Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lmd thuto 7
  • Khothalla ho Khutlela ho Batho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khothalla ho Khutlela ho Batho
  • Rata Batho u ba Etse Barutuoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pauluse o Ile a Etsa’ng?
  • Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Pauluse?
  • U ka Etsisa Pauluse Joang?
  • Ikokobetse
    Rata Batho u ba Etse Barutuoa
  • E-ba Motho oa Batho
    Rata Batho u ba Etse Barutuoa
  • E-ba le Mamello
    Rata Batho u ba Etse Barutuoa
  • Re Lokela ho Khutlela ho Batho ba Thahasellang ka Mor’a Nako e Kae?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
Bala Tse Ling
Rata Batho u ba Etse Barutuoa
lmd thuto 7

KHUTLELA HO BATHO

Moapostola Pauluse o bolella sehlopha sa batho litaba tse monate holong ea sekolo.

Lik. 19:8-10

THUTO EA 7

Khothalla ho Khutlela ho Batho

Keletso ea Bibele: “Ba ’na . . . ba ruta le ho bolella batho litaba tse monate.”—Lik. 5:42.

Pauluse o Ile a Etsa’ng?

Moapostola Pauluse o bolella sehlopha sa batho litaba tse monate holong ea sekolo.

VIDEO: Pauluse o ne a Khothaletse Batho ba Efese

1. Shebella VIDEO kapa u bale Liketso 19:8-10 ebe u araba lipotso tse latelang:

  1. Ho e-na le ho nyahamisoa ke batho ba neng ba mo hanyetsa, Pauluse o ile a khothalla ho thusa batho ba neng ba thabela molaetsa joang?

  2. Pauluse o ile a khutlela ho batho bao ka makhetlo a makae, hona o ile a etsa joalo ka nako e kae?

Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Pauluse?

2. E le hore re tle re atlehe ha re etsa maeto a ho boela le hore re be le lithuto tsa Bibele, re lokela ho ipha nako le ho etsa boiteko.

U ka Etsisa Pauluse Joang?

3. Khutlela ho motho ka nako eo a fumanehang ka eona. Ipotse: ‘Ke nako efe e loketseng ea hore ke bue le eena hape, hona nka bua le eena hokae? Ke neng moo a ka bang le nako ea ho qoqa le ’na?’ Ikemisetse ho khutlela ho motho eo le haeba e le ka nako eo uena u nang le mabaka.

4. Mo botse hore na le ka kopana neng hape. Nako le nako ha le qeta ho qoqa, mo botse hore na le tla kopana ka nako mang nakong e tlang. Etsa bonnete ba hore u tšepahalla nako eo le e behileng.

5. U se ke oa nyahama. Haeba motho eo u khutlelang ho eena a lula a le sieo hae kapa a lula a phathahane, u se ke oa potlakela ho nahana hore ha a sa thabela molaetsa oa Bibele. (1 Bakor. 13:4, 7) Leka ka hohle ho fumana motho eo. Leha ho le joalo, u etse bonnete ba hore u sebelisa nako ea hao hantle.—1 Bakor. 9:26.

U KA BOELA OA SHEBA

Lik. 10:42; 1 Bakor. 9:22, 23; 2 Bakor. 4:1; Bagal. 6:9

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela