Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 4/1 maq. 2-4
  • “Ntoa e Tla Felisa Lintoa Tsohle”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ntoa e Tla Felisa Lintoa Tsohle”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bibele e Re’ng ka Ntoa ea Nuclear?
    Lihlooho Tse Ling
  • Khotso le Tšireletseho—Lia Hlokahala
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ntoa e Tla Felisa Lintoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ntoa ea Nyutlelie—Na e Ntse e le Tšokelo?
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 4/1 maq. 2-4

“Ntoa e Tla Felisa Lintoa Tsohle”

‘Kea le tšepisa hore ntoa ena e tla ba ea makhaola-khang—ke ntoa e tla felisa lintoa tsohle.’—WOODROW WILSON, MOPRESIDENTE OA UNITED STATES (1913-21).

KE SEO moeta-pele eo a neng a tšepile hore se tla etsahala ha Ntoa ea I ea Lefatše e lala, lilemong tse ka bang 90 tse fetileng. Ntoa eo ea lefatše e ne e tšabeha hoo lichaba tse hlōtseng li neng li batla ho lumela ’me li tlameha ho lumela hore le hoja li lahlehetsoe haholo, li ne li tla fumana melemo ea nako e telele. Empa ke ka seoelo lintoa li rarollang mathata, re se re sa re letho ka ho rarolla bothata ba ntoa bo itsetsepetseng.

Hoo e ka bang lilemo tse 20 ka mor’a hore Mopresidente Wilson a potlakele ho etsa tšepiso eo, ho ile ha qhoma ntoa ea bobeli ea lefatše. E ile ea bolaea batho ba bangata ’me ea baka tšenyo e fetang e bakiloeng ke ntoa ea pele ea lefatše. Theknoloji e ncha e ileng ea qaptjoa pakeng tsa ntoa ea pele le ea bobeli ea lefatše e ile ea etsa hore ho be bonolo haholoanyane hore batho ba bolaeane larita. Ha ntoa ea bobeli ea lefatše e lala, baeta-pele ba lefatše ba ile ba hlokomela hore tšokelo ea ntoa e ne e le khōlō ho feta leha e le neng pele.

Ka 1945, Molaoli oa United States ea bitsoang Douglas MacArthur o ile a re: “Ona e ne e le monyetla oa ho qetela oa ho felisa lintoa. Haeba re sa lohe leano le molemonyana, ho tla qhoma Armagedone.”

Molaoli enoa o ne a tseba tšenyo eo libomo tse peli tsa athomo li neng li e bakile Nagasaki le Hiroshima ho ea qetellong ea ntoa ea bobeli ea lefatše. Tšenyo e tšabehang e ileng ea bakoa metseng eo e ’meli ea Japane e ile ea mo susumelletsa hore a hlalose “Armagedone” ka tsela e ncha, e le ntoa ea khohola-koqo ea nyutlelie e ka felisang lichaba tsohle lefatšeng.

Batho ba sa ntse ba tšoenyehile ka hore ho ka ’na ha e-ba le koluoa ea nyutlelie. Lilemong tsa bo-1960, mebuso e matla ea lefatše e ile ea qapa leano la “ho ikatela bakeng sa tlhaselo.” Morero oa eona e ne e le ho ba le limisaele tse lekaneng kapa mechine e li tsoibilang tse ka timetsang karolo ea 25 lekholong ea baahi ba lireng le ho thefula karolo ea 50 lekholong ea liindasteri—ho sa tsotellehe hore na ntoa e qhololitsoe ke mang. Batho ba bangata ba ne ba sa tšepe leano lena la ho boloka khotso lefatšeng.

Kajeno, palo ea libetsa tsa nyutlelie e ntse e eketseha ’me lintoa li sa ntse li bolaea batho ba bangata libakeng tse itseng. Batho ba sa ntse ba tjametsoe ke tšokelo ea ntoa ea nyutlelie. Le hoja batho ba labalabela ho bona ntoa e fela, ba bangata ha ba lumele hore e ka felisoa ke ntoa kapa leano leha e le lefe le leng.

Leha ho le joalo, Bibele e bua ka ntoa e khethehileng e tla felisa lintoa tsohle. E re ntoa ena ke ea “Armagedone”—e leng lentsoe leo hangata batho ba le amahanyang le koluoa ea nyutlelie. Ha e le hantle Armagedone e ka felisa ntoa joang? Potso ena e tla arajoa sehloohong se latelang.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 2]

NASA/​The Visible Earth (http://​visibleearth.nasa.gov/)

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 3]

DTRA Photo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]

Nagasaki, Japan, 1945: USAF photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela