Lipotso Tse Tsoang ho Babali
◼ Haeba ngoana oa moholo oa phutheho a le molato oa phoso e tebileng, na ketso eo e etsa hore ho iketsahalle hore ntat’ae a se tšoanelehe boholong?
‘Ha ho iketsahalle feela hore moena a se tšoanelehe boholo haeba mora oa hae e monyenyane kapa morali a ameha bothateng bo itseng bo tebileng. Mabaka ’ohle a amehang a lokela ho hlahlojoa ho lekanya haeba a tšoaneleha kapa che.
Tite 1:6 e bolela hore moholo e tlameha ho ba “ea se nang sekoli,” “ea nang le bana ba lumelang, ba sa nyatsuoeng hore ke lihlola, kapa ba sa utloeng.” (Bapisa 1 Timothea 3:4.) Lipaki tsa Jehova li khomarela tekanyetso eo.
Tabeng ena, Molula-Qhooa oa la 15 TIhakola 1984, o bontšitse hore moholo o lokela ho leka-lekanya lintho ha a hlokomela litlhoko tsa boikutlo tsa lelapa la hae, mosali oa hae le bana, haeba a na le bona. Haeba monna a hlokomoloha tsena ho ka hlaha liphello tse kotsi. Haeba litlhoko tsa ngoana tsa moea bakeng sa taeo li sa hlokomeloe, a ka ’na a hlōleha ho hōla moeeng ’me a ka ameha phosong e tebileng. Sena se tla etsa hore ntat’ae a se tšoanelehe ho sebeletsa ka phuthehong e le moholo ea khethiloeng ka baka la ho se natse karolo ena, joalokaha 1 Timothea 3:5 e bolela: “Hobane motho ha a sa tsebe ho busa ntlo ea hae, a ka lisa kereke ea Molimo joang?”
Puisano e lelefalitsoeng ea taba ena e fumanoa leqepheng 23 la Molula-Qhooa oa la 15 Phato, 1978. E bontša lebaka leo likarolo tsohle tse amehang li lokelang ho hlahlojoa ka lona. Ka mohlala, moholo e mong, o ithuta le bana ba hae ba bahlano kamehla, o kopanela le bona boikhathollong, o tsamaea le bona libokeng tsa Bokreste ’me ka litsela tsohle o leka ho phethahatsa boikarabelo ba hae e le ntate oa Mokreste. Bana ba bane ba atleha hantle thutong, empa mora a le mong o ne a khathatsa kamehla, hamorao a inehela sebeng. Ketso eo e ke ke ea etsa hore ntat’ae a se tšoanelehe e le moholo haeba phutheho e sa ntse e mo hlompha.
Ho ka etsahala hore phutheho e tseba hore moena o entse sohle se neng se le matleng a hae e le ntate oa Mokreste mabapi le ho hlokomela lelapa la hae, e bang o na le ngoana a le mong kapa ba bangata. Ka hona haeba ngoana a tsoa tseleng, ho ka etsahala hore ba se nke hore ntat’ae ke eena ea phoso. Ba ka ’na ba utloisisa hore ho kheloha ha Judase Iskariota le lengeloi le ileng la fetoha Satane e ne e se molato oa Jesu kapa Jehova. Ke habohlokoa hore moena ea sebeletsang e le moholo a tsoele pele a hlomphuoa ke phutheho e le hore bohle ba ka amohela keletso e hlahang ka Bibeleng ha ba hlokomela metsamao ea hae, hore ba e etsise.—Ba-Heberu 13:7.
◼ Bibele e bolela hore Samsone a harola tau “joale ka ha ho haroloa potsanyane.” Na taba eo e bolela hore ho ne ho tloaelehile morao koo hore batho ba harole lipotsanyane?
Che, tlhaloso ena e ne e le papiso. E bontša hore Samsone o hlōtse tau a sa tšoara letho habonolo joalokaha e ka ke potsanyane e se nang tšireletso.
Samsone, ea neng a sebeletsa e le moahloli Iseraeleng, a theohela Thimna “a batla sebaka sa ho loantša ba-Filista.” Ha a le tseleng, a teana le tau e purumang, taoana e matla e neng e batla ho mo hlasela. Tlaleho e re bolella hore moea o sebetsang oa Molimo oa tlela Samsone “a harola tau, joale ka ha ho haroloa potsanyane, a sa tšoara letho matsohong a hae.”—Baahloli 14:4-6.
Tlaleho ea Bibele e re bolella ka banna ba bang ba babeli ba ileng ba bolaea litau, empa ke Samsone feela eo ho boleloang hore o ile a etsa sena a sa tšoara letho matsohong. (1 Samuele 17:36; 2 Samuele 23:20) Ho feta moo, ‘a e harola.’ Haeba hlaloso e bontša hore o ile a harola mehlahare e thata ea tau eo, hoa utloahala hore Baiseraele ba bang ba nang le matla a lekaneng ba ne ba ka harola potsanyane ka tsela e tšoanang.
Empa ha ho na bopaki ba hore ba entse ntho e joalo, leha e le hore ho ne ho na le lebaka la hore ba leke ho etsa joalo. Ka lehlakoreng le leng, haeba Samsone a tsebile ho harola ‘litho’ tsa tau, hoa utloahala hore hlaloso ka potsanyane eo e ne e le papiso. Taba ke hore moea oa Molimo o ile oa neha Samsone matla a maholo. Ka matla a joalo, tau e bohale e ne e se letho ho Samsone joalokaha potsanyane e se nang matla e se letho ho motho feela ea tloaelehileng.
Setopo sa tau eo se ile sa sebelisoa hamorao selothong, ho bontša karolo e ’ngoe ea matla ao Molimo o ileng oa a nea Samsone, eo nakong eo a bolaileng lira tse 30.—Baahloli 14:8-19.