PINA EA 125
“Ho Thaba ba Mohau!”
E Hatisitsoeng
1. Ntate Jehova o mohau.
O re hauhela haholo
’Me oa thaba ha re bontša
Hore re batho ba mosa.
O hauhela ba bakileng,
O utloa kopo tsa bona.
Oa hopola re lerole.
Kahoo, o mohau ho rona.
2. Jesu Morena oa rona
O itse ha re rapela
Re re: “Re kopa tšoarelo,
Hoba re tšoarela ba bang.”
Haeba re tšoarela batho,
Re sa ba jare ka pelo,
Re tla lula re thabile.
Hape re tla imoloha.
3. Re hauheleng batho bohle
’Me re be batho ba fanang.
Re se ke ra ipatlela
Botumo kapa thoriso.
Molimo o bona tsohle.
Ke eena ea tla re putsa.
Ho thaba batho ba mohau,
Kaha ’Mopi oa ba rata.
(Sheba le Mat. 6:2-4, 12-14.)