Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 62 leq. 148-leq. 149 ser. 1
  • ’Muso o Tšoanang le Sefate se Seholo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Muso o Tšoanang le Sefate se Seholo
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Senoloa Sephiri sa Sefate se Seholo
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
  • ’Muso o Tla Lula o le Teng
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Ha Jehova a Ruta Marena Lithuto Tse Laeang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ho Ema le ho oa ha Setšoantšo se Seholohali
    Ela Hloko Boprofeta ba Daniele!
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 62 leq. 148-leq. 149 ser. 1
Sefate se torong ea Morena Nebukadnezare sea khaoloa

THUTO EA 62

’Muso o Tšoanang le Sefate se Seholo

Bosiung bo bong, Nebukadnezare o ile a lora toro e tšosang. Eaba o bitsa banna ba bohlale hore ba mo hlalosetse eona. Empa ha ho le ea mong ea ileng a khona ho e hlalosa. Qetellong, morena a bua le Daniele.

Nebukadnezare a re ho Daniele: ‘Ke lorile sefate. Se ile sa hola hoo se ileng sa fihla leholimong. Batho bohle lefatšeng ba ne ba ka khona ho se bona. Se ne se e-na le makala a matle ’me se beha litholoana tse ngata. Liphoofolo li lula moriting oa sona ’me linonyana li haha lihlaha makaleng a sona. Eaba lengeloi le theoha leholimong, le re: “Remang sefate seo, le pome makala a sona. Empa le siee kutu le metso ea sona fatše, e tlanngoe ka lebanta la tšepe le la koporo. Pelo ea eona e fetohe e be joaloka ea sebata, e se ke ea e-ba ea motho ’me ho fete linako tse supileng e ntse e le boemong boo. E le hore batho bohle ba ka tseba hore Molimo ke ’Musi le hore a ka fa motho leha e le ofe eo a mo batlang bobusi.”’

Jehova o ile a bolella Daniele seo toro eo e se bolelang. Daniele o ile a tšoha haholo ha a utloa hore na toro eo e bolela’ng. A re: ‘Morena, ke lakatsa eka toro ena e ka be e bua ka lira tsa hao empa joale e bua ka uena. Sefate se seholo se renngoeng se tšoantšetsa uena. U tla amohuoa borena ’me u tla ja joang joaloka phoofolo e hlaha. Empa kaha lengeloi le itse u siee kutu le methapo ea sona, u tla boela u be morena.’

Selemo hamorao, Nebukadnezare o ne a tsamaea marulelong a ntlo ea hae ea borena, a tsota botle ba Babilona. A re: ‘Ak’u bone kamoo ke hahileng motse ona o motle kateng. Ruri ke motho oa bohlokoa.’ Ha a ntse a bua joalo, lentsoe la hlaha leholimong la re: ‘Nebukadnezare. Ha u sa le morena.’

Ka eona nako eo, Nebukadnezare a lahleheloa ke kelello ’me a tšoana le phoofolo e hlaha. Kahoo, a tlosoa ntlong ea borena, a il’o lula le liphoofolo tse hlaha. Moriri oa hae oa hola joaloka masiba a ntsu ’me manala a hae a ba malelele joaloka a nonyana.

Ka mor’a lilemo tse supileng, Nebukadnezare a hlaphoheloa ’me Jehova a mo busetsa boreneng ba Babilona. Eaba Nebukadnezare o re: ‘Ke rorisa Jehova, Morena oa maholimo. Joale kea tseba hore Jehova ke ’Musi. O kokobetsa ba ikhohomosang ’me a ka fa motho leha e le ofe eo a mo batlang bobusi.’

“Boikakaso bo etella ho oa pele ’me ea ikhohomosang o qetella ka ho oa.”—Liproverbia 16:18

Lipotso: Toro ea Nebukadnezare e ne e bolela’ng? Nebukadnezare o ile a ithuta eng?

Daniele 4:1-37

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela