Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 60 leq. 144-leq. 145 ser. 2
  • ’Muso o Tla Lula o le Teng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Muso o Tla Lula o le Teng
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Ema le ho oa ha Setšoantšo se Seholohali
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • Ha Jehova a Ruta Marena Lithuto Tse Laeang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Daniele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • ’Muso o Tšoanang le Sefate se Seholo
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 60 leq. 144-leq. 145 ser. 2
Morena Nebukadnezare o lora lejoe le choatla setšoantšo

THUTO EA 60

’Muso o Tla Lula o le Teng

Ka bosiu bo bong Morena Nebukadnezare o ile a lora toro e makatsang. Toro eo e ile ea mo tšoenya hoo a ileng a felloa ke boroko. Eaba o bitsa maselamose ’me o re ho ’ona: ‘Ntlhalosetseng toro eo ke e lorileng.’ Maselamose a re: ‘Re bolelle hore na u lorile’ng Morena.’ Empa Nebukadnezare a re: ‘Che, nke ke ka le bolella! Lona mpolelleng hore na ke lorile’ng, ho seng joalo ke tla le bolaea.’ Maselamose ao a re ho eena hape: ‘Re bolelle hore na u lorile’ng, re tla u hlalosetsa toro ea hao.’ A re ho ’ona: ‘Le batla ho nqhekella. Mpolelleng hore na ke lorile’ng!’ A re ho morena: ‘Ha ho na motho ea ka u bolellang eona. U re kopa ntho e thata.’

Nebukadnezare o ile a koata haholo ’me a laela hore banna bohle ba bohlale naheng eo ba bolaoe. Ba ne ba akarelletsa Daniele, Shadrake, Meshake le Abednego. Daniele o ile a kopa morena hore a mo fe nako e itseng. Kahoo, Daniele le metsoalle ea hae ba rapela Jehova ba mo kopa hore a ba thuse. Jehova o ile a etsa’ng?

Jehova o ile a bontša Daniele toro ea Nebukadnezare le tlhaloso ea eona. Ka le hlahlamang, Daniele a ea ho mohlanka oa morena ’me a re: ‘U se ke oa bolaea banna ba bohlale. Nka hlalosetsa morena toro ea hae.’ Eaba mohlanka eo o isa Daniele ho Nebukadnezare. Daniele a re ho morena: ‘Molimo o u bolella lintho tse tl’o etsahala. Toro ea hao ke ena: U bone setšoantšo se seholo se nang le hlooho ea khauta, sefuba le matsoho a silevera, mpa le lirope tsa koporo, meomo ea tšepe le maoto a kopantseng tšepe le letsopa. Eaba lejoe le khephoha thabeng, ’me le otla setšoantšo seo maotong. Kahoo, la silakanya setšoantšo seo la se etsa phofo ’me sa fefoloa ke moea. Lejoe leo la fetoha thaba e kholo ’me la tlala lefatše lohle.’

Ka mor’a moo Daniele a re: ‘Tlhaloso ea toro ea hao ke ena: ’Muso oa hao ke hlooho ea khauta. ’Muso o tl’o latela oa hao ke oa silevera. Ka mor’a oona ho tla tla o kang oa koporo, o tla busa lefatše lohle. Ebe ho latela o matla joaloka tšepe. Qetellong ho tla ba le ’muso o arohaneng, oo likarolo tse ling li tla ba matla joaloka tšepe ’me tse ling e be tse fokolang joaloka letsopa. Lejoe le fetohang thaba e kholo ke ’Muso oa Molimo. O tla silakanya mebuso ena kaofela ’me oona o be teng ka ho sa feleng.’

Eaba Nebukadnezare o khumama fatše ka pel’a Daniele. A re: ‘Molimo oa hao o u boleletse toro ena. Ha ho na Molimo ea tšoanang le eena.’ Ho e-na le hore Nebukadnezare a bolaee Daniele, o ile a mo etsa moeta-pele oa banna bohle ba bohlale le ’musi oa profinse ea Babilona. Na oa bona hore na Jehova o ile a araba thapelo ea Daniele joang?

“Lipolelo tse sa hloekang tsa bokella marena sebakeng seo ka Seheberu se bitsoang Armagedone.”—Tšenolo 16:16

Lipotso: Ho tlile joang hore Daniele a khone ho hlalosetsa Nebukadnezare toro ea hae? Toro eo e ne e bolela’ng?

Daniele 2:1-49

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela