Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 52 leq. 126-leq. 127 ser. 1
  • Lebotho le Matla la Jehova

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebotho le Matla la Jehova
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Elisha o Ile a Bona Likoloi Tsa Mollo​—Uena?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • “Phahamisa Mora oa Hao”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Mohlala oa ho Itela le ho Tšepahala
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 52 leq. 126-leq. 127 ser. 1
Elisha le mohlanka oa hae ba pota-potiloe ke lebotho la Basiria

THUTO EA 52

Lebotho le Matla la Jehova

Morena oa Siria ea bitsoang Ben-hadade o ne a atisa ho hlasela Baiseraele. Empa morena oa Iseraele o ne a lula a phonyoha hobane moprofeta Elisha o ne a mo lemosa esale pele. Eaba Ben-hadade o rera ho tšoara Elisha. A utloa hore Elisha o motseng oa Dothane, ’me a romela masole a Siria ho ea mo tšoara.

Basiria ba fihla Dothane bosiu. Ka le hlahlamang hoseng, ha mohlanka oa Elisha a tsoela ka ntle a fumana hore motse o pota-potiloe ke Basiria ba bangata. O ile a tšoha haholo ’me a hoeletsa a re: ‘Elisha, jonna re tl’o etsa joang?’ Elisha a re ho eena: ‘Ba nang le rona ba bangata ho ba feta.’ Ka nako eo, Jehova a etsa hore mohlanka oa Elisha a bone lipere le likoloi tse ngata tsa ntoa lithabeng tse potolohileng motse oo.

Elisha le mohlanka oa hae ba bona lebotho la mangeloi a ba pota-potileng

Ha masole a Siria a leka ho tšoara Elisha, o ile a rapela a re: ‘Jehova ke kopa u a foufatse.’ Eaba hang-hang masole ao ha a sa tseba hore na a hokae, le hoja a ne a ntse a bona. Elisha a re ho ’ona: ‘Le motseng osele. Ntšaleng morao, ke tla le isa ho motho eo le mo batlang.’ Eaba a latela Elisha ’me o a isa Samaria, moo morena oa Iseraele a lulang teng.

Ha masole a fihla moo, ke hona a ileng a bona hore na a hokae. Morena oa Iseraele a re ho Elisha: ‘Ke a bolaee?’ Na Elisha o ile a batla ho iphetetsa ho batho baa ba neng ba batla ho mo utloisa bohloko? Che. Elisha o ile a re: ‘U se ke oa a bolaea. A fe lijo ’me ha u qeta u a lokolle a itsamaele.’ Eaba morena o etsa mokete o moholo oa a fepa ’me ka mor’a moo a a lokolla.

Masole a Siria a ja lijo Samaria

“Re kholisehile hore ho sa tsotellehe hore na re kopa eng ho Molimo, hafeela e le tumellanong le thato ea hae, o tla re utloa.”—1 Johanne 5:14

Lipotso: Jehova o ile a sireletsa Elisha le mohlanka oa hae joang? Na u nahana hore Jehova a ka u sireletsa le uena?

2 Marena 6:8-24

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela