Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lmd thuto 8
  • E-ba le Mamello

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E-ba le Mamello
  • Rata Batho u ba Etse Barutuoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o Ile a Etsa’ng?
  • Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Jesu?
  • U ka Etsisa Jesu Joang?
  • Lula u E-na le Mamello
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rōna Boboleling​—⁠Re Sebelisa Livideo ha re Ruta
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2016
  • E-ba Motho oa Batho
    Rata Batho u ba Etse Barutuoa
  • Khothalla ho Khutlela ho Batho
    Rata Batho u ba Etse Barutuoa
Bala Tse Ling
Rata Batho u ba Etse Barutuoa
lmd thuto 8

KHUTLELA HO BATHO

Jesu o fihla ho ngoan’abo Jakobo moo a sebetsang ka lepolanka ’me Jakobo o makaletse ho mo bona.

Joh. 7:3-5; 1 Bakor. 15:3, 4, 7

THUTO EA 8

E-ba le Mamello

Keletso ea Bibele: “Motho ea lerato o na le mamello.”—1 Bakor. 13:4.

Jesu o Ile a Etsa’ng?

Jesu o fihla ho ngoan’abo Jakobo moo a sebetsang ka lepolanka ’me Jakobo o makaletse ho mo bona.

VIDEO: Jesu o Bontša Mamello ha a Thusa Bara Babo

1. Shebella VIDEO kapa u bale Johanne 7:3-5 le 1 Bakorinthe 15:3, 4, 7 ebe u araba lipotso tse latelang:

  1. Qalong bara ba bo Jesu ba ne ba ikutloa joang ka molaetsa oa hae?

  2. Ke’ng e bontšang hore Jesu o ile a tsoela pele a leka ho thusa ngoan’abo e leng Jakobo?

Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Jesu?

2. Re lokela ho ba le mamello hobane batho ba bang ba nka nako e telele ho amohela litaba tse monate tsa ’Muso oa Molimo.

U ka Etsisa Jesu Joang?

3. Leka mokhoa o fapaneng. Haeba motho a sa amohele thuto ea Bibele hang-hang, u se ke oa mo qobella. Haeba ho khoneha, mo bontše video kapa sehlooho se tla mo thusa ho utloisisa hore na ho etsahala’ng thutong ea Bibele le hore na e ka mo tsoela molemo joang.

4. U se ke oa bapisa batho. Batho ha ba tšoane. Haeba setho sa lelapa kapa motho eo u ntseng u mo etela a tšaba ho amohela thuto ea Bibele, leka ho utloisisa hore na ebe ke hobane’ng. Na ho na le bolumeli boo a bo nkang e le ba bohlokoa? Na ba lelapa labo kapa baahisani ba a mo hanyetsa? Mo fe nako ea ho nahanisisa ka seo a ithutileng sona Bibeleng le ho bona kamoo se ka mo tsoelang molemo kateng bophelong.

5. Rapella motho ea bontšitseng thahasello. Kopa Jehova hore a u thuse ’me u se ke oa lahla tšepo. Mo kope hore a u thuse ho bona ha motho a sa thahaselle e le hore u ka emisa ho mo etela.—1 Bakor. 9:26.

U KA BOELA OA SHEBA

Mar. 4:26-28; 1 Bakor. 3:5-9; 2 Pet. 3:9

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela