Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • lmd thuto 11
  • Ruta ka Tsela e Bonolo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ruta ka Tsela e Bonolo
  • Rata Batho u ba Etse Barutuoa
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o Ile a Etsa’ng?
  • Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Jesu?
  • U ka Etsisa Jesu Joang?
  • Thusa Batho Bao U Ithutang Bibele le Bona Hore ba Kolobetsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
  • U ka Sebelisa Buka ea “U ka Thaba ka ho sa Feleng!” Joang ha u Ruta Batho Bibele?
    Rata Batho u ba Etse Barutuoa
  • Ela Hloko ‘Tsebo ea Hao ea ho Ruta’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Finyella Pelo ea Seithuti sa Hao sa Bibele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Rata Batho u ba Etse Barutuoa
lmd thuto 11

HA U ETSA BARUTUOA

Jesu o ntse a ruta batho ba bangata moo ho nang le lipalesa ’me linonyana li feta holim’a bona.

Mat. 6:25-27

THUTO EA 11

Ruta ka Tsela e Bonolo

Keletso ea Bibele: ‘Le bue puo e utloisisoang habonolo.’—1 Bakor. 14:9.

Jesu o Ile a Etsa’ng?

Jesu o ntse a ruta batho ba bangata moo ho nang le lipalesa ’me linonyana li feta holim’a bona.

VIDEO: Jesu o Bontša Kamoo Ntate oa Rona a re Tsotellang Kateng

1. Shebella VIDEO kapa u bale Matheu 6:25-27 ebe u araba lipotso tse latelang:

  1. Jesu o bontšitse joang hore Jehova oa re tsotella?

  2. Le hoja Jesu a ne a tseba lintho tse ngata ka linonyana, o ile a bua ka ntho efe e bonolo papisong ea hae? Ke hobane’ng ha tsela eo e ne e le e atlehang ea ho ruta?

Re ka Ithuta’ng Mohlaleng oa Jesu?

2. Ha re ruta ka tsela e bonolo, batho ba tla hopola lintho tseo re ba rutileng tsona ba be ba li sebelise bophelong ba bona.

U ka Etsisa Jesu Joang?

3. U se ke oa bua haholo. Ho e-na le ho bua lintho tsohle tseo u li tsebang ka taba e itseng, bua lintlha tse hlahang sehloohong seo le ntseng le ithuta sona feela. Ka mor’a ho botsa potso, e-ba le mamello ea hore motho eo u ithutang le eena a iphumanele karabo. Haeba a thatafalloa ke ho fumana karabo kapa a bua lintho tse sa lumellaneng le seo Bibele e se rutang, mo tataise ka lipotso tse eketsehileng e le hore a utloisise. Hang ha a utloisisa ntlha ea sehlooho, fetela lintlheng tse latelang.

4. Thusa motho eo u ithutang le eena ho utloisisa hore na lintho tse ncha tseo a ithutang tsona li amana joang le tseo a seng a ithutile tsona. Ka mohlala, pele le qala khaolo e buang ka tsoho, ha khutšoanyane feela, le ka ikhopotsa seo le ithutileng sona ka boemo ba bafu.

5. Sebelisa mehlala ka bohlale. Pele u etsa mohlala, ipotse:

  1. ‘Na mohlala oo o bonolo?’

  2. ‘Na motho eo ke ithutang le eena o tla o utloisisa habonolo?’

  3. ‘Na mohlala oo o tla mo thusa ho hopola lintlha tsa bohlokoa eseng mohlala feela?’

U KA BOELA OA SHEBA

Mat. 11:25; Joh. 16:12; 1 Bakor. 2:1

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela