Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lfb thuto 101 leq. 234-leq. 235 ser. 4
  • Pauluse o Isoa Roma

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pauluse o Isoa Roma
  • Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E-ba Sebete, Jehova o Tla U Thusa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • “Ha ho Motho ea Tla Shoa”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Phatlalatsa ’Muso oa Jehova ka Sebete!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng”
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
Bala Tse Ling
Ithute Lipaleng Tsa Bibele
lfb thuto 101 leq. 234-leq. 235 ser. 4
Pauluse le ba bang baa sesa, ha ba bang ba itšoareletsa ka likotoana tsa sekepe hore ba fihle lebopong la Malta

THUTO EA 101

Pauluse o Isoa Roma

Ha Pauluse a fihla Jerusalema, o ile a tšoaroa ’me a lahleloa teronkong. Leeto la hae la boraro la ho ruta batho litaba tse monate le ile la fella moo. Jesu a hlaha ho eena torong, a re: ‘U tla ea Roma u e’o ruta batho moo.’ Pauluse o ile a tlosoa Jerusalema a isoa Sesarea, moo a qetileng lilemo tse peli teronkong. Ha a le ka pel’a ’Musisi Festase, Pauluse o ile a kopa ho ahloloa ke Sesare, Roma. Festase a re: “U ipilelitse ho Sesare, u tla ea ho Sesare.” Pauluse a isoa Roma ka sekepe ’me a tsamaea le balumeli-’moho le eena ba bitsoang Luka le Aristakase.

Ha ba ntse ba tsamaea ka sekepe, leoatle le ile la befa hoo ba neng ba bona hantle hore ba tl’o shoa. Empa Pauluse a bolella banna ba ka sekepeng hore lengeloi le itse ho eena a se ke a tšoha, ba tla fihla Roma ba ntse ba phela.

Leoatle le ile la befa ka matsatsi a 14 ho fihlela ba bona sehlekehleke sa Malta. Sekepe se ile sa khitla fatše ’me sa robeha likotoana. Empa banna bohle ba 276 ba neng ba le ka sekepeng ba pholoha. Ba bang ba ile ba sesa ha ba bang ba itšoarella ka likotoana tsa sekepe ho ea lebopong. Baahi ba Malta ba ile ba ba hlokomela ’me ba ba besetsa mollo hore ba futhumale.

Ka mor’a likhoeli tse tharo, masole a palamisa Pauluse sekepeng se eang Roma. Ha a fihla, balumeli-’moho le eena ba ile ba mo khahlanyetsa. Eitse ha a ba bona, Pauluse a leboha Jehova ’me a matlafala. Le hoja Pauluse a ne a tšoeroe, o ne a lumeletsoe ho lula ntlong e katiloeng ke lesole. O ile a lula moo lilemo tse peli. Ha batho ba tl’o mo bona, o ne a ba ruta ka ’Muso oa Molimo le ka Jesu. Pauluse o ile a ngolla liphutheho tsa Asia Minor le Judea mangolo. Kannete Jehova o ile a sebelisa Pauluse hore a rute batho litaba tse monate lichabeng tsohle.

“Rea bontša hore re basebeletsi ba Molimo ka litsela tsohle. Re mameletse lintho tse ngata, matšoenyeho, ho hloka le mathata.”—2 Bakorinthe 6:4

Lipotso: Ke hobane’ng ha Festase a ile a isa Pauluse Roma? Ho ile ha etsahala’ng ka Pauluse ha a isoa Roma?

Liketso 21:30; 23:11; 25:8-12; 27:1–28:31; Baroma 15:25, 26

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela