Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w13 8/15 maq. 28-30
  • Elisha o Ile a Bona Likoloi Tsa Mollo​—Uena?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Elisha o Ile a Bona Likoloi Tsa Mollo​—Uena?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ELISHA O QALA HO SEBELETSA ELIA
  • ELISHA O ILE A KHOMARELA MOSEBETSI OA HAE
  • “KŌPA SEO NKA U ETSETSANG SONA”
  • SEO ELISHA A ILENG A SE BONA
  • ELISHA O NE A TŠEPILE JEHOVA
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Mohlala oa ho Itela le ho Tšepahala
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lebotho le Matla la Jehova
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Na U Nka Balumeli-’moho le Uena ba Hōlileng e le ba Bohlokoa?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
w13 8/15 maq. 28-30

Elisha o Ile a Bona Likoloi Tsa Mollo​—Uena?

Morena oa Syria o ne a tsoma moprofeta oa Molimo e leng Elisha, ’me o ile a fumana hore o motseng o leralleng oa Dothane, o pota-potiloeng ke marako. Morena oa Syria o ile a romela lipere, likoloi tsa ntoa le mabotho Dothane, bosiu. Ka meso, mabotho a hae a ne a se a lika-likelitse motse oo.—2 Mar. 6:13, 14.

Ha mohlanka oa Elisha a tsoha ’me a tsoela ka ntle, o ile a bona batho ba neng ba batla ho tšoara moprofeta eo. O ile a re: “Oho, mong’a ka! Re tla etsa joang?” Elisha o ile a re: “U se ke ua tšoha, etsoe ba nang le rōna ba bangata ho feta ba nang le bona.” Ka mor’a moo, moprofeta eo o ile a rapela a re: “Ka kōpo, Jehova, tutubolla mahlo a hae, e le hore a ka bona.” Tlaleho eo e tsoela pele ka ho re: “Kapele-pele Jehova a tutubolla mahlo a mohlanka eo, hoo a ileng a bona; bonang! sebaka se lithaba se ne se tletse lipere le likoloi tsa ntoa tsa mollo ho pota-pota Elisha ka hohle.” (2 Mar. 6:15-17) Re ka ithuta’ng ketsahalong ee le ho tse ling tse ileng tsa etsahala bophelong ba Elisha?

Elisha o ile a khoba matšoafo ha a ne a qabeletsoe ke Basyria hobane o ne a tšepile Jehova ’me o ile a bona ha Molimo a mo sireletsa. Ha rea lebella mehlolo kajeno, empa rea hlokomela hore Jehova o sireletsa bahlanka ba hae e le sehlopha. Ka tsela e itseng, le rōna re lika-likelitsoe ke lipere le likoloi tsa mollo. Haeba re li “bona” ka mahlo a rōna a tumelo ’me kamehla re tšepa Molimo, re tla ‘lula re sireletsehile’ ’me Jehova o tla re hlohonolofatsa. (Pes. 4:8) A re ke re hlahlobeng hore na re ka rua molemo joang linthong tse ling tse ileng tsa etsahala bophelong ba Elisha.

ELISHA O QALA HO SEBELETSA ELIA

Ka lekhetlo le leng ha Elisha a ntse a lema tšimong, moprofeta Elia o ile a tla ho eena eaba o lahlela seaparo sa hae se khethehileng holim’a hae. Elisha o ne a tseba hore na seo se bolela’ng. O ile a etsa mokete, a salisa ntate oa hae le ’mè oa hae hantle, eaba o tloha lapeng ho ea sebeletsa Elia. (1 Mar. 19:16, 19-21) Kaha Elisha o ile a lumela ho sebelisoa ke Molimo ka hohle kamoo ho ka khonehang kateng, e ile ea e-ba sesebelisoa sa Jehova ’me qetellong o ile a sebeletsa e le moprofeta sebakeng sa Elia.

Elisha o ile a sebeletsa Elia mohlomong ka lilemo tse tšeletseng. Nakong eo, Elisha ke eena ‘ea neng a tšela metsi matsohong a Elia.’ (2 Mar. 3:11) Mehleng eo, ka tloaelo batho ba ne ba ja ka matsoho, ho se na lifereko, lithipa kapa lintho tse ling tse sebelisetsoang ho ja. Ka mor’a lijo, mohlanka o ne a tšella mong’a hae metsi hore a hlape. Kahoo, mesebetsi e meng ea Elisha e ne e le e eisehang. Leha ho le joalo, o ne a nka ho sebeletsa Elia e le tlotla.

Ka ho tšoanang le kajeno, Bakreste ba bangata ba kenela mefuta e fapa-fapaneng ea tšebeletso ea nako e tletseng. Ba etsa joalo hobane ba susumetsoa ke tumelo le takatso ea ho sebelisa matla a bona oohle hore ba sebeletse Jehova. Mesebetsi e meng e hloka hore ba siee mahae a bona ’me ba sebeletse—Bethele, mesebetsing ea kaho le e meng—eo batho ba bangata ba e khellang fatše. Ha ho Mokreste ea lokelang ho nahana hore tšebeletso e joalo ke ea boemo bo tlaase kapa e theolang seriti, kaha Jehova o e nka e le ea bohlokoa haholo.—Baheb. 6:10.

ELISHA O ILE A KHOMARELA MOSEBETSI OA HAE

Pele Molimo a “isa Elia maholimong ka sefefo,” o ile a romela moprofeta ho tloha Gilgale ho ea Bethele. Elia o ile a kōpa mohlanka oa hae hore a se ke a tsamaea le eena, empa Elisha o ile a araba a re: “Nke ke ka u tlohela.” Ha ba ntse ba tsoela pele ka leeto, Elia o ile a phehella Elisha hore a sale ka makhetlo a mang a mabeli, empa ha aa ka a lumela. (2 Mar. 2:1-6) Feela joalokaha Ruthe a ile a khomarela Naomi, Elisha le eena o ile a khomarela Elia. (Ruthe 1:8, 16, 17) Hobane’ng? Hobane Elisha o ne a ananela tlotla eo Molimo a neng a mo file eona ea hore a sebeletse Elia.

Elisha o re behetse mohlala o motle. Ha re fuoa mosebetsi o itseng mokhatlong oa Molimo, re tla o nka e le oa bohlokoa haeba re lula re hopola hore re sebeletsa Jehova. Ha ho tlotla e fetang eo.—Pes. 65:4; 84:10.

“KŌPA SEO NKA U ETSETSANG SONA”

Ha banna bana ba babeli ba ntse ba tsamaea, Elia o ile a re ho Elisha: “Kōpa seo nka u etsetsang sona pele ke tlosoa ho uena.” Feela joalokaha kōpo eo Solomone a ileng a e etsa pejana e ile ea bontša hore ke motho oa moea, le ea Elisha e ile ea bontša se tšoanang. O ile a kōpa hore ‘likarolo tse peli tsa moea oa Elia li tle ho eena.’ (1 Mar. 3:5, 9; 2 Mar. 2:9) Iseraeleng, mora oa letsibolo o ne a lokela ho fuoa likarolo tse peli tsa lefa. (Deut. 21:15-17) Kahoo, ha e le hantle Elisha o ile a kōpa ho ba mojalefa oa lintho tsa moea oa Elia. Ho feta moo, ho hlakile hore Elisha o ne a batla ho ba le sebete se tšoanang le sa Elia, ea ’nileng a “boulella Jehova Molimo . . . ka ho feletseng.”—1 Mar. 19:13, 14.

Elia o ile a arabela kōpo ea mohlanka oa hae joang? Moprofeta eo o ile a re: “U kōpile ntho e thata. Haeba u mpona ha ke tlosoa ho uena, ho tla etsahala ka tsela eo ho uena; empa haeba u sa mpone, ho ke ke ha etsahala.” (2 Mar. 2:10) Ho bonahala eka karabo ea Elia e ne e e-na le lintlha tse peli tsa bohlokoa. Ea pele, ke Molimo feela ea neng a ka etsa qeto ea hore na Elisha o tla fumana seo a se kōpileng kapa che. Ea bobeli, haeba Elisha o ne a tla se fumana, o ne a lokela ho boloka boitlamo ba hae ba hore o tla lula le Elia ho bata kapa ho chesa.

SEO ELISHA A ILENG A SE BONA

Molimo o ile a talima kōpo ea Elisha ea ho batla likarolo tse peli tsa moea oa Elia joang? Tlaleho e re: “Eitse ha ba ntse ba tsamaea, ba bua ba ntse ba tsamaea, bonang! koloi ea ntoa ea mollo le lipere tsa mollo, tsa ba arohanya; Elia a nyolohela maholimong ka sefefo. Nakong eo eohle Elisha o ne a ho bona.”a Eo e ne e le karabo ea Jehova kōpong ea Elisha. Elisha o ile a bona ha Elia a tlosoa ho eena, a amohela likarolo tse peli tsa moea oa Elia, ’me ea e-ba mojalefa oa lintho tsa moea oa moprofeta eo.—2 Mar. 2:11-14.

Elisha o ile a nka seaparo se khethehileng se neng se oele ho Elia ’me a se apara. Joale, seaparo seo se ile sa khetholla Elisha e le moprofeta oa Molimo. Bopaki bo eketsehileng ba hore o khethiloe bo ile ba bonahala hamorao ha a etsa mohlolo oa ho arola metsi a Nōka ea Jordane.

Ha ho pelaelo hore Elisha o ile a angoa haholo ke ketsahalo eo a ileng a e bona ea ha Elia a nyoloha ka sefefo. Ho feta moo, hase kamehla motho a bonang likoloi tsa ntoa tsa mollo le lipere! Li ile tsa fana ka bopaki ba hore ka sebele Jehova o ananetse kōpo ea Elisha. Ha Molimo a araba lithapelo tsa rōna, ha re bone likoloi tsa ntoa tsa mollo kapa lipere. Empa re ka lemoha hore Molimo o sebelisa matla a maholo ho tiisa hore thato ea hae e ea phethoa. Hape, ha re hlokomela hore Jehova o hlohonolofatsa karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa hae, ha e le hantle re “bona” ha koloi ea hae ea leholimo e tsamaea.—Ezek. 10:9-13.

Elisha o ile a bona lintho tse ngata tse ileng tsa mo kholisa hore Jehova o na le matla a maholo. Ha e le hantle, moea o halalelang oa Molimo o thusitse moprofeta eo ho etsa mehlolo e 16—e leng e menang e entsoeng ke Elia ka makhetlo a mabeli.b Lekhetlo la bobeli leo ka lona Elisha a ileng a bona lipere le likoloi tsa ntoa tsa mollo, ke nakong ea tlokotsi e ileng ea etsahala Dothane eo ho builoeng ka eona qalong ea sehlooho sena.

ELISHA O NE A TŠEPILE JEHOVA

Le hoja ba ne ba lika-likelitsoe ke lira Dothane, Elisha o ne a khobile matšoafo. Hobane’ng? Hobane o ne a e-na le tumelo e matla ho Jehova. Le rōna re hloka tumelo e joalo. Kahoo, a re rapelleng moea o halalelang oa Molimo e le hore re bontše tumelo le litšobotsi tse ling tsa tholoana ea moea.—Luka 11:13; Bagal. 5:22, 23.

Ketsahalo e etsahetseng Dothane e ile ea boela ea fa Elisha lebaka le utloahalang la ho tšepa Jehova le mabotho a hae a sa bonahaleng a sireletsang. Moprofeta eo o ile a hlokomela hore Molimo o sebelisitse mabotho a mangeloi hore a lika-liketse motse hammoho le batho ba o thibeletseng. Molimo o ile a pholosa Elisha le mohlanka oa hae ka mohlolo ka hore a foufatse ba lireng. (2 Mar. 6:17-23) Nakong eo e thata, Elisha o ile a bontša tumelo ’me a tšepa Jehova ka ho feletseng, feela joalokaha a ile a etsa le makhetlong a mang.

A re tšepeng Jehova Molimo joaloka Elisha. (Liprov. 3:5, 6) Ha re etsa joalo, “Molimo o tla re bontša mohau ’me a re hlohonolofatse.” (Pes. 67:1) Ke ’nete hore ha rea lika-liketsoa ke likoloi tsa mollo le lipere ka tsela ea sebele. Leha ho le joalo, nakong ea “matšoenyeho a maholo” a tlang, Jehova o tla re sireletsa re le mokhatlo oa bara ba motho oa lefatšeng ka bophara. (Mat. 24:21; Tšen. 7:9, 14) Ho fihlela nakong eo, kamehla a re luleng re hopola hore “Molimo ke setšabelo sa rōna.”—Pes. 62:8.

a Elia ha aa ka a nyolohela leholimong leo ho lona ho lulang Jehova le mangeloi a hae a moea. Sheba Molula-Qhooa oa September 15, 1997, leqepheng la 15.

b Sheba Molula-Qhooa oa August 1, 2005, leqepheng la 10.

TSE LING TSA LINYEOE TSE HLŌTSOENG MORAO TJENA

  • 243 — Palo ea linyeoe tseo Lipaki Tsa Jehova li ileng tsa li hlōla morao tjena lefatšeng ka bophara lekhotleng le phahameng

  • Fora — Ho lefshoa liranta tse limilione li 73

    Chelete e lefiloeng Lipaki Tsa Jehova ka la 11 December , 2012, ke ’muso oa Fora ka mor’a lilemo tse 15 ho isanoa makhotleng

  • Greece — Lekhotla la Naha

    Ka la 2 November, 2012, Lekhotla la Naha le ile la amohela hore Lipaki Tsa Jehova, e leng bolumeli ba Bakreste bo tsebahalang, bo na le tokelo ea ho ba le libaka tsa borapeli

  • 20 — Linyeoe tse hlōtsoeng Lekhotleng la Europe la Litokelo Tsa Botho ho tloha ka April 2000

  • Korea Boroa — Lekhotla la Litokelo Tsa Botho la Machaba a Kopaneng le Liha Kahlōlo

    La 25 October, 2012 - Korea Boroa e qobelloa ho lefa ka tsela e loketseng Lipaki Tsa Jehova tse 388 ka lebaka la ho hatakela litokelo tsa tsona tsa botho tsa ho hana ho kenela tšebeletso ea sesole ka lebaka la letsoalo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela