Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lmd thuto 5
  • Bontša Tlhompho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bontša Tlhompho
  • Rata Batho u ba Etse Barutuoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pauluse o Ile a Etsa’ng?
  • Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Pauluse?
  • U ka Etsisa Pauluse Joang?
  • Batlang Molimo ’Me le mo Fumane
    Ho Fana ka “Bopaki bo Hlakileng ka ’Muso oa Molimo”
  • Ikokobetse
    Rata Batho u ba Etse Barutuoa
  • U Ikutloa Joang ka Tšimo ea Hao?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Re ka Talima ho Mang Bakeng sa Toka ea ’Nete?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
Bala Tse Ling
Rata Batho u ba Etse Barutuoa
lmd thuto 5

HA U QALA MOQOQO

Moapostola Pauluse o bua le batho ba Athene.

Lik. 17:22, 23

THUTO EA 5

Bontša Tlhompho

Keletso ea Bibele: “Mantsoe ao le a buang e ke e be a mosa kamehla.”—Bakol. 4:6.

Pauluse o Ile a Etsa’ng?

Moapostola Pauluse o bua le batho ba Athene.

VIDEO: Pauluse o Bua le Batho ba Athene

1. Shebella VIDEO kapa u bale Liketso 17:22, 23 ebe u araba lipotso tse latelang:

  1. Pauluse o ile a ikutloa joang ha a hlokomela hore batho ba Athene ba rapela melimo ea litšoantšo?—Sheba Liketso 17:16.

  2. Pauluse ha a ka a bolella batho ba Athene hore ba etsa ntho e fosahetseng. Leha ho le joalo, o ile a sebelisa seo ba se lumelang joang ho bua le bona ka litaba tse monate?

Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Pauluse?

2. Batho ba tla re mamela haeba re khetha mantsoe hantle pele re bua le bona, re bua le bona ka tlhompho ebile re khetha nako e nepahetseng ea ho bua le bona.

U ka Etsisa Pauluse Joang?

3. Khetha mantsoe hantle. Ka mohlala, ha u bua le motho ea sa tsebeng letho ka litaba tsa Bokreste, u ka ’na oa lokela ho fetola tsela eo u bitsang Bibele kapa Jesu ka eona.

4. U se ke oa potlakela ho lokisa motho ha a fositse. Mo fe monyetla oa hore a itlhalose. Haeba a bua ntho e sa lumellaneng le Bibele, u se ke oa ngangisana le eena. (Jak. 1:19) Ha u mo mamela, u tla utloisisa hore na o lumela eng le hore na ke hobane’ng ha a lumela ntho eo.—Liprov. 20:5.

5. Bua ka lintho tseo le lumellanang ka tsona u be u mo babatse. Ho ka etsahala hore o lumela hore bolumeli ba hae ke bona bo nepahetseng. Kahoo, ha u qoqa le eena, u bue ka lintho tseo le lumellanang ka tsona. Lintho tse ling u tla mo ruta tsona hanyane hanyane ha nako e ntse e-ea.

U KA BOELA OA SHEBA

Liprov. 25:15; 2 Tim. 2:23-26; 1 Pet. 3:15

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela