THUTO EA 47
Jehova o Matlafatsa Elia
Ha Jezebele a utloa ka se etsahetseng ho baprofeta ba Baale, o ile a koata haholo. A romela Elia molaetsa o reng: ‘Hosane u tla be u shoele joaloka baprofeta bao ba Baale.’ Elia o ile a tšoha haholo ’me a balehela ka ntle ho motse. A rapela, a re: ‘Jehova ha ke khone ho mamella boemo bona. Ntlohele ke shoe.’ Kaha o ne a khathetse, o ile a robala tlas’a sefate.
Ha Elia a ntse a robetse, lengeloi la mo tsosa la re: ‘Tsoha o je.’ Elia a bona bohobe le jeke ea metsi. O ile a ja le ho noa ’me a robala hape. Lengeloi la mo tsosa hape la re: ‘Tsoha u je hobane u hloka matla bakeng sa leeto la hao.’ Kahoo Elia a ja lijo tse eketsehileng. Eaba o tsamaea matsatsi a 40 le masiu a 40, ho fihlela a fihla Thabeng ea Horebe. Ha a le moo a kena ka lehaheng ’me a robala. Empa Jehova a bua le eena a re: ‘Elia u batlang moo?’ Elia a re: ‘Baiseraele ha baa phethahatsa seo ba u tšepisitseng sona. Ba sentse lialetare tsa hao ’me ba bolaile baprofeta ba hao. Le ’na ba batla ho mpolaea.’
Jehova a re ho eena: ‘Tsamaea u ee thabeng.’ Ho ile ha e-ba le moea o matla lehaheng. Ka mor’a moo, ha e-ba le tšisinyeho ea lefatše le mollo. Qetellong, Elia a utloa lentsoe le buelang tlase. A ikoahela sefahleho ka seaparo sa hae ’me a tsoela ka ntle. Jehova a mo botsa hore na ke hobane’ng ha a baleha. Elia a re: ‘Ke setse ke le mong.’ Empa Jehova a re ho eena: ‘Ha u mong. Ho na le batho ba 7 000 Iseraele ba ntseng ba nthapela. Tsamaea o khethe Elisha hore ebe moprofeta ea tla o nkela sebaka.’ Hang-hang Elia a etsa seo Jehova a mo laetseng sona. Na u nahana hore Jehova a ka u thusa ha u etsa seo a batlang hore u se etse? E, a ka u thusa. A re boneng hore na keng e ileng ea etsahala nakong ea komello.
“Le se ke la tšoenyeha ka letho. Ho e-na le hoo, le rapele Molimo kamehla, le mo kope ka tieo hore a le tataise linthong tsohle ’me le mo lebohe kamehla.”—Bafilipi 4:6