Ruta Bana ba Hao
Joase o Ile a Furalla Jehova ka Lebaka la Metsoalle e Mebe
E NE e le nako ea mahlomola Jerusalema, motse oo tempele ea Molimo e neng e le ho oona. Morena Akazia o ne a sa tsoa bolaoa. Ho thata ho lumela seo ’mè oa morena Akazia, e leng Athalia, a ileng a se etsa. O ile a bolaea bana ba Akazia—e leng litloholo tsa hae! Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha a ile a etsa seo?—a O ne a batla hore ho buse eena, eseng e mong oa litloholo tsa hae.
Leha ho le joalo, setloholo se seng sa Athalia, e leng leseanyana Joase, se ile sa pholosoa ’me nkhono oa hae o ne a sa tsebe letho ka taba eo. Na u batla ho tseba hore na o ile a pholosoa joang?— Lesea leo le ne le e-na le rakhali ea bitsoang Josheba, ea ileng a pata Joase tempeleng ea Molimo. O ile a khona ho etsa sena hobane monna oa hae, Jehojada, e ne e le Moprista ea Phahameng. Ka hona, ba ile ba tiisa hore Joase oa sireletseha.
Joase o ile a patoa tempeleng ka lilemo tse tšeletseng. Ha a le moo, o ile a rutoa lintho tsohle ka Jehova Molimo le melao ea hae. Qetellong ha Joase a tšoara selemo sa bosupa, Jehojada o ile a nka khato ea ho beha Joase boreneng. Na u ka rata ho tseba hore na Jehojada o ile a etsa see joang, le hore na ho ile ha etsahala’ng ka nkhono oa Joase, e leng Mofumahali Athalia ea khopo?—
Jehojada o ile a bokella balebeli ba khethehileng ka sekhukhu, ba neng ba sebeletsa marena a Jerusalema mehleng eo. O ile a ba bolella hore na eena le mosali oa hae ba pholositse mora oa Morena Akazia joang. Ho tloha moo Jehojada o ile a hlahisa Joase ho balebeli bao ba ileng ba mo nka e le eena morena ea loketseng. Joale ba ile ba rera hore na ba tla etsa’ng.
Jehojada o ile a ntšetsa Joase ka ntle ’me a mo hlomamisa boreneng. Ka nako eo, batho ba “qala ho opa liatla ba re: ‘Morena a ke a phele!’” Balebeli ba ne ba pota-potile Joase ho mo sireletsa. Ha Athalia a utloa mehoo ena ea thabo, a tsoa eaba o re ke morero oa bolotsana. Empa Jehojada a laela hore balebeli ba bolaee Athalia.—2 Marena 11:1-16.
Na u nahana hore Joase o ile a tsoela pele a mamela Jehojada, a ba a ’na a etsa se lokileng?— O ile a etsa joalo ha Jehojada a ntse a phela. Joase o ile a ba a tiisa hore batho ba ntša chelete e le hore ho lokisoe tempele ea Molimo, eo ntate oa hae, Akazia, le ntate-moholo oa hae, Jorame, ba neng ba sa e tsotelle. Empa a re boneng hore na ho ile ha etsahala’ng ha Moprista e Moholo Jehojada a e-shoa.—2 Marena 12:1-16.
Ka nako eo, Joase o ne a ka ba lilemo li 40. Ho e-na le hore a ’ne a tloaelane le batho ba sebeletsang Jehova, Joase o ile a tloaelana le batho ba rapelang melimo ea bohata. Ka nako eo, Zakaria, e leng mora oa Jehojada, e ne e se e le eena moprista oa Jehova. U nahana hore Zakaria o ile a etsa’ng ha a utloa ka lintho tse mpe tseo Joase a neng a se a li etsa?—
Zakaria o ile a bolella Joase: “Kahobane [u] tlohetse Jehova, le eena o tla [u] tlohela.” Mantsoe ao a ile a halefisa Joase hoo a ileng a laela hore Zakaria a tlepetsoe ka majoe. Ak’u nahane feela—Joase o ne a ile a pholosoa matsohong a ’molai, empa joale eena o bolaea Zakaria!—2 Likronike 24:1-3, 15-22.
Na ua bona hore na re ithuta’ng paleng ee?— Le ka mohla re ke ke ra batla ho tšoana le Athalia ea neng a tletse lehloeo a bile a le khopo. Ho e-na le hoo, joalokaha Jesu a re rutile, re lokela ho rata barapeli-’moho le rōna, haesitana le lira tsa rōna. (Matheu 5:44; Johanne 13:34, 35) Hape hopola hore ha re qala ho etsa lintho tse nepahetseng joaloka Joase, re lokela ho lula re e-na le metsoalle e ratang Jehova le e re khothalletsang hore re mo sebeletse.
a Haeba u bala sehlooho sena le ngoana, u lokela ho etsa khefu moo ho nang le motoa ’me u emele hore a bue.