lena.’ Eaba batho ba lopolla Jonathane, ’me ha aa ka a shoa.”—1 Samuele 14:38-45.
Mohlanka oa mehleng ena oa Molimo ha a loane lintoa tsa sebele, empa bophelong ba hao ho ka ’na ha e-ba le linako tseo ka tsona u lokelang ho ba le tumelo le sebete. Ho ka ’na ha e-ba thata hore u etse se nepahetseng ha u le har’a batho ba etsang se fosahetseng. Leha ho le joalo, Jehova o tla u matlafatsa le ho hlohonolofatsa takatso ea hao ea ho khomarela melao ea hae e lokileng. U ka ’na ua lokela ho ba sebete hore u amohele tokelo e itseng ea tšebeletso ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova, joaloka ho atolosa tšebeletso ea hao, ho amohela likabelo tse ncha kapa ho fallela moo ho hlokahalang baboleli ba eketsehileng ba ’Muso. U ka ’na ua ipotsa hore na u ka khona ho phetha kabelo eo. Leha ho le joalo, kholiseha hore ke ho babatsehang ho ithaopela hore Jehova a u sebelise ka tsela eo a bonang e loketse. Hopola Jonathane! “O sebelitse le Molimo.”
Jonathane le Davida
Lilemo tse ka bang 20 hamorao, mohlabani oa Mofilista ea bitsoang Goliathe o ile a nyelisa lebotho la Iseraele, empa Davida a mo bolaea. Le hoja e ka ’na eaba Jonathane o ne a siea Davida ka lilemo tse 30, ba ne ba tšoana linthong tse ngata.a Davida le eena o ile a bontša sebete se kang seo Jonathane a ileng a se bontša ha a le Mikmashe. Ka holim’a tsohle, Davida o ne a e-na le tumelo e tšoanang matleng a pholosang a Jehova, e leng se ileng sa mo thusa hore a loane le Goliathe a sa tšabe letho ha Baiseraele ba bang bohle ba ntse ba cha ntši. Kahoo “moea oa Jonathane oa tlamahana le moea oa Davida, ’me Jonathane a qala ho mo rata joaloka moea oa hae.”—1 Samuele 17:1–18:4.
Le hoja sebete sa Davida se ile sa etsa hore Morena Saule a mo nke e le sera sa hae, Jonathane ha aa ka a jela Davida mōna le hanyenyane. Eena le Davida e bile metsoalle e ntšanang se inong, ’me ho ka etsahala hore ha ba ntse ba phetlelana lifuba, Jonathane o ile a tseba hore Davida o tlotselitsoe ho ba mohlahlami boreneng ba Iseraele. Jonathane o ne a hlompha qeto ea Molimo.
Ha Morena Saule a ne a bua le mor’a hae le bahlanka ba hae ka ho bolaea Davida, Jonathane o ile a loma Davida tsebe. Jonathane o ile a kholisa Saule hore ho ne ho se letho leo a neng a lokela ho le tšaba ka Davida. Davida o ne a sa siteloa morena ka letho! Na hase Davida ea neng a ile a beha bophelo ba hae kotsing ka ho ea loantša Goliathe? Kōpo ea Jonathane e matla molemong oa motsoalle oa hae ea tšoaroang hampe e ile ea kokobetsa Saule. Leha ho le joalo, nakoana hamorao morena o ile a khutlela mererong ea hae ea polao eaba o etsa matsapa a mang a ho bolaea Davida, hoo Davida a ileng a tlameha ho baleha.—1 Samuele 19:1-18.
Jonathane o ile a oa a tsoha le Davida. Metsoalle ena e ’meli e ile ea kopana e le hore e rere se lokelang ho etsoa. Kaha Jonathane o ne a tšepahalla motsoalle oa hae a bile a leka ho tšepahalla ntat’ae, o ile a re ho Davida: “Ke ho sa utloahaleng! U ke ke ua shoa.” Leha ho le joalo, Davida o ile a re ho Jonathane: “Ho na le hoo e ka bang mohato feela pakeng tsa ka le lefu!”—1 Samuele 20:1-3.
Jonathane le Davida ba ile ba loha leqheka la ho bona hore na Saule o ikemiselitse ho etsa eng. Haeba ho ne ho hlokomeleha hore Davida ha a eo tafoleng ea morena, Jonathane o ne a lokela ho bolella ntat’ae hore Davida o ne a kōpile ho ea ba teng sehlabelong sa lelapa labo. Haeba Saule a ne a ka halefa ha a utloa seo, e ne e tla ba pontšo ea hore o ne a rerile ho etsa Davida hampe. Jonathane o ile a mo hlohonolofatsa ’me ka tsela e sa tobang a bontša hore o mo nka e le mohlahlami boreneng, ha a re: “E se eka Jehova a ka ba le uena, feela joalokaha a bile le Ntate.” Ka bobeli ba ile ba ikana hore ba tla tšepahallana ’me ba rerisana hore na Jonathane o ne a tla tsebisa Davida boemo ba litaba joang.—1 Samuele 20:5-24.
Ha Saule a bona hore Davida ha a eo, Jonathane o ile a mo hlalosetsa hore Davida o ne a kōpile hore: “Haeba ke fumane kamohelo mahlong a hao, ntumelle hore ke thobe, ka kōpo, e le hore nka bona barab’eso.” Jonathane o ne a sa tšabe ho lumela hore o ne a rata Davida. Morena a loloma ka bohale! A rohaka Jonathane ’me a mo omanya a re Davida o ne a tla mo sitisa ho ba mohlahlami boreneng. Saule o ile a laela Jonathane hore a tlise Davida ho eena kaha o ne a lokela ho shoa. Jonathane a mo araba ka ho re: “Ke hobane’ng ha a lokela ho bolaoa? O entse’ng?” A tletse bohale, Saule o ile a betsa mora oa hae ka lerumo. Jonathane o ile a pholoha a sa lemala empa o ne a utloile bohloko ka lebaka la Davida.—1 Samuele 20:25-34.
Jonathane o ile a bontša botšepehi bo tsotehang hakaakang! Ka pono ea botho, ho ba motsoalle oa Davida ho ne ho ke ke ha mo ruisa molemo o mokaalo empa ho ne ho tla mo ntša mejo hanong. Leha ho le joalo, Jehova o ne a entse qeto ea hore Davida e be mohlahlami oa Saule boreneng, ’me seo Molimo a neng a se rerile, se ne se tla tsoela Jonathane le batho ba bang molemo.
Karohano e Bohloko
Jonathane o ile a teana le Davida lekunutung e le hore a mo bolelle boemo ba litaba. Ho ne ho hlakile hore Davida o ne a ke ke a hlola a le beha ntlong ea borena ea Saule. Banna bao ba babeli ba ile ba lla ba ntan’o hakana. Eaba Davida oa baleha.—1 Samuele 20:35-42.
Jonathane o ile a boela a bona Davida ha a ne a ipatetse Saule “lefeelleng la Zife Horeshe.” Ke moo Jonathane a ileng a khothatsa Davida ka mantsoe a reng: “U se ke ua tšoha; etsoe letsoho la Ntate Saule le ke ke la u fumana, ’me u tla ba morena oa Iseraele, ’me ke tla ba oa bobeli ho uena; le Ntate Saule o tseba seo.” (1 Samuele 23:15-18) Nakoana ka mor’a moo, Jonathane le Saule ba ile ba shoa ntoeng e neng e loanoa le Bafilista.—1 Samuele 31:1-4.
Bohle ba ratang Molimo ba lokela ho nahanisisa ka tsela eo Jonathane a neng a phela ka eona. Na maikutlo a hao aa loantšana tabeng ea hore na u tšepahale ho mang? Haeba ho joalo hopola hore Saule o ile a khothalletsa Jonathane hore a ichebe boeena. Leha ho le joalo, Jonathane o ile a tlotla Jehova ka ho ipeha tlaase le ho mo hlompha ho tsoa pelong ’me a thaba hore ebe mohlahlami boreneng ba Iseraele e ne e tla ba eo Molimo a neng a mo khethile. Ka sebele, Jonathane o ile a tšehetsa Davida ’me a tšepahala ho Jehova.
Jonathane o ne a e-na le litšobotsi tse ratehang. Mo etsise! Ha u etsa joalo, seo batho ba ileng ba se bua ka Jonathane ba tla se bua ka uena, ba re: “O sebelitse le Molimo.”—1 Samuele 14:45.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bonyane Jonathane o ne a le lilemo li 20 ha ho buuoa ka eena ka lekhetlo la pele e le molaoli oa masole qalong ea puso ea Saule ea lilemo tse 40. (Numere 1:3; 1 Samuele 13:2) Kahoo e tlameha ebe Jonathane o ne a habile ho ba lilemo li 60 ha a e-shoa hoo e ka bang ka 1078 B.C.E. Kaha ka nako eo Davida o ne a le lilemo li 30, ho bonahala eka Jonathane o ne a siea Davida ka lilemo tse 30.—1 Samuele 31:2; 2 Samuele 5:4.
[Setšoantšo se leqepheng la 19
Jonathane ha aa ka a jela Davida mōna