Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 10/15 maq. 3-4
  • Khotso le Tšireletseho—Lia Hlokahala

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Khotso le Tšireletseho—Lia Hlokahala
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bibele e Re’ng ka Ntoa ea Nuclear?
    Lihlooho Tse Ling
  • Ke Mang ea ka Tlisang Khotso ea ka ho sa Feleng?
    Tsoha!—1996
  • Ntoa ea Nyutlelie—Tšokelo e Etsoa ke Bo-mang?
    Tsoha!—2004
  • “Ntoa e Tla Felisa Lintoa Tsohle”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 10/15 maq. 3-4

Khotso le Tšireletseho—Lia Hlokahala

“Ntoa lekholong la mashome a mabeli la lilemo ea e-ba sehlōhō haholo, ea e-ba le tšenyo e fetelletseng, ea e-ba mpe haholo ka mahlakore ’ohle. . . . Libomo tse ileng tsa liheloa Hiroshima le Nagasaki tsa qeta ntoa. Tsa bontša ka ho pepeneneng hore ntoa e ’ngoe ha e hlokahale ho hang. Ena ke thuto eo motho le baetapele libakeng tsohle ba lokelang ho ithuta eona, ’me ke lumela hore ha feela ba ithuta eona ba tla fumana tsela e isang khotsong e sa feleng. Ha ho khetho e ’ngoe.”—Henry L. Stimson, “Qeto ea ho Sebelisa Bomo ea Atomiki,” makasine Harper’s, Tlhakola 1947.

MONGHALI Stimson, mongoli oa U.S. oa litaba tsa ntoa ho tloha ka 1940-45, o buile mantsoe a ka holimo selemo kamor’a hore ho hlonngoe mokhatlo oa Machaba a Kopaneng. Na motho o iphumanetse molemo “thutong” eo kamor’a lilemo tse 40? Na Machaba a Kopaneng a entse hore u tsebe ho thabela bophelo ba “khotso e sa feleng”? Ak’u talime tšenyehelo eo batho ba ileng ba e lefa bakeng sa ntoa le bakeng sa litokisetso tsa ntoa ho tloha ka Ntoa ea II ea Lefatše.

TŠENYEHELO EA BOPHELO: Ha e sa le ho tloha Ntoeng ea II ea Lefatše, tšenyehelo ea lintoa bophelong ba batho ebile efe, ha e le mona Machaba a Kopaneng a leka ho tlisa khotso? “Ho tloha Ntoeng ea II ea Lefatše, ho bile le lintoa tse khōlō tse 105 tse ileng tsa loanoa linaheng tse 66 (ha e-shoa batho ba 1 000 kapa ba ka holimo ho bao ka selemo). . . . Lintoa ho tloha ka 1945 li bolaile batho ba limillione tse 16, ’me ha e-shoa baahi ba bangata ho feta masole. (Palo ea baahi ba sa loaneng ba shoeleng ha e-ea fella; ha ho litlaleho tsa ’muso tse bolokiloeng bakeng sa lintoa tse khōlō tse loannoeng.)”—World Military and Social Expenditures 1983, ka Ruth Sivard.

Bonneteng khotso le tšireletseho li phonyoha batho—lintoa li se li atile. Sivard oa hlalosa: “Ka bo-1950 ho ne ho loanoa lintoa tse robong ka kakaretso; ka bo-1960, tse 11; ’me ka bo-1970 . . . tse 14 ka selemo.”

TŠENYEHELO KELELLONG: Ho tloha nakong ea ho liheloa ha seqhomane Hiroshima, batho ba ’nile ba phela ka tšabo ea ntoa ea nuclear, Libetsa tsa nuclear tse neng li le teng ka 1945 li eketsehile, ka 1983 ho ne ho e-na le tse 50 000 lefatšeng lohle. ’Me ho sa ntse ho etsoa tse eketsehileng! Ho totobetse hore ha libetsa tsa nuclear li eketseha le lichaba tse nang le tsona li eketseha, kotsi ea ntoa ea nuclear e ba khōlō. Empa, liphello tsa kelello tšabong ea ntoa ea nuclear e bile life?

Buka Preparing for Nuclear War—The Psychological Effects ea araba: “Phello ea ho phela seriting sa lihlomo tsa nuclear, boikutlong ba bana le batho ba baholo e hloka tlhahlobo e potlakileng le e ekelitsoeng . . . Mona re bona tšenyehelo e khōlō le e tsoelang pele mekhatlong ea rōna, ’me e tsosa khahleho e khōlō ha meloko e ntse e hōla. Sena se ama litebello tsa ngoana joang?”

Bacha ka ho khethehileng ba ikutloa ba sa sireletseha bakeng sa nako e tlang. Phuputso ea morao tjena baneng ba kenang sekolo ba Australia ba pakeng tsa lilemo tse 10 le 12 e hlahisitse litlhaloso tsena: “Ha ke hōla ke nahana hore ho tla ba le ntoa ’me e mong le e mong Australia o tla shoa.” “Lefatše le tla senyeha—ho tla ba le litopo tsa batho hohle, ’me USA e tla hlakoloa lefatšeng.” Bana ha fetang karolo ea 70 lekholong “ba boletse hore ntoa ea nuclear ho ka etsahala hore e teng.” Bafuputsi ba sechaba ba tšoha hore ho hloka tšireletseho ka bokamoso mohlomong ho ikarabella ka boikutlo ba bacha ba bangata ba ho phelela kajeno feela, le ho phehella boithabiso.

TŠENYEHELO MORUONG: Pele ho bohare ba lilemo tsa bo-1930, litšenyehelo tsa sesole tsa lefatše e ne e le lidolara tse libillione tse 4,5 ka selemo. Empa ka 1982 palo ea fihla ho lidolara tse libillione tse 660. Palo e ntse e hōla. Ho u thusa hore u bone kamoo tšenyehelo ena e phahameng kateng, World Military and Social Expenditures 1983 ea hlalosa: “Ka motsotso o mong le o mong bana ba 30 ba shoa ka baka la tlala le ka ho haella ha moento o sa hlokeng chelete e ngata empa ka motsotso o mong le o mong chelete e lefelloang sesole lefatšeng lohle e nka lidolara tse limillione tse 1,3 tsa chelete eohle ea sechaba.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Palo e se e fihla ho lidolara tse limillione tse peli ka motsotso o mong le o mong, lilemong tse ka holimo ho tse peli feela.

Ha re hlokomela kamoo tšenyehelo ea bophelo bakeng sa ntoa le tokisetso ea eona e phahameng kateng, ’nete e totobalang ke ena: Motho, ka matla a hae, a ke ke a fumana “tsela ea khotso e sa feleng.” Leha ho le joalo, ipotse: Na ho na le tsela e isang khotsong le tšireletsehong ea lefatše nakong ea bophelo ba rōna? E ka tsoa mohloling ofe? Na re lokela ho talima Machaba a Kopaneng? Haeba ho se joalo, khotso le tšireletseho li tla finyelloa joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela