Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 53 leq. 128
  • Jehojada o Bontša Hore o Sebete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehojada o Bontša Hore o Sebete
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Joase o Ile a Furalla Jehova ka Lebaka la Metsoalle e Mebe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Hlompha Jehova?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Jehova o Hlohonolofatsa Batho ba Sebete
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Mosali ea Khopo ea Ratang Botumo o Fumana Kotlo
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 53 leq. 128
Moprista ea Phahameng Jehojada o hlahisa Morena Joase e monyenyane ka pel’a sechaba

THUTO EA 53

Jehojada o Bontša Hore o Sebete

Jezebele o ne a e-na le morali ea bitsoang Athalia, ea neng a le khopo joaloka ’mè oa hae. Athalia o ne a nyetsoe ke morena oa Juda. Ha monna oa hae a shoa, mora oa hae e ile ea e-ba morena. Ha mora eo oa hae a shoa, Athalia a ipeha boreneng ba Juda. Eaba o leka ho bolaea lelapa lohle la boreneng, esita le litloholo tsa hae, hobane a batla hore ho buse eena feela. Batho bohle ba ne ba mo tšaba.

Moprista ea Phahameng Jehojada le mosali oa hae, Josheba, ba ne ba tseba hore seo Athalia a se etsang se fosahetse. Kahoo, ba ipeha kotsing ka ho pata setloholo se seng sa Athalia se bitsoang Joase. Ba mo holisetsa tempeleng.

Ha Joase a le lilemo li supileng, Jehojada a bokella balaoli le Balevi ’me a re ho bona: ‘Lebelang menyako ea tempele e le hore ho se be le motho ea kenang.’ Eaba Jehojada o etsa Joase morena oa Juda ’me a mo roesa moqhaka hloohong. Batho ba Juda ba hoeletsa ba re: ‘Morena u re phelele!’

Mofumahali Athalia oa hoeletsa

Mofumahali Athalia a utloa hore ho na le se etsahalang eaba o mathela tempeleng. Eitse ha a bona morena e mocha, a re: ‘Le entse bolotsana! Le entse bolotsana!’ Eaba balaoli ba tšoara mofumahali eo ea khopo, baa mo bolaea. Empa na bokhopo ba hae sechabeng bo ile ba fela?

Jehojada o ile a thusa sechaba hore se etse selekane le Jehova, se mo tšepise hore se tla rapela Eena feela. Jehojada o ile a re se senye tempele ea Baale ’me se choatle melimo ea litšoantšo. A beha balebeli lihekeng ho kata tempele e le hore ho se ke ha kena motho leha e le ofe ea sa hloekang. Eaba Jehojada le balebeli ba isa Joase ntlong ea borena ’me ba mo etsa morena. Batho ba Juda ba thaba. Ba ne ba se ba ka khona ho sebeletsa Jehova ka bolokolohi, ho se ho se na Athalia ea khopo le borapeli ba Baale. Na oa bona kamoo Jehojada a ileng a thusa batho ba bangata kateng hobane a ne a le sebete?

“Le se ke la tšaba ba ka le bolaeang empa ba ke ke ba le sitisa ho phela hape. Ho e-na le hoo, le tšabe ea ka le felisang Gehena.”—Matheu 10:28

Lipotso: Jehojada o ile a etsa’ng ho bontša hore o sebete? Na u nahana hore Jehova a ka u thusa hore u be sebete?

2 Marena 11:1–12:12; 2 Likronike 21:1-6; 22:10-12; 23:1–24:16

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela