Selelekela sa Karolo ea ea 7
Karolong ena re tla bua ka histori ea Morena Saule le Morena Davida, e qetileng lilemo tse ka bang 80. Qalong, Saule o ne a ikokobelitse ebile a mamela Jehova empa ha nako e ntse e ea, a fetoha eaba ha a sa mamela Jehova. Eaba Jehova o re Samuele a tlotse Davida hore e be morena e mocha oa Iseraele. Saule o ne a le mona, kahoo a leka ka makhetlo ho bolaea Davida empa Davida ha aa ka a iphetetsa. Mora oa Saule ea bitsoang Jonathane o ne a rata Davida hobane a tseba hore Davida o khethiloe ke Jehova. Davida o ile a etsa libe tse tebileng empa ha aa ka a koata ha Jehova a mo khalemela. Haeba u motsoali, thusa ngoana hore a bone bohlokoa ba ho mamela Jehova.