Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • th khao. 3 leq. 6
  • Ho Botsa Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Botsa Lipotso
  • Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Sebelisa Lipotso ka Katleho
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Hlakisa Bohlokoa ba Taba
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Kenyeletsa Mangolo Hantle
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Finyella Lipelo Tsa Bamameli
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
Bala Tse Ling
Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
th khao. 3 leq. 6

KHAOLO 3

Ho Botsa Lipotso

Lengolo le qotsitsoeng

Matheu 16:13-16

NTLHA-KHOLO: Botsa lipotso ka tsela e hlomphang empa e le e etsang hore batho ba batle ho tseba likarabo ba be ba nahane. Botsa lipotso ha u batla ho hatisa lintlha tsa sehlooho.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Thusa batho hore ba batle ho tseba likarabo. Botsa lipotso tse sa hlokeng likarabo empa e le tse etsang hore motho a nahane ka ho teba a be a labalabele ho fumana likarabo.

  • Botsa lipotso tse thusang bamameli ho nahana. Thusa bamameli ba hao ho utloisisa taba eo u buang ka eona ka ho ba botsa lipotso tse tla ba thusa hore ba fumane likarabo tse nepahetseng.

  • Hatisa lintlha tsa sehlooho. Ha u tl’o bua ka ntlha ea sehlooho botsa potso e fatang maikutlo. Ha u qeta ho bua ka ntlha ea sehlooho kapa ha u qetella puo ea hao, botsa lipotso tse tla hlakisa lintlha tsa sehlooho tseo u neng u bua ka tsona.

    Keletso

    Ha u qeta ho bala temana, botsa lipotso tse tl’o hlakisa lintlha tse ka sehloohong temaneng eo.

TŠIMONG

Kopa motho eo u buang le eena hore a bolele hore na o ikutloa joang ka taba eo le buang ka eona. Mamela ka hloko hore na o re’ng ha a araba. Tseba hantle hore na ke neng moo u lokelang ho botsa lipotso ka tsela e hlomphang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela