Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lmd thuto 4
  • Ikokobetse

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ikokobetse
  • Rata Batho u ba Etse Barutuoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pauluse o Ile a Etsa’ng?
  • Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Pauluse?
  • U ka Etsisa Pauluse Joang?
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Apara Boikokobetso?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Jehova o Rata Bahlanka ba Hae ba Ikokobelitseng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Mehlala eo re ka e Etsisang ea Boikokobetso
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Hlaolela Boikokobetso ba Sebele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Rata Batho u ba Etse Barutuoa
lmd thuto 4

HA U QALA MOQOQO

Moapostola Pauluse o tlanngoe ka liketane ’me o bua le Morena Agripa, ’Musisi Festase le Bernise ka tlhompho.

Lik. 26:2, 3

THUTO EA 4

Ikokobetse

Keletso ea Bibele: “Le ikokobetse ’me le nke ba bang e le ba bohlokoa ho le feta.”—Bafil. 2:3.

Pauluse o Ile a Etsa’ng?

Moapostola Pauluse o tlanngoe ka liketane ’me o bua le Morena Agripa, ’Musisi Festase le Bernise ka tlhompho.

VIDEO: Pauluse o Bua le Morena Agripa

1. Shebella VIDEO kapa u bale Liketso 26:2, 3 ebe u araba lipotso tse latelang:

  1. Pauluse o ile a bontša joang hore o ikokobelitse ha a ne a bua le Morena Agripa?

  2. Pauluse o ile a bontša joang hore o tšepa Jehova le hore lintho tseo a li buang ha li tsoe ho eena empa li tsoa ka Mangolong?—Sheba Liketso 26:22.

Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Pauluse?

2. Batho ba tla thabela molaetsa oa rona haeba re ikokobelitse re bile re bua le bona ka tlhompho.

U ka Etsisa Pauluse Joang?

3. Hlompha motho eo u buang le eena. Qoba ho etsa hore motho eo u buang le eena a ikutloe eka ha a tsebe letho. Bua le eena ka tlhompho.

4. Etsa bonnete ba hore u sebelisa Bibele ha u qoqa le motho. Lentsoe la Molimo le ka fetola tsela eo motho a nahanang le ho etsa lintho ka eona. Ha re balla batho Bibele, re ba thusa hore ba tšepe Lentsoe la Molimo eseng lintho tseo re li buang.

5. Lula u khobile matšoafo. Haeba uena le motho eo u buang le eena le sa lumellane ka taba e itseng, u se ke oa ngangisana le eena kapa oa batla ho mo bontša hore ke uena ea nepileng. Ho e-na le hoo, bontša boikokobetso ’me u itsamaele. (Liprov. 17:14; Tite 3:2) Ha u bua le eena ka bonolo, u tla etsa hore le nakong e tlang a lumele ho qoqa le rona.

U KA BOELA OA SHEBA

Bar. 12:16-18; 1 Bakor. 8:1; 2 Bakor. 3:5

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela