THUTO EA 90
Jesu o Shoella Golgotha
Baprista ba ka sehloohong ba ile ba isa Jesu ha ’musisi oa setereke Pilato, eaba o botsa baprista o re: ‘Le qosa monna eo ka eng? ’Ba araba ba re: ‘O ipitsa morena!’ Pilato a botsa Jesu a re: “Na u Morena oa Bajuda?” Jesu a re: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena.”
Eaba Pilato o romela Jesu ho Heroda morena oa Galilea ho bona hore na Heroda o tla mo fumana a le molato. Heroda ha aa ka a fumana letho le phoso ka Jesu, eaba o mo khutlisetsa ho Pilato. Pilato a bolella batho a re: ‘’Na le Heroda ha rea fumana letho le phoso ka monna enoa. Ke mo lumella hore a tsamaee.’ Batho ba re: ‘Mo bolaeeng! Mo bolaeeng!’ Masole a ile a shapa Jesu ka sephali a ba a mo tšoela ka mathe. A ile a mo roesa korone ea meutloa hloohong, eaba a re: ‘Lumela Morena oa Bajuda.’ Pilato o ile a pheta hape a re: ‘Ha kea fumana letho le phoso ka monna enoa.’ Empa ba hoeletsa ba re: “Mo khokhotheleng palong!” Eaba Pilato o fana ka eena hore ba mo bolaee.
Ba ile ba isa Jesu sebakeng se bitsoang Golgotha, ba mo khokhothela palong eaba baa e phahamisa. Jesu o ile a rapela a re: ‘Ntate ba tšoarele. Ha ba tsebe seo ba se etsang.’ Batho ba ne ba tšeha Jesu ba re: ‘Haeba u Mora oa Molimo, itheole palong! Ipholose.’
Motho e mong ea neng a tlotse molao ea neng a khokhothetsoe pel’a Jesu o ile a re ho eena: “U nkhopole ha u kena ’Musong oa hao.” Jesu o ile a re ho eena: “U tla ba le ’na Paradeiseng.” Ho ile ha e-ba lefifi ka lihora tse tharo empa e le motšehare. Barutuoa ba bang ba Jesu le ’mè oa hae, ba ile ba ema pel’a palo eo Jesu a neng a khokhothetsoe ho eona. Jesu o ile a re Johanne a hlokomele Maria joalokaha eka ke ’mè oa hae.
Eaba Jesu o re: “Ho phethehile!” O ile a inama eaba oa shoa. Ka nako eo, lefatše le ile la thothomela. Lesela le ka tempeleng le neng le le lipakeng tsa Sehalalelo le Sehalalelisiso le ile la taboha hare. Lesole le leng le ile la re: ‘Kannete enoa e ne e le Mora oa Molimo.’
“Litšepiso tsohle tsa Molimo li phethahetse ka Jesu.”—2 Bakorinthe 1:20