Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 74 leq. 176-leq. 177 ser. 4
  • Jesu e ba Mesia

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu e ba Mesia
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kolobetso ea Jesu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Johanne o Kolobetsa Jesu
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Jesu oa Kolobetsoa
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • E ne e le Selelekela sa Messia
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 74 leq. 176-leq. 177 ser. 4
Ka mor’a hore Johanne a kolobetse Jesu, Molimo o ile a romela moea o halalelang ho Jesu joaloka leeba

THUTO EA 74

Jesu e ba Mesia

Johanne o ne a ntse a ruta a re: ‘Ho na le e moholo ho ’na ea tlang.’ Ha Jesu a le lilemo li ka bang 30, o ile a tloha Galilea a ea Nokeng ea Jordane, moo Johanne a neng a ntse a kolobetsa batho teng. Jesu o ne a batla hore Johanne a mo kolobetse empa Johanne a re: ‘Ha kea lokela ho u kolobetsa. Ke uena ea lokelang ho nkolobetsa.’ Eaba Jesu o re ho eena: ‘Jehova o batla hore u nkolobetse.’ Kahoo, ba kena ka Nokeng ea Jordane ’me Johanne a qoelisa Jesu ka metsing.

Ha Jesu a tsoa ka metsing a rapela. Eaba leholimo lea buleha ’me moea o halalelang o theohela ho eena joaloka leeba. Jehova a bua a le leholimong a re: “U Mora oa ka eo ke mo ratang, ea nkhahlisang.”

Ka mor’a hore moea o halalelang o theohele ho Jesu, e ile ea e-ba Kreste kapa Mesia. Joale o ne a ka etsa mosebetsi oo Jehova a mo fileng oona.

Hang ka mor’a hore Jesu a kolobetsoe, o ile a ea lefeelleng ’me a qeta matsatsi a 40 moo. Ha a khutla, a ea ho Johanne. Ha Johanne a mo bona, a re: ‘Enoa ke Konyana ea Molimo e tlosang sebe lefatšeng.’ Ka tsela eo, o ne a bolella batho hore Jesu ke Mesia. Na oa tseba hore na ho ile ha etsahala’ng ha Jesu a ntse a le lefeelleng? A re bone.

“Eaba lentsoe le tsoa maholimong le re: ‘U Mora oa ka eo ke mo ratang, ea nkhahlisang.’”—Mareka 1:11

Lipotso: Ke hobane’ng ha Jesu a ile a kolobetsoa? Ke hobane’ng ha Johanne a ile a re Jesu ke Konyana ea Molimo?

Matheu 3:13-17; Mareka 1:9-11; Luka 3:21-23; Johanne 1:29-34; Esaia 42:1; Baheberu 10:7-9

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela